Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 58—TSOSO EA LASARO

    [E itšetlehile ka Luka 10:38-42; Johanne 11:1-44.]

    Har’a barutuoa ba ‘nete ba Kreste ho ne ho na le Lasaro oa Bethania, ‘me o ne a ratoa haholo ke Mopholosi. Kreste O ile A etsa mohlolo o moholo ka ho fetisa, ho Lasaro. Mopholosi O rata setho se seng le se seng sa lelapa la botho, empa ho ba bang a tlangoa ke likamano tse khethehileng.EN 351.1

    Lelapeng la Lasaro, Jesu O ne A fumana phomolo hangata. Mopholosi O ne A se na lehae leo e leng la habo. Ha A khathetse, ‘me A nyoretsoe ho kopana le batho, O ne A thabela ho balehela lehaeng lena la khotso. Mona O ne A fumana kamohelo ea ‘nete ‘me e hloekileng, sona setsoalle se halalelang.EN 351.2

    Ha matšoele-tšoele a ne a latetse Kreste har’a masimo, A ba manollela botle ba lefatše ba tlhaho. Empa bongata bona bo ne bo lieha ho utloisisa, ‘me Kreste O ne A fumana phomolo mokhathaleng oa Hae, o bakiloeng ke likhang tsa bophelo ba sechaba. Mona O ne A sa hloke ho buoa ka litšoantšo.EN 351.3

    Ha Kreste A ntse A fana ka lithuto tsa Hae tse makatsang, Maria o ne a lula maotong a Hae, e le momameli ea seli ea inehetseng. Ka nako e ‘ngoe, ha Kreste A ne A etetse Bethania lekhetlo la pele; Maretha ea neng a ntse a lōkisa lijo, a ea ho Eena a re, “Morena, na ha u tsotelle ha ngoan’eso a ntlohela ke sebetsa ke le mong? Ak’u re ho eena a nthuse hie!” Jesu A araba ka bonolo, ‘me ka mantsoe a tletseng mamello, A re, “Maretha, Maretha, ua itšoenya, ‘me u ikhathatsa ka tse ngata, empa ho hlokeha ntho e le ‘ngoe: Maria o ikhethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuoa.” Maria o ne a ipolokela ka kelellong ea hae mantsoe a tsoang molomong oa Mopholosi, mantsoe a neng a le bohlokoa ho feta mahakoe a theko e holimo a lefatše.EN 351.4

    Maretha o ne a sa tšoanela ho ikhathatsa haholo ka lintho tse fetang, a mpe a khothalle haholo lintho tse se nang ho feta. Mosebetsi oa Kreste o hloka bo-Maretha, ka mafōlōfōlō a bona mosebetsing oa bolumeli; empa ha ba ke ba qale ka ho lula ‘moho le Maria, maotong a Jesu. Ha cheseho le matla li halaletsoe ka mohau oa Kreste.EN 352.1

    Mahlomola a kena lapeng la khotso moo Jesu A neng A phomola teng. Lasaro a kula ka potlako, ‘me bo-khaitseli ba hae ba rōmela ho Jesu, ba re, “Morena, tseba, eo u mo ratang oa kula.” Ba ne ba hlokomela matla a lefu le tšoereng khaitseli ea bona, empa ba ne ba tseba hore Kreste O bontšitse hore O tseba ho phekola mafu a mefuta eohle. Kahoo ha ba ka ba etsa kōpo e potlakileng hore A tl’o ba teng kapele, ba mpa ba nahana hore O tla ba le bona hang feela ha A fihla Bethania.EN 352.2

    Ba lebella ka cheseho. Ha feela tlhase ea bophelo e sa le teng ho eo khaitseli’e, ba rapela ba ntse ba lebetse ho fihla ha Jesu. Empa moromuoa a khutla a le mong. Feela a fihla le molaetsa o reng, “Ho kula hona ha ho ise lefung,” ‘me ba ba le tšepo ea hore Lasaro o tla phela. Ha mokuli a e-shoa ba ile ba nyahama haholo, empa ba utloa mohau oa Kreste o ba tiisa.EN 352.3

    Ha Kreste A utloa molaetsa, ha ka A bontša masoabi ao barutuoa ba neng ba lebeletse ho a bona ho Eena. A re, “Ho kula hono ha ho ise ho lefung, empa ho isa tlotlisong ea Molimo, hore Mora oa Molimo a tlotlisoe ka hona.” Jesu A hla A lula matsatsi a mabeli moo A neng A leng teng. Tieho ena e ne e le mohlolo ho barutuoa, hobane ho ne ho tsebahala hantle hore O rata lelapa leo le Bethania haholo.EN 352.4

    Ka nako ea matsatsi a mabeli, ho ile ha bonahala e ka Kreste o ntšitse molaetsa kelellong ea Hae. Barutuoa ba hopola Johanne Mokolobetsi. Jesu o ne a na le matla a ho etsa mehlolo, ekaba ke hobaneng ha A ile A lumella hore Johanne a senyehele chankaneng, ‘me a shoe lefu leo le sehlōhō? Bafarisi ba ile ba hlahisa potso ena, ka mokhoa o sa hlokeng karabo, ha ba ntse ba nyatsa Kreste ka ho ipolela hore ke Mora oa Molimo. Mopholosi O ne A ile A eletsa barutuoa ba Hae hore ho tla hlaha liteko, tahlehelo, esita le litlhoriso. Na e be O tla ba lahla ha liteko li hlaha? Bohle ba ne ba khathatsehile haholo.EN 352.5

    Eitse hoba matsatsi a mabeli a fete, Jesu A re, “A re eeng Judea hape.” Barutuoa ba botsana hore na haeba Jesu A e-ea Judea, O ile A liehelang ka matsatsi a mabeli. Empa ho neng ho le matla haholo likelellong tsa bona, ke ho khathatseha ka Kreste, le bona ka bo-bona. Ba ne ba bona kotsi feela, leetong leo A neng A le lekhatheng la ho le nka. Ba re, “Rabbi, Bajuda ba sa tsoa batla ba u tlepetsa ka majoe; na u sa ea teng hape?” Jesu A araba A re, “Na hora tsa letsatsi ha li leshome le metso e ‘meli na?” Ke tlas’a tataiso ea Ntate, ‘me ha feela ke etsa thato ea Hae, bophelo ba ka bo bōlōkehile. Ke kene karolong ea ho qetela ea letsatsi la ka, ‘me ha karolonyana ea Iona e sa le teng, ke tla bōlōkeha.EN 353.1

    “Ha motho a tsamaea motšeare, ha a khoptjoe, kahobane o bona leseli la lefatše lena.” Leseli la Moea oa Molimo O tataisang le mo fa pono e phethahetseng mosebetsing oa Hae ‘me le mo tataisa ho fihlela mosebetsi oa hae o felile. “Empa ha motho a tsamaea bosiu oa khoptjoa, kahobane o hloka leseli.” Ea ikhethelang ho tsamaea litseleng tsa hae o tla khoptjoa. Hohle moo a leng teng, ha a baballeha.EN 353.2

    “A bolela litaba tsena, ‘me kamorao ho moo a re ho bona: ‘Lasaro, motšoalle oa rōna, o robetse, empa kea ea, hore ke tle ke mo tsose.’” Ka ho nahana ka mahlomola ao Morena oa bona A tlang ho teana le ona Jerusalema, barutuoa ba ne ba bile ba lebetse ka lelapa le shoeletsoeng mane Bethania. Empa ho Kreste ho ne ho se joalo. Barutuoa ba ne ba se ba belaetse hore Jesu O ne A hloka lerato la ‘nete ho Lasaro le likhaitseli tsa hae, ho fapana le ha ba ne ba lumela pele hore oa ba rata. Empa mantsoe a Hae ha A re, “Lasaro, motsoalle oa rōna,” a ile a tsosa menahano ea ‘nete maikutlong a bona. Kreste O ne A sa lebala metsoalle ea Hae e bohlōkōng.EN 353.3

    “Eaba barutuoa ba re ho eena: ‘Morena, ha a robetse, o tla fola.’ Jesu O ne A bua ka ho shoa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla.” Kreste O bua ka lefu e le ho robala ho bana ba Hae ba lumelang. Maphelo a bona a patiloe le Kreste ho Molimo, ‘me ho fihlela terompeta ea morao e lla, ba shoang ba tla roballa ho Kreste. Sheba 1 Bakorinthe 15:51-54.EN 353.4

    “Ea e-ba moo Jesu a ba bolellang phatlalatsa, a re: ‘Lasaro o shoele, ‘me ke ka baka la lona, ke thabela hore ebe ke ne ke le sieo, le tie le lumele, empa a re eeng ho eena.’”EN 354.1

    Barutuoa ba tsota mantsoe a Kreste ha A re, “Lasaro o shoele. ‘Me...ke thabela hore ebe ke ne ke le sieo.” Na Mopholosi O ne A khethile ho tšabella lehae la metsoalle ea Hae ha ba le mahlomoleng? Empa Kreste O ne A bone pono eo ka botlalo, ‘me le bokhaitseli ba shoeletsoeng ba ne ba tšeelitsoe ke mohau oa Hae. Jesu O ile A bona bohlōkō bo neng bo le lipelong tsa bona ha khaitseli ea bona a loantšana le lefu. Empa e ne e se baratuoa ba Bethania feela, bao Kreste A neng A ka nahana ka bona, O ne A lokela ho hlokomela le koetliso ea barutuoa ba Hae. Ba ne ba tsoanetse hoba baemeli ba Hae lefatšeng. Molemong oa bona O ile A tlohela Lasaro hore a shoe. Hoja O ile A mo folisa ho kuleng ha hae, ho mo tlisa bophelong bo botle, mohlolo oo e neng e tlaba bopaki ba ‘nete ba semelo sa Hae sa boMolimo, o ne o ke ke oa phethahala.EN 354.2

    Hoja Kreste O ne A le teng ka tlung ea kokelo, tsenene ea lefu ekabe e sa hlaba Lasaro. Kahoo Morena O ile A ba sieo. O ile A lumella hore bo-khaitseli bao ba hlomohileng ba bone ngoan’abo bona a patoa lebitleng. O ile A hlajoa ke bohlōkō bohle boo ba bileng har’a bona. Ho lieha ha Hae ho ne ho sa bontše ho hloka lerato, empa O ne A tseba hore molemong oa bona le Lasaro, le Eena, esita le molemong oa barutuoa ba Hae, hlōlo e ne e tsoanetse ho fihleloa.EN 354.3

    Ho bohle ba phopholetsang, ho nanabela letsoho le tataisang la Molimo, ha ba fihleloa ke ho nyahama ho holohali, ke nako eo thuso ea Molimo e leng haufi-ufi. Ba tla hetla morao ka teboho ho bona lefifi le tšabehang le neng le le tseleng ea bona. Melekong le litekong tsohle Morena O tla ba ntša ka tumelo e tiileng le maiphihlelo a matlafetseng.EN 354.4

    Kreste O ile A lieha, e le hore ka ho tsosa Lasaro bafung, A ke A fane ka pontšo ho batho ba Hae ba manganga, ba sa lumeleng, A etse bopaki bo bong ba hore, ruri ke Eena “tsoho le bophelo.” O ne A sa batle ho lahla tšepo eohle ka batho ba Iseraele, ‘me A ikemisetsa hore A ba fe bopaki bo bong hape ba hore ke Eena A ‘notši A ka fanang ka bophelo le ho se shoe. Ke ka lebaka lona lena A ileng A lieha ho ea Bethania.EN 354.5

    Ha A fihla Bethania Jesu A rōmela morōmuoa ho Maretha le Maria ka molaetsa oa hore O fihlile, empa A ka emisa kathōko ho tsela moo ho khutsitseng. Boitlhahiso bo boholo bo neng bo etsoa ke Bajuda mafung a metsoalle kapa ba lelapa, e ne e le ntho e sa lumellaneng le moea ea Kreste. Jesu O ile A utloa sello se tsoang ho batho ba hiretsoeng ho lla, ‘me A lakatsa hore A se ke A teana le likhaitseli tseo kahar’a mofere-fere. Har’a metsoalle e neng e lla, ho ne hole teng bao e leng lira tse kholo tsa Jesu. Kreste O ne A tseba merero ea bona, ‘me A se ke A etsa hore boteng ba Hae bo tsebahale hang hang.EN 355.1

    Molaetsa oa fihla ho Maretha ka lenyele hoo ba bang, esita le Maria, ba sa kang ba utloa. Maretha a tsoa ho ea teana le Morena oa hae, empa Maria a lula a khutsitse a hlomohile, a sa lle ka ho hoeletsa.EN 355.2

    Pelo ea Maretha e ne e ferekane ke maikutlo a loantšanang. Sefahlehong sa Kreste se bohehang a bona bonolo le lerato tsa kamehla, empa a nahana ka khaitseli ea hae eo a neng a mo rata haholo. Pelo ea hore ea tlala bohlōkō kahobane Kreste A liehile ho fihla, ‘me a re, “Morena, hoja ua ba teng mona, khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Likhaitseli tsa Lasaro li ne li pheta-phetile mantsoe ana hangata.EN 355.3

    Maretha o ne a se na maikutlo a ho buoa ka tse fetileng, a mpa a sheba sefahleho seo se tletseng lerato, a eketsa a re, “Empa le joale kea tseba hore tsohle tseo u li kōpang ho Molimo, Molimo o tla u nea tsona.”EN 355.4

    Jesu A mo khothatsa A re, “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Karabo ea Hae ea tsepamisa menahano ea Maretha holim’a tsoho ea ba lokileng, e le hore ka tsoho ea Lasaro, a tle a bone tiiso ea hore bohle ba lokileng ba shoeleng ba tla tsoha.EN 355.5

    Maretha a araba, a re, “Kea tseba hore e tla tsoha mohl’a tsōho ea bafu, ka letsatsi la bofelo.” Jesu ka ho batla ho neha tumelo ea hae tsela ea ‘nete, A re, “Ke ‘na tsōho le bophelo.” Ho Kreste ho na le bophelo, bo phethahetseng, bo sa alingoang, kapa ba nkuoa ho motho e mong. “Ea nang le Mora o na le bophelo.” 1 Johanne 5:12. Jesu A re, “Ea lumelang ho ‘na leha a ka shoa o tla phela. Mang le mang ea phelang, ‘me a lumela ho ‘na, ha a ka ke a shoa le ka mohla o le mong; na u lumela hona na?” Mona Kreste O ne A shebetse pele nako ea ho tla ha Hae la bobeli. Ka nako ea ho tla ha Hae la bobeli, ba shoeleng ba lokileng ba tla tsohela ho se bole, ‘me ba lokileng ba phelang ba tla fetoleloa leholimong ba sa ka ba bona lefu. Tsoso ea Lasaro e ne e tla emela tsōho ea bafu ba shoetseng ho lōkeng. Ka mantsoe le mesebetsi ea Hae, Jesu O ne A bontša tōkelo ea Hae le matla a ho fana ka bophelo bo sa feleng.EN 355.6

    Ha a araba potso ea Mopholosi, e reng, “Na u lumela hona na?” Maretha a re, “E, Morena; kea lumela hore u Kreste, Mora oa Molimo, ea tlang lefatšeng.” A bolela tumelo ea hae ka boMolimo ba Hae, le tšepo eo a nang le eona ea hore O na le hona ho phetha eng kapa eng eo A ka khahloang ho e etsa.EN 356.1

    “Hoba a rialo, a ea bitsa ngoan’abo Maria ka lekunutu, a re: ‘Moruti o teng, ‘me oa u bitsa.’” O ile a fana ka molaetsa oa hae a sa etse lerata, hobane baprista le babusi ba ne ba ikemiselitse ho tšoara Jesu ha monyetla o ka hlaha. Sello sa ba-siameng se ile sa koahela mantsoe a hae hore a se ke a utluoa ke ba bang.EN 356.2

    Ha a utloa molaetsa, Maria a ema ka potlako ‘me a tsoa ka tlung. Ka khopolo ea hore o ea lebitleng ho lla teng, ba mo tšelisang ba mo latela. Eitse ha a fihla moo Jesu A leng teng, a re ho Eena, ka lentsoe le thothomelang, “Morena, hoja oa ba teng mona, khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Sello sa ba mo tšelisang se ne se mo hlaba ha bohlōkō, haholo hobane a ne a laba-labela hoba le metsotso e se mekae ea khutso ea ho bua le Jesu ba le bang.EN 356.3

    “Jesu ha a bona Maria a ntse a lla, le Bajuda ba tlileng le eena ba ntse ba lla, a hlabeha moeeng, a ferekana.” Ho ba bangata, A bona hore ho neng ho bonahala e ka ke tšiamo, e ne e le boiketsiso. Ba bang ba ba bontšang ho hlabeha hoo ha boikaketsi, ba tla kena morerong oa ho bolaea, e seng feela enoa ea etsang mehlolo e moholo, empa le eena enoa ea tlang ho tsosoa bafung. “Le ‘meile kae?” Jesu A botsa. “Morena, tloo, u bone.” Ba ea lebitleng hammoho. Lasaro o ne a ratoa haholo, ‘me bo khaitseli ba hae ba ne ba lla ka lipelo tse robehileng, ‘me le metsoalle ea hae e lla ‘moho le bona. Ka ho hlokomela bohlōkō bona bo bathong, le taba ea hore metsoalle e hlabehileng e ne e lla empa Mopholosi oa lefatše A eme feela, “Jesu a keleketla likeleli.” Mora oa Molimo O ne A nkile sebōpeho sa botho, ‘me A angoa ke mahlomola a batho. Pelo ea Hae e bonolo, e utloelang bohlōkō, e ne e tlala kutloelobohlōkō kamehla, ka lebaka la mahlomola.EN 356.4

    Jesu O ne A sa llisoe feela ke ho utloela Maria le Maretha bohlōlō. Kreste O ile A lla hobane boima ba masisa-pelo a mengoaha eohle bo ne bo le holim’a Hae. A bona litholoana tse bohlōkō, tse hlahisitsoeng ke ho tlola molao oa Molimo. A bona hore toantšano e pakeng tsa botle le bobe ha e khaotse. A bona mahlomola le masoabi, likhapha, le lefu, tse neng li lokela ho ba lefa la lelapa la botho ka mengoaha eohle, libakeng tsohle. Mathata a sechaba sa baetsalibe a ba boima holim’a moea oa Hae, ‘me mohloli oa likhapha tsa Hae o ile oa buleha ha A ne A lohotha mokhoa oa ho lopolla sechaba litsietsing tsa sona kaofela.EN 357.1

    Lasaro o ne a patiloe ka lehaheng, ‘me letlapa le leholohali le ne le beiloe monyako oa lebitla. Jesu A re, “Tlosang letlapa.” Ka khopolo ea hore Jesu O mpa A lakatsa ho bona mofu, Maretha a mo latolela ka hore setōpo se na le matsatsi a mane se bōlōkiloe, ‘me se se se senyeha. Polelo ena e buuoeng pele Lasaro a tsosoa, ea hlokisa lira tsa Kreste menyetla oa hore ba tle ba re ho sebelitsoe ka thetso. Ha Kreste A tsosa morali oa Jairuse, O ne A ile A re, “Ngoana ha a ea shoa, o mpa a robetse.” Mareka 5:39. Erekaha a ile a tsosoa hang kamora’ lefu hore a shoe, Bafarisi ba ile ba bolela hore o ne a sa shoa, ebile Kreste ka bo-Eena O ile A bolela hore o ne a robetse feela. Ba ne ba batla hore ho hlahe eka ho na le bolotsana bo tsamaeang le mehlolo ea Jesu. Empa lekhetlong lena, ho ne ho se ea ka hanyetsang hore Lasaro o ne a shoele.EN 357.2

    Ha Morena A batla ho etsa mosebetsi, Satane o kena ka ho e mong hore a hanyetse tšebetso eo. Maretha o ne a sa rate hore setōpō seo se bolileng se tlisoe pontšeng. Tumelo ea hae e ne e sa itšoarella ‘neteng ea seo tšepiso ea Jesu e se bolelang. Kreste A hlakisetsa Maretha ka bonolo bohle A re, “Na ha kea u bolella hore, ha u lumela, u tla bona tlōtla ea Molimo?” U fumane lentsoe la ka Ha ho letho ho tse hloliloeng le ka sitisang mosebetsi oa Molimo ho tsoela pele. Ho se lumele ha se boikokobetso. Ho inehela ka botlalo lentsoeng la Kreste ke boikokobetso ba ‘nete, ‘me ke boinehelo ba ‘nete.EN 357.3

    “Tlosang letlapa.” Kreste A ka be A laetse mangeloi a haufi le Eena hore a tlose letlapa. Empa O ne A batla ho bontša hore batho ba tšoanetse ho sebetsa ‘moho le Molimo. Seo matla a botho a ka se etsang ha se tlame matla a Molimo ho ka se etsa.EN 358.1

    Taelo e ile ea phethisoa. Lejoe le ile la tlosoa. Tsohle tsa etsetsoa pontšeng ka bōlōkōlōhi. Bohle ba bona hore ha ho thetso ea letho e entsoeng. Setōpō sa Lasaro se ne se rapaletse moo, se bata ‘me se khutsitse se shoele. Batho ba ema pel’a lebitla, ba makatse ebile ba lebeletse, ba emetse ho bona se tlang ho etsahala.EN 358.2

    Motsotso o halalelang o mahlōnōkō oa fihlela bohle ba leng moo. Kreste A atamela haufi le lebitla. A lelaletsa rnahlo a Hae leholimong, A re, “Ntate, kea u leboha ha u nkutloile.” Lira tsa Kreste li ne li ile tsa Mo qosa ka hore Oa nyefola ka ho ipitsa Mora oa Molimo. Empa ka sebetse se phethahetseng, Kreste A bolela hore ke Mora oa Molimo.EN 358.3

    Kreste O ne A le hlōkōlōsi ho bontša hore ha A sebetse ka ntle ho Ntate oa Hae; O ne A phetha mehlolo ea Hae ka tumelo le thapelo. Kreste O ne A chesehela hore bohle ba tsebe likamano tsa Hae le Ntate. A re, “Ntate, kea u leboha ha u nkutloile. ‘Na kea tseba hore u nkutloa kamehla, empa ke buile ka baka la letšoele le nteetseng hare, hore le tie le lumele hore u nthōmile.” Mona e ne e le ho bontša barutuoa le batho hore boipolelo ba Kreste ha se thetso.EN 358.4

    “Hoba a rialo, a hōoa ke lentsoe le phahameng, a re: ‘Lasaro, tsoa!”‘ Khanya ea Molimo ea kena bothong. Sefahlehong sa Hae, se neng se bonesitsoe ke khanya ea Molimo, batho ba bona tiiso ea matla a Hae. Mahlo ‘ohle a ne a shebile lehaheng, litsebe tsohle li qahame ho amohela molumo ofe kapa ofe o tlang. Ka thahasello e kholo bohle ba lebella pontšo e tlang ho matlafatsa boipolelo ba Kreste, ba hore ke Mora oa Molimo, ho seng joalo tšepo e time ka ho sa feleng.EN 358.5

    Ha ba le tšisinyeho ka har’a lebitla le khutsitseng; ‘me ea neng a shoele a ema monyako oa lebitla. A sitoa ho tsamaea hantle ka baka la masela a mo thatetseng, ‘me Kreste A re ho ba mo shebileng ba maketse, “Mo tlamolleng, le mo lese a ikele.” Hape ba ne ba bontšoa hore batho ba tšoanetse ho thusana. Lasaro o ile a lōkōlloa ‘me a ema ka pel’a mokhopi oa batho, e se eena eane ea fokolisitsoeng ke ho kula, empa e le motho ea tletseng bophelo. Mahlo a hae a phatsima a tletse bohlale le lerato bakeng sa Mopholosi oa hae. A itihela maotong a Jesu ho Mo khumamela.EN 358.6

    Ba bonang pono ena, pele ba ne ba thotse ke ho makala, empa ha latela thabo e ke keng ea hlalosoa. Likhaitseli tsa amohela ngoan’abo bona, a phela hape, e le mpho ea Molimo, ‘me ka meokho ea thabo, ba lebisa liteboho tse tebileng ho Mopholosi. Eare ha bohle ba sa thabile joalo kopanong ena, Jesu A nyamela pontšeng. Ha ba batla Mofani oa bophelo, ho ne ho se moo A fumanehang teng.EN 359.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents