Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tfe Ka Hare

    KHAOLO EA 1—KRESTE PELE A E-TLA LEFATŠENG

    Ho tloha mengoaheng e sa qaleng Morena Jesu Kreste e ne e le Eena ea neng A e-na le Ntate; E ne e le Eena setšoantšo sa Molimo, Eena ea neng A khanya ka ho fetisisa ka khalalelo ea Hae. O tlile lefatšeng le silafalitsoeng ke sebe ho pepesa khanya le ho senola leseli la lerato la Molimo. E, ho ile ha porofetoa ka Eena, “O tla reoa lebitso la Emmanuele,...Molimo o na le rōna.” Matheu 1:23 le Esaea 7:14.EN 11.1

    Jesu e ne e le “Lentsoe la Molimo” - e le Mohopolo oa Molimo O tsebahalitsoeng. Tsenolo ena ea mohopolo oa Molimo ha ea ka ea fuoa bana ba Hae feela ba hlahetseng lefatšeng. Lefatšenyana la rōna ke buka e baloang ea mafatše le maholimo. Bohle ba pholositsoeng le ba sa oelang sebeng ba tla fumana bohlale le pina ea bōna sefapanong sa Kreste. Ba tla bona hore khalalelo e khanyang sefahlehong sa Jesu ke khanya ea boitelo, ea sehlabelo sa lerato. Ba tla bona hore molao oa bophelo oa lefatše le leholimo, ke molao o pakang boitelo ba ‘nete bo senolang lerato la Molimo. Lerato le sa “ikhopoleleng,” le tsoa mohloling oa pelo e lerato ea Molimo, ‘me le bontšitsoe ho Jesu, Eena ea bonolo, ea ikokobelitseng.EN 11.2

    Tsimolohong, Kreste O ile A bopa lefatše. Ka letsoho la Hae le matla, A leketlisa mafatše sepakapakeng, ‘me A etsa lipalesa tsa naha. A tlatsa lefatše ka botle, ‘me moea oa tlatsoa ka pina. Sheba Lipesalema 65:6; 95:5. Ka holim’a tsohle A ngola molaetsa oa lerato la Ntat’ae.EN 11.3

    Eaba sebe se silafatsa mosebetsi o motle oa Molimo, empa mongolo o ngotsoeng ona o ntse o setse. Ke pelo e mano ea motho feela e iphelelang bo-eona. Sefate se seng le se seng le sehlahla, le makhasi, li fana ka boleng ba bophelo boo ho seng motho le ha e le phoofolo e ka phelang ntle le bōna. Ka mokhoa o tšoanang motho le phoofolo ba phelela ho thusa lifate, lihlahla le makhasi. Leoatle le fumana metsi melatsoaneng e tsoang masimong, empa le amohela hore le tie le fane. Le moholi o nyolohang, o tsoang leoatleng, o etsa mafafatsane a noesetsang lefatše, le tie le tsebe ho thusa litholoana ho mela, le etse lipalesa. Mangeloi a khanyang a fumana thabo ka ho fana. A tlisa khanya e tsoang leholimong, ‘me a fofa holim’a moea oa motho ho tlisa ba lahlehileng kopanong-’moho le Kreste.EN 11.4

    Empa ha re furalla litšoantšiso tse tlase re bona Molimo ho Jesu. Re ea bona hore ke tlōtla ea Molimo ho fana. “‘Na ha ke ipatle tlōtla,” ho rialo Kreste.” Johanne 8:50; 7:18. Kreste O ile A amohela ho Molimo, e le hore A tie A tsebe ho fana. Bohle re fumana bophelo bo tsoang ho Ntate ka Mora; Ka Mora bophelo bōna bo khutlela ho Mofani bo le joaloka tšebeletso ea lerato, e tlang joaleka leqhubu le khutlelang moo le qalileng teng. Ho joalo, ka Kreste selika-likoe sa melemo ea Molimo sea phetheha.EN 12.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents