Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 54—MOSAMARIA EA MOLEMO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Luka 10:25-37.]

    Ha Kreste A ntse A ruta batho, “ha ema Setsebi se seng sa Molao, ‘me ka ho leka Jesu, sa re: ‘Moruti, eka khona ke etse’ng hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”‘ Baprista le baruti ba ne ba tšepile hore ba ka tšoasa Kreste, ka hore Setsebi sa molao se ‘motse potso ena. Empa, Mopholosi A se ke A etsa khang. A re ho eena, “Ho ngotsoe’ng Molaong? U o bala joang?” Potso eo ea topollo, A e fetolela polokong ea molao oa Molimo.EN 336.1

    Setsebi sa molao, sa re, “U tla rata Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ‘ohle, le ka maikutlo a hao ‘ohle, ‘me u rate oa heno joalokaha u ithata.” Jesu A re, ho eena, “U arabile hantle. Etsa hoo, ‘me u tla phela.”EN 336.2

    Setsebi sa molao se ne se bala Mangolo a halalelang ho ithuta bo‘nete ba oona. Karabong ea hae malebana le se hlokoang ke molao, ha a hlahisa letho la bohlokoa ka melao ea mekete le meetlo, empa a hlahisa melao e ‘meli e meholo, eo ho eona ho itšetlehileng molao oohle le boporofeta. Karabo ena, hoba Kreste A e amohele e nepahetse, ea beha Mopholosi mocheng o motle ho baruti.EN 336.3

    “Etsa hoo, ‘me u tla phela,” ho rialo Jesu. A bontša molao e le kopano e halalelang. Ha ho bobebe ho bōlōka molao o le mong, ‘me o robe e mong, hobane mothèo o e akaretsang oa tšoana. Lerato le leholo ho Molimo le ho rata batho ho se khethollo, ke eona melao e tšoanelang ho sebeletsoa bophelong.EN 336.4

    Setsebi sa molao se ile sa ahlōloa ke mantsoe a Kreste a batlisisang. O ne a se bontša lerato ho batho ba bang. Empa sebakeng sa hore a bake, a leka ho ipea ea lōkileng, a re ho Jesu, “Oa heso ke mang?”EN 336.5

    Ho Bajuda potso ena e ne e baka likhang tse sa feleng. Bahedene le Basamaria e ne e le batho feela ‘me e le lira, empa tlhalohanyo ene e ka etsoa joang ka har’a batho ba sechaba sa habo bona ba maemo a fapaneng? Na ba ne ba tšoanetse ho nka batho bao ba bangata ba sa rutehang ba bohlasoa, ba “sa hloekang’” e le ba habo bona?EN 337.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents