Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Leleka Lefifi Ka Ho Amohela Leseli

    Jesu ha A ka A nyatsa khethollo ea bao ba neng ba laletse ho Mo tsoa. Empa ka pale e bonolo, O ile A hlahisa setšoantšo sa lerato le khaphatsehang, le tsoang leholimong, le ileng la ama lipelo tsa bohle, ‘me la etsa hore Setsebi sa Molao se pake hoo e leng ‘nete. Mokhoa o nepahetseng oa ho hlaola phoso, ke ho hlahisa hoo e leng ‘nete. Jesu A bua A re, “Motho e mong o na theoa Jerusalema a e-ea Jeriko, ‘me a oela har’a linokoane tse ileng tsa mo hlobolisa, tsa mo khakhatha, tsa mo siea a le makhatheng a ho shoa. Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, ‘me ha a ‘mona a mo koekoetla. Ka mokhoa oona oo le Molevi a fihla sebakeng seo, ha a ‘mona a mo koekoetla.” Hona e ne e le ketsahalo e etsahetseng, e neng e tsebahala hore e joalokaha e boleloa. Moruti le Molevi ba ne ba le teng mokhoping o neng o mametse mantsoe a Kreste.EN 337.2

    Ho tloha Jerusalema ho ea Jeriko, ho ne ho ena le tsela e fetang khohloaneng e mpe e mafika eneng e tletse linokoane, ha ngata ho ne ho hlaha likotsi moo. Motsamai enoa, o ile a hlaseloa sebakeng seo, ‘me a siuoa a le makhatheng a ho shoa. Moprista o ile a mo nyemotsa feela monna eo ea maqeba. Molevi o ne a tseba hantle seo a tšoanelang ho se etsa, empa a ipolella hore taba e joalo ha e mo ame ka letho.EN 337.3

    Banna bana bobeli e ne e le ba boemo bo khethehileng, e le baemeli ba Molimo ho batho. Ba ne ba tšoanetse ho “qenehela ba sa tsebeng le ba kheloihileng.” Baheberu 5:2.EN 337.4

    Mangeloi a leholimo a sheba matšoenyeho a lelapa la Molimo lefatšeng, ‘me a itukisilitse ho thusana le batho ho ba lopolla bokhobeng le matšoenyehong. Leholimo kaofela le ne le shebile ho bona hore na moprista le Molevi ba ne ba tla ba le kutloelo bohlōkō bathong ba kotsing na. Mopholosi O ile A laea Baheberu ha ba le lefelleng, ‘me O ne A rutile thuto e fapaneng ho hang le eo batho ba neng ba e amohela joale, e tsoa ho baprista, le baruti. Molaetsa o ne o fanoe ka Moshe oa hore Morena Molimo oa bona, “o ahlola khutsana le mohlolohali ka toka, o rata mojaki,” “ka baka leo, ratang bajaki.” “Le mo rate joalokaha le ithata.” Lipolelo 10:18,19; Meetlo 19:34.EN 337.5

    Empa, ka ha ba ne ba koetlisitsoe sekolong se nang le khethollo ea bochaba, moprista le Molevi ba ne ba ikhohomosa ebile ba khetholla. Ha ba sheba monna ea ntšitsoeng maqeba, ho ne ho le bonolo ho tseba hore na ke oa sechaba sa habo bona. Ba nahana hore mohlomong ke Mosamaria, ‘me ba mo koekoetla.EN 338.1

    Empa joale ha fihla Mosamaria moo monna ea hlōkōfalitsoeng a leng teng, ‘me a mo utloela bohlōkō. Mosamaria o ne a tseba hantle hore haeba maemo a tjena a ne a oetse Mosamaria e mong, moeti enoa oa Mojuda o ne a tla mo feta feela a sa tsotelle. Eena ka boeena, o ne a ka ‘na a ba kotsing ea ho hlaseloa ha a ka lieha ho feta sebakeng seo. Empa kapele ho eena, ho ne ho na le motho ea tsietsing, ‘me ea utloang bohlōkō, hona ho ne ho lekane hore a mo thuse. A hlobola seaparo sa hae a mo apesa sona. Ole le veine tseo a neng a li nketse leeto la hae, a li sebelisa ho folisa le ho thoba monna eo ea khakhathiloeng. A ‘meea peleseng ea hae, ‘me a e khanna butle e le hore moeti a se thonkhehe ‘me a se utloe bohlōkō. A mo isa tlung ea baeti, a mo hlokomela bosiu kaofela, ka tlhokomelo e babatsehang.EN 338.2

    Esale hoseng, Mosamaria pele a tsoela pele leetong la hae, a beha monna eo tlhokomelong ea mong’a ntlo, a ba a lefa litšenyeholo, a siea le chelete e behelelitseng hore monna eo a ‘ne a thusoe. ‘Me a se ke a khotsofala hore ho lekane, a lōkisetsa le bohloki bo ka tšoanang bo hlaha, ka ho re, “Ak’u mo oke, ‘me seo u ka se sebelisang kathōko ho sena, ke tla u buseletsa sona ha ke khutla.”EN 338.3

    Pale ea fela, ‘me Jesu A hlaba Setsebi sa molao ka mahlo, A re ho eena, “Ho ba bararo bao, u re eo e bileng oa habo motho ea ileng a oela har’a linokoane ke mang na?” Setsebi sa molao sa araba, sa re, “Ke ea ileng a mo etsetsa mohau.” Eaba, Jesu O re ho eena, “E-ea, u etse joalo le uena.”EN 338.4

    Potso ena, “oa heso ke mang?” e arabeletsoe mengoaha eohle. Oa habo rōna ke motho e mong le e mong ea hlokang thuso ea rōna, moea o mong le o mong o hlōkōfalitsoeng ke sera, le e mong le e mong eo e leng thepa ea Molimo.EN 338.5

    Paleng ea Mosamaria ea molemo, Jesu O fane ka setšoantšo sa Hae le mosebetsi oa Hae. Motho o ne a hlōkōfalitsoe, a utsoelitsoe, ‘me a siiloe a le makhatheng a lefu ke Satane. Eaba Mopholosi O siea khanya ea Hae ho tla re pholosa. A folisa maqeba a rōna. A re apesa ka seaparo sa Hae sa ho lōka. A re lōkisetsa tlhokomelo e phethahetseng, ka litšenyehelo tsa Hae. Ha A supa mohlala oa Hae, O re ho balateli ba Hae, “joalokaha ke le ratile, le lona le ratane.” Johanne 13:34.EN 339.1

    Mosamaria o ile a mamela litaelo tsa ho ba le pelo e bonolo, e mosa, ‘me ka hona a ipontša e le moetsi oa molao. Kreste A laela Setsebi sa molao, A re “E-ea, u etse joalo le uena!”EN 339.2

    Thuto ena e ntse e hlokahala le kajeno. Boikhabo le kamohelo tse seng mofuthu li timme mollo oa lerato, ‘me tsa tlosa mohau o natefisang semelo sa motho. Ba bangata ba ipolelang ka lebitso la Hae, ba lebala hore balateli ba Kreste ba tsoanetse ho emela Kreste. Ha re hloka boitelo boinehelo bo phethahetseng molemong oa ba bang, kae kapa kae moo re leng teng, ho sa tsotelleha hore na tšebetso ea rōna ke efe, ha re balateli ba Kreste.EN 339.3

    Kreste O re kōpa hore re be bang le Eena molemong oa ho pholosa botho. Jesu O re, “Le amohetse feela, fanang feela.” Matheu 10:8. Batho ba bangata ba etsa liphoso ‘me ba ikutloa ba soabile e le liphoqo. Ba lapetse khothatso. Ba shebane le liphoso tsa bona ho fihlela ba felloa ke tšepo. Haeba re Bakreste, ha re bona batho ba bang ba nyahame, ka baka la matšoenyeho, kapa ka baka la sebe, re se ke ra re, tsena ha li ame ‘na.EN 339.4

    Pale ea Mosamaria ea molemo le semelo sa Jesu li bontša bohlokoa ba ‘nete ba molao, le hore na ho boleloang ka ho rata oa heno joalokaha u ithata. ‘Me ha bana ba Molimo ba bontša lerato ho batho bohle, ba paka sebōpeho sa semelo sa molao oa leholimo. “Ha re ratana, Molimo o phela ka ho rōna, ‘me lerato la hae le phethehile ka ho rōna.” 1 Johanne 4:12.EN 339.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents