Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mokhathala Oa Barapeli Oa Hlokomeleha

    Meso ea letsatsi la ho qetela la mokete e fihletse batho ba khathetse ke ho keteka nako e telele. Hang-hang Jesu A phahamisa lentsoe la Hae A re, “Ha motho a nyoriloe, a tie ho ‘na, a noe. Ea lumelang ho ‘na, joalokaha Mangolo a boletse, linōka tsa metsi a kollang li tla phalla li e-tsoa ka ho eena.” Batho ba ne ba ‘nile ba nkeha ke pono ena e ntseng a tsoella ea bokhabane bo boholo le keteko, mahlo a bona a hapeha ke leseli le mebala, le tsèbè tsa bona li thabisitsoe ke ‘mino o monate-nate; empa ho ne ho se letho le khotsofatsang litlhoko tsa moea, ho se letho le ka timang lenyora la moea.EN 307.1

    Hoseng hono moprista o ne a ile a tsoa ho ea phetha tšebeletso e neng e hopotsa ho otloa ha lefika lefeelleng. Lefika leo le ne le tšoantša Eo ka lefu la Hae A ka tlang ho etsa hore metsi a kollelle poloko. Eaba hona moo pontšeng ea bongata Kreste O ipea kathōko ho otloa, e le hore metsi a bophelo a phallele lefatseng. Ha Jesu A bua, lipelo tsa bona tsa kenoa ke tšabo esele. Ba bangata ba lokela ho hōoa sa mosali oa Samaria ba re, “Ak’u mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyoroa.” Johanne 4:15.EN 307.2

    Ba bangata ba mametseng Jesu e ne e le balli ba kileng ba soabisoa, ho le teng ba nang le tse ba hlabileng tse patiloeng, kapa ba batla ho kholisa takatso tse tjolomisang tsa bona ka lintho tsa lefatše; ‘me har’a thabo e neng e le moo ba nee ba ba hlorile, ba sa khotsofala. Mohōo oo o neng o re, “Ha motho a nyoriloe,” oa ba tšosa, ‘me eare ha ba utloa mantsoe a latelang, kelello tsa bona tsa hotetsoa ka tšepo e ncha. Ba bona pontšong e ka pele ho bona neo ea bohlokoa e leng mpho ea poloko.EN 307.3

    Mohōo oa Kreste ho moea o nyoriloeng o ntse o tsoela pele le joale, ‘me o ipiletsa ho rōna ka matla a maholo ho fetisa a ba o utloileng ka tempeleng, tsatsing la ho qetela la mokete. O re, “Ea nyoriloeng a ke a tle; ea ratang a ke a noe metsi a bophelo, a fanoang feela.” Tšenolo 22:17 EN 307.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents