Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 61—MOTHOANA EA FETOHILENG MOTHOHALI

    [Khaolo ena e itšetlehile ka Luka 19:1-10.]

    Motse oa Jeriko, o ne o lutse kahar’a lithota tse nam meng, tse talana, tse khabileng ka limela. O ne o e-na le liliba tse phelang, o phatsima joaloka mahakoe a benyang holim’a mafika, le likhohloaneng tse khutsitseng. Motse-moholo ona e ne e le sebaka sa sephethe-phethe se seholo, ‘me matona a Maroma le masole, le baeti ba tsoang libakeng tse fapaneng ba ne ba fumanoa moo, ‘me mosebetsi oa pokello ea lekhetho, oa etsa hore balekhetho ba bangata ba lule hona teng.EN 368.1

    “Molekhetho oa sehlooho,” Sakiea, e ne e le Mojuda, ‘me a khesoa ke sechaba sa habo. Boemo le borui ba hae e ne e le moputso oa mosebetsi oo ba neng ba o sheba e le o hlokang tōka, o ba jang lichelete ka bolotsana. Empa molekhetho enoa oa morui, e ne e se motho ea bileng a thatafetseng joalekaha a ne a shebahala. Sakiea o ile a utloela ka Jesu. Tlaleho ea mosa le bonolo ba Hae ho batho ba maemo a eisehang, li ne li tsejoa hohle. Johanne Mokolobetsi o ne a ile a ruta mane Jorodane, ‘me Sakiea o ne a kile a utloa pitso ea pako. Joale, eitse ha a utloa mantsoe ao ho thoeng a tsoa ho Moreri e moholo, a ikutloa e le moetsalibe mahlong a Molimo. Leha ho le joalo, seo a se utloileng ka Jesu sa hotetsa tšepo ka pelong ea hae. Pako, e leng phetoho ea bophelo, e ne e ka etsahala, esita le ho eena. Na e mong oa barutuoa ba tšepahalang haholo, ba Mosuoe eo e mocha, e ne e se molekhetho? Hang hang Sakiea a etsa qeto ea ho latela kholiseho e ka ho eena, ‘me a qeta ka hore a buseletse bao a ba foselitseng.EN 368.2

    Ha litaba li utloahala ka Jeriko hore Jesu O kena motseng, Sakiea a ikemisetsa ho ‘Mona. Molekhetho a labalabela ho bona sefahleho sa Jesu, Eena eo mantsoe a Hae a tlisitseng tšepo pelong ea hae.EN 369.1

    Mebila e ne e tletse batho, ‘me Sakiea, ea neng a le mokhutšoanyane seemong, o ne a sa bone ka baka la batho ba neng ba mo tširile. Eaba o mathela pele, a hloella sefateng sa feiee, a lula makaleng a sona. Ha mokoloko oo o feta tlas’a sefate, Sakiea a tona mahlo, hore a tle a bone motho enoa eo a hlileng a batlang ho ‘mona.EN 369.2

    Hang hang, hona tlas’a sefate seo, sehlopha seo sa ema tlekelele! ‘Me E mong A sheba holimo, Eo mahlo a Hae a bonahalang eka a bala maikutlo a motho. Monna ea holim’a sefate a batla a belaela hore ha a utloa hantle, ha a utloa mantsoe a reng, “Sakiea, phakisa u theohe, hobane eka khona ke hlole tlung ea hao kajeno.”EN 369.3

    Sakiea a phakisa a theoha, a tsamaea joalokaha eka oa lora, a Mo etella pele ho leba lapeng ha hae. Empa bo-rabbi, ka lifahleho tse sosobaneng, ba korotla, ba re, “O fapohetse ha monna oa moetsalibe.”EN 369.4

    Sakiea o ne a hloletsoe ke boikokobetso ba Kreste, ba hore A kokobelle tlase ho eena, ea khesehang. Joale lerato la hae ho Morena oa hae e mocha la bula molomo oa hae. A rata ho phatlalatsa pako ea hae. Pontšeng ea matšoeletšoele, “Sakiea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, ‘me eo ke mo amohileng ho hang ka mano ke ‘museletsa hona hane. Eaba Jesu o re: Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le eena e le mora oa Aborahama.”EN 369.5

    Joale barutuoa ba lemoha pontšo ea bonnete ba mantsoe a Kreste, a reng, “Tse sitang batho ha li site Molimo.” Luka 18:27. Ba bona kamoo, ka mohau oa Molimo, morui a ka kenang ‘Musong oa maholimo.EN 369.6

    Pele Sakiea a ka sheba sefahleho sa Kreste o ne a se a ile a ipolela libe. O ne a se a ile a qalella ho ntšetsa pele thuto e ngoletsoeng Iseraele oa khale, esita le rōna, e reng, “Ha ngoan’eno a futsaneha, ‘me a sitoa ho iphelisa, u mo thuse joalokaha u ka thusa molichaba kapa mojaki, ‘me a phele le uena. U se ke ua ‘matla tsoala kapa phaello, u mpe u tšabe Molimo oa hao, ngoan’eno a tie a phele le uena.” “Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tšabe Molimo oa lōna, hobane ke ‘na Morena Molimo oa lōna.” Meetlo 25:35,36,17. Ntho ea pele eo Sakiea a ileng a e etsa mabapi le lerato la Kreste ea eba ho ba le mohau ho mafumanehi le ho ba hlokofatsoang.EN 369.7

    Balekhetho ba ne ba ikentse khokanyana-phiri, hore ba tsebe ho tlatlapa sechaba, ‘me ba phelisane ka mekhoa ea bolotsana. Empa eitse hoba Sakiea a inehele ho Moea o Halalelang, a lahla mekhoa eohle e hlokang botšepehi.EN 370.1

    Pako ha se ea sebele haeba e sa tlise phetoho bophelong. Ho loka ha Kreste ha se seaparo sa ho apesa sebe se sa soabeloang hape se sa furalloang. Empa ke molao oa bophelo o fetolang semelo ‘me o laole boitšoaro. Ho halalela ke phetheho ho Molimo, ke boinehelo bo feletseng ba pelo le bophelo, hore tsamaiso ea leholimo e ikahele ka teng.EN 370.2

    Mokreste bophelong ba hae ba khoebo, o tšoanetse ho bontša lefatše mokhoa oo Morena oa rōna a neng a ka tsamaisa khoebo ka oona. Tsebetsong eohle o tšoanetse ho bontša hore Molimo ke Eena mosuoe oa hae. Mantsoe ana, “Khalalelo e isoe ho Morena” a tšoanetse ho ngoloa libukeng, liketsong, lirasiting le lipampiring tsa melato. Motho e mong le e mong ea sōkōlōhang o tla bontša hore Kreste O kene ka pelong ea hae ka ho lahla liketso tsohle tse sa lokang. Joaloka Sakiea, o tla bontša ho tiea ha hae ka ho busetsa tse nkiloeng ka thetso. “O khutlisa se neng se beiloe paneng, o khutlisa le seo a neng a se utsoitse, o boloka litaelo tse phelisang, ha a sa hlola a etsa bokhopo, ruri o tla phela, a ke ke a shoa.” Ezekiele 33:15.EN 370.3

    Haeba re utloisitse ba bang bohlōkō, ra ba hanyapetsa khoebong, kapa ra jalletsa motho e mong, le ha e-ba e ntse e le tsebetsong ea molao, re tšoanetse ho bolela melato ea rōna, ‘me re busetse tsohle tseo re ka khonang ho li khutlisa. Ke tōka ho khutlisa tsohle tseo re neng re li nkile, hammoho le phaello eo li ka beng li e entse, hoja li ile tsa sebelisoa hantle, nakong eo li neng li le ho rōna.EN 370.4

    Mopholosi O ile A re ho Sakiea, “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho.” Kreste O ile lapeng la Sakiea ho mo fa lithuto tsa ‘nete, le ho laea ba ntlo ea hae mabapi le lintho tsa ‘Muso oa maholimo. Ba ne ba sa kene masinagogeng ka lebaka la ho nyatsuoa ke baruti le barapeli, ‘me joale ba bokana lapeng la bona haufi le Mosuoe ea Halalelang, ‘me ba utloa mantsoe a bophelo ho Eena.EN 370.5

    Ha Kreste A amoheloa e le Mopholosi oa motho, pōlōko e kena pelong. Sakiea o ne a ile a amohela Jesu, e seng joaleka moeti ea fetang ka tsela, empa e le ea tlang ho lula tempeleng ea pelo. Bangoli ba molao le Bafarisi ba ne ba mo ahlola ka hore ke moetsalibe, empa Morena A ‘mona e le Mor’a Aborahama. Sheba Bagalata 3:7,29. EN 371.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents