Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Moea O Halalelang O Lekileng Ho Ba Thusa

    Lekhotleng lena, moo ho neng ho kopanoe ho tla rera lefu la Kreste, Paki e utloileng mantsoe a boikakaso a Nebukadnesare, ‘me e bone mekete ea ho khumamela litšoantšo ea Belshatsare, ha joale e ne e lemosa babusi ka mosebetsi oo ba neng ba se ba tla o etsa. Liketsahalo tsa bophelo ba Kreste tsa hlaha ka pele ho bona li hlakile hangle ba bileng ba tšoha. Ba hopola ha Jesu e le ngoana ea lilemo li leshome le metso e ‘meli, A eme ka pel’a lingaka tsa molao tse rutehileng, A botsa lipotso tse ileng tsa ba makatsa. Mohlolo oo A sa tsoa o etsa, oa fana ka bopaki ba hore Jesu ha se motho feela, empa ke Mora oa Molimo. Ka ho makala le ho tsieloa, babusi ba botsa ba re, “Re tla ets’ang?” Ha eba le karohano ka lekhotleng.EN 361.4

    Ha lekhotla le sa ferekane joalo, Kaiafa, moprista e moholo a ema. A ikhohomositse a le khopo, a sa tsotelle a hloka mamello, a bua ka matla a maholo le kholiso, a re, “Ha le tsebe letho, leha e le ho utloisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shoele sechaba, e seng hore sechaba sohle se timele.” Leha Jesu A ne A se na molato, O ne A tsoanetse ho tlosoa tseleng. O ne A nyenyefatsa matla a babusi, ‘me haeba batho ba ne ba ka hloka tšepo ho babusi ba bona, matla a sechaba a ne a tla senyeha. Kamora’ mohlolo ona, balateli ba Jesu ba ne ba ka ‘na ba tsosa ntoa. A bolela hore Maroma a ka tla, a koala tempele ea rōna, ‘me a re felisa re le sechaba. Bophelo ba mo-Galelea eo ke’ng ha bo bapisoa le ba sechaba? Na ha se ho etsetsa Molimo mosebetsi ka ho mo tlosa? Ho molemo hore motho a le mong a shoe ho e-na le hore sechaba kaofela se fele.EN 362.1

    Leano leo Kaiafa a neng a le khothaletsa le ne le ipapisitse ka molao o alinngoeng ho bahedene. Kelello e fokolang ea hore motho e mong o ne a lokela ho shoela sechaba, ea etsa hore ho etsoe lihlabelo ka batho. Joale Kaifa a hlahisa hore ka sehlabelo sa Jesu, sechaba se ka pholosoa, eseng bobeng, ba mpa ba ntse ba le ka har’a tlōlo ea molao, moo ba tle ba ‘ne ba tsoele pele ho etsa sebe.EN 362.2

    Lekhotleng lena lira tsa Kreste li ne li lumela ka ‘nete hore li molato. Moea o Halalelang O ne O amme likelello tsa bona. Empa Satane a ba hlokomelisa ka matla, hore ba fetile mathateng a mangata ka lebaka la Kreste. Ha A ka A tlōtlisa ho loka ha bona. Ha A tsotelle meetlo le mekete ea bona, ‘me O ile A khothaletsa baetsalibe ho toba ho Molimo e leng Ntate ea tletseng mohau, ‘me ba bolela lithoko tsa bona. O hanne ho ananela lithuto tsa bolumeli ba likolong tsa boruti, ‘me ka ho pepesa liketso tse mpe tsa baprista, O ile A nonyetsa tšusumetso ea bona hampe.EN 362.3

    Ntle le ba seng bakae ba neng ba tšaba ho ka bua se maikutlong a bona, lekhotla le ile la amohela mantsoe a Kaiafa e le mantsoe a Molimo. Tharollo ea hlala ka le- khotleng; ‘me khang ea fela. Ba etsa qeto ea ho bolaea Jesu, ha monyetla oa pele o hlaha. Baprista le babusi ba ne ba le tlas’a taolo ea Satane ka botlalo, ‘me ba ne ba thetsehile haholo hoo ba neng ba thabetse boemo bona. Ba ikuka e le ba ratang naha ea bona le hona ho batlela sechaba topollo.EN 362.4

    Ka ho tšaba hore batho ba ka halefa, lekhotla la lieha ho phethahatsa kahlolo eo le neng le e rerile, esere tlhōkōfatso eo ba neng ba e reretse Jesu ea oela holim’a bona. Mopholosi O ne A tseba hore baufi morero oa bona o tla phetheha, empa e ne e se taba ea Hae hore A potlakise bothata boo, eaba O tloha sebakeng seo, A tsamaea le barutuoa ba Hae.EN 363.1

    Jesu ha joale O ne A se A sebelelitse sechaba ka lilemo tse tharo, lefatšeng. Boitelo ba Hae, le ho thusa ba bang, le ho hloeka, le boinehelo ba Hae, li ne li tsejoa ke bohle. Empa ka nako e khutsoanyane ena, lefatše le ne le se le feletsoe ke ho mamella boteng ba Mopholosi oa lona. Eena, Eo kamehla A neng A anngoa ke masoabi a batho, Eena ea folisitseng ba kulang, A fepa ba lapileng, ‘me A khothatsa ba sieameng, O ile A tlosoa har’a batho bao A ba sebelelitseng ho ba tlisetsa pholoho. Eena ea felisitseng boroko ba lefu ‘me A hohela ba liketekete ka lentsoe la Hae la bohlale, O ile A hlōloa ho fihlela lipelo tsa ba neng ba foufalitsoe ke lehloeo le nyatso, ‘me bao ka manganga a bona ba latotseng leseli.EN 363.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents