Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Na Jesu O Na Batla Ntho E Thata?

    ‘Musi a utloisisa kapele seo mantsoe a Kreste a se bolelang, ‘me a soaba. E ne e le setho sa lekhotla le hlomphehang la Bajuda, ‘me Satane o ne a mo nonosa maemo a bonahalang a le matle a bokamoso. O ne a batla letlotlo la leholimo, empa hape o ne a batla ho fumana melemo eo maruo a hae a ka mo tlisetsang eona. O ne a laba-labela bophelo bo sa feleng, empa sehlabelo se ne se bonahala se le seholo haholo, ‘me a ikela a soabile, ‘’hobane o ne a ruile haholo.”EN 349.2

    Polelo ea hae ea hore o bōlōkile molao oa Molimo e ne e le thetso. O bontšitse hore maruo e ne e le molingoana oa hae. O ne a rata limpho tsa Molimo ho feta kamoo a ratang Mofani oa tsona. Kreste O fane ka monyetla ho mohlankana oa ho ikopanya le Eena. “Ntatele,” A rialo. Empa Mopholosi O ne A se maikutlong a mohlankana enoa, joaloka maruo a hae kapa lona lebitso la hae sechabeng. Ho tela tse bonoang molemong oa tse sa bonoeng e ne e le kotsi e kholo. O hanne neo ea bophelo bo sa feleng, ‘me a ikela. Kamora’ moo, haesale lefatše le amohela khumamelo eo ea hae. Liketekete li feta tlas’a maemo a joalo, ba bapisa Kreste le tsa lefatše, ‘me ba bangata ba khetha lefatše.EN 349.3

    Mokhoa oo Kreste a sebetsaneng le mohlankana enoa ka oona ke thuto. Molimo O fane ka molao oa tataiso oo bahlanka ba Hae ba tšoanetseng ho o latela. Ke hore re hlonephe molao oa Hae, e seng feela ho phethisa molao, empa e be hlompho e kenang bophelong ‘me e bonahale semelong. Ke bao feela ba tla re, Morena, tsohle tseo ke nang le tsona, le sohle seo ke leng sona, ke tsa Hau, ba tla nkoa e le bara le barali ba Molimo. Nahana hore na ke ho bolelang hore Che ho Kreste. Mopholosi O batla ho arolelana le rōna mosebetsi oo Molimo A re fileng hore re o etse. Ke ka mokhoa oona feela A ka re pholosang.EN 349.4

    Molimo O file batho mekhoa, litalenta le menyetla, e le hore e be mahlahana a Hae ho thusa bafumanehi le ba hlophehileng. Ea sebelisang limpho tseo Molimo O mo fileng tsona joalokaha Molimo A bontšitse e ba mosebetsi ‘moho le Mopholosi.EN 350.1

    Ho bao, ba leng maemong a phahameng joaloka mo-hlankana oa morui, ‘me ba na le maruo a maholo, ho ka bonahala e ka ke sehlabelo se seholo ho fana ka tsohle molemong oa ho latela Kreste. Empa ha ho letho le hlokang hlompho le ka amoheloang. Boinehelo ke moko oa lithuto tsa Kreste. Ha ho mokhoa o mong oa ho pholosa motho, haese ho mo arohanya le lintho tseo tse ka senyang boleng ba hae ka kakaretso, haeba a li etsa.EN 350.2

    Ha balateli ba Kreste ba khutlisetsa ho Morena seo e leng sa Hae, ba bokella letlotlo leo ba tlang ho le neoa ha ba utloa mantsoe a na, “Ke hantle, mohlanka ea khabane, ea tsepahalang;...Kena, u thabe le mong’a hao!” Matheu 25:23. Thabo ea ho bona meea e pholositsoeng ka ho sa feleng ke moputso oa bohle ba ileng ba be-ha maoto a bona mehatong ea Kreste A neng A re, “Ntatele.”EN 350.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents