Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 56—LERATO LA JESU HO BANA

    [E itšetlehile ka Matheu 19:13-15; Mareka 10:13-16; Luka 18:15-17.]

    Jesu E ne E le moratuoa oa bana. O ne A amohela matšeliso a bona a bongoana ka lerato le phutholohileng. Lithōko tsa teboho tse tsoang melomong ea bona, li ne li khatholla moea oa Hae haholo ha A ne A utloisitsoe bohlōkō ke likamano tsa Hae le batho ba ikaketsang. Hohle moo A neng A ea teng, semelo sa Hae se mosa se ne se hapa maikutlo a bona.EN 343.1

    E ne e le tloaelo hore bana ba tlisoe ho moruti e le hore a ba behe matsoho a ba hlohonolofatse. Empa ha batsoali ba ba tlisa ho Jesu, barutuoa ba Hae ba ba thibela. Ba ne ba nahana hore bana bana ba banyenyane haholo hore ba ka fumana molemo ka ho tlisoa ho Jesu, ‘me ba qeta ka hore Jesu A ka se thabele ketso ena. Empa A se ke A thabisoa ke ketso eo ea barutuoa. Mopholosi O ne A utloisisa boima boo bo-’mè ba nang le bona koetlisong ea bana ba bona. Eena ka bo-Eena O ile A ba bitsetsa ho Eena.EN 343.2

    Bo-’mè ba se bakae ba bokana hammoho le bana ba bona, ba il’o hore Jesu A hlohonolofatse bana. Jesu A utloa kōpo eo ba e etsang ka letsoalo le likhapha, ‘me A hauha. Empa A lebella ho bona hore na barutuoa ba tla ba tšoara joang. Ha A bona ba leleka batsoali bao, A ba bontša phoso ea bona, ka ho re, “Lesang bana ba tie ho ‘na, le se ke la ba thibela, hobane ‘Muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.” A nka bana, A ba fa hlohonolofatso eo ba neng ba tlile ho e fumana.EN 343.3

    ‘Me batsoali ba ile ba matlafatsoa ke mantsoe a Kreste, ‘me ba khothaletsoa ho jara boikarabelo ba bona ka thabo e ncha. Batsoali ba kajeno ba tšoanetse ho amohela mantsoe a Hae ka tumelo e tšoanang. Kreste ke Mopholosi oa motho ka mong, ‘me ka ‘nete ke mothusi oa batsoali kajeno joalokaha A ile A nka bana mane Judea.EN 343.4

    Jesu O tseba mathata a ka pelong ea motsoali e mong le e mong. O ile A nka leeto le le telele ho ea thoba pelo ea mosali oa Mokanana. A tsosa bafung mora ea mong feela, oa mosali oa mohlolohali oa Naine, ‘me le mahlokong a Hae sefapanong O ile A hopola ‘mè oa Hae. Le kajeno O angoa ke mahlomola a batsoali. Bohlōkōng bohle le bohloking O tla fana ka matšeliso le thuso.EN 344.1

    Eena A ileng A re, “Lesang bana ba tle ho ‘na, le se ke la ba thibela,” O ntse A mema batsoali ho tlisa bana ho Eena ho tla hlohonolofatsoa. Esita le lesea le liatleng tsa ‘mè oa lona le ka lula tlas’a moriti oa ea Matla ‘ohle ka tumelo le thapelo ea motsoali. Johanne Mokolobetsi o ne a tletse Moea o Halalelang ho tloha tsoalong ea Hae. Ha re phela ka lipuisano le Molimo, le rōna re ka lebella Moea o Halalelang ho bopa bana ba rōna, esita le ho tloha bonyenyaneng ba bona.EN 344.2

    Jesu A elelloa hore ba bang ba bana ba tlisitsoeng ho Eena e tla ba ba-shoela-tumelo ka baka la lebitso la Hae. Bana bana ba ka Mo amohela e le Mopholosi oa bona kapele le ho feta kamoo batho ba baholo ba ka etsang kateng. Motlotlehi oa Leholimo A araba lipotso tsa bona ‘me A nolofatsa lithuto tsa Hae e le ho fihlela kutloisiso ea bona ea bongoana.EN 344.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents