Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tlholeho E Tlatsa Bibele

    Ka pele ho Eena ho ne ho alehile letlotlo la tsebo la mesebetsi ea tlholeho e entsoeng ke Molimo. Ea entseng lintho tsohle ke Enoa O ithuta lithuto tse ngotsoeng ke letsoho la Hae lefatšeng le leoatleng le leholimong. A bokella litsebo le bohlale bohle nthong tsa tlholeho eleng -limela, liphoofolo, le motho. Litšoantšo tseo A neng A li sebelisa ha A ruta lithuto tsa ‘nete, li bontša ka moo A ileng A bokella lithuto tsa moea tlholehong le linthong tse pota-potileng bophelo ba Hae ba letsatsi le letsatsi.EN 42.2

    Ha Jesu A ntse A leka ho utloisisa lebaka la lintho tse teng, libōpuoa tsa leholimo e ne e le tsona bathusi ba Hae. Ho tloha ha A qala ho lemoha lintho, A hōla moeeng, mohaung le tsebong ea ‘nete.EN 42.3

    Ngoana e mong le e mong a ka ruoa tsebo joalokaha ho bile ho Jesu. Ha re leka ho tsebisisa Ntat’a rōna ea Maholimong, mangeloi a tla re atamela, likelello tsa rōna li matlafale, limelo tsa rōna li phahamisoe, ‘me li ntlafatsoe. Re tla eketsa ho tšoana le Mopholosi oa rōna. Ha re boha botlehali bo phethahetseng ba tlholeho, lerato la rona le leba ho Molimo. Moea o tlala tlhompho, ‘me o fuoa matla ka ho kopana le Rabosafeleng ka mesebetsi ea Hae. Ho buisana le Molimo ka thapelo ho haha matla, kelello le boitšoaro.EN 42.4

    Ha Jesu e ne e sa le ngoana, O ne a nahana e bile a bua joaloka ngoana, empa ha ho a ka ha e-ba le ha e le letheba la sebe le ileng la silafatsa setšoantšo sa Molimo ka ho Eena. Hase hore O ne A sa lekoe. Baahi ba Nasaretha ba ne ba tumile ka ho khohlahala ha bona. Sheba Johanne 1:46. Ho ne ho hlokahala hore Jesu A itlhokomele ka nako tsohle ho tšireletsa le ho baballa bohloeki ba Hae. A thulane le meleko eohle eo le rōna re kopanang le eona, hore e tle e be mohlala ho rōna bongoaneng, bocheng, esitana le boholong.EN 42.5

    Ho tloha A sa le monyenyane haholo, Jesu O ne A hlokomeloa ke mangeloi a leholimo, empa bophelo ba Hae e bile ba ntoa e telele, e loanang le matla a lefifi. Khosana ea lefifi ha ea siea le ha e le monyetlanyana o monyenyane feela, e sa o sebelisa, ho lihela Jesu melekong.EN 43.1

    Jesu O ne A tseba hore na bofutsana ke eng, le boitelo, le mathata a amang bophelo. Maiphihlelo ana a ile a Mo sireletsa. O ne A se na nako eo A lutseng feela eleng moo A neng A ka fumana metsoalle e ka Mo khelosang. E bang ke katleho kapa boithabiso, thoriso kapa ho nyatsuoa, li ne li ke ke tsa Mo khannela ho etsa bobe. Kreste, Eena ea inotsi ea se nang sebe ho ba kileng ba phela lefatseng, O phetse lilemo tse ka bang mashome a mararo har’a baahi ba Nasaretha ba neng ba tumme ka bokhopo. Taba ena e khalemela bao ba nahanang hore bona ba tla itšetleha ka sebaka, katleho kapa borui, hore ba tle ba tsebe ho phela bophelo bo se nang sekoli.EN 43.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents