Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Maria O Ile A Mamela Tšusumetso Ea Moea O Halalelang

    Maria o ne a sa tsebe bohlokoa ba ketso ea hae ea lerato hantle. O ne a ke ke a hlalosa hore na ke hobaneng ha a khethile ho tlotsa Jesu moketeng oo. Moea o Halalelang o ile oa hlophisa tsohle bakeng sa hae, ‘me eena o ile a mamela tšusumetso ea Oona. Tsusumetso ha e emele ho fana ka mabaka. Ke boteng bo sa bonoeng bo sisinyang pelo hore e kene tsebetsong. Ke tōka ka boeona.EN 375.1

    Kreste O ile A bolella Maria moelelo oa ketso ea hae, A re, “Ka ho tšèla setlolo sena holim’a ‘mele oa ka, o lokiselitse ho èpèloa ha ka.” Joalekaha pitsana ea alebastera e ile ea shoa, ‘me monko oa setlolo sa eona oa tlala ka tlung, ka mokhoa o joalo, le ‘mele oa Kreste o ne o tla rojoa empa o ne o tla tsoha lebitleng, ‘me monko o monate oa bophelo ba Hae O tlale lefaše lohle. “Joalekaha le Kreste a le ratile, ‘me a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Molimo.” Baefese 5:2.EN 375.2

    “Ruri kea le bolella, hohle lefatšeng, moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatsoa teng, seo a se entseng se tla boleloa, e be seo a hopoloang ka sona,” ha rialo Kreste. Mopholosi O ne A bolela ka ho tiea, malebana le litaba tse molemo tse tlang ho boleloa ka Eena ka lefatše lohle. Hohle moo Evangeli e tla fihla teng, mpho ea Maria e tla fihla e le monko o monate, ‘me lipelo li tla hlohonolofatsoa ka baka la ketso ea hae e se nang boithati. Mebuso e ne e tla ba teng e be e fele, mabitso a bahale a lebaloe, empa haele ketso ea mosali enoa, e ne e ke ke ea hlakoloa libukeng tsa histori e halalelang. Ho fihlela bofelong pitsa ea alebastera e shoeleng, e tla bolela pale ea lerato le leholo la Molimo ho sechaba sa Hae se oeleng.EN 375.3

    Kreste A ka be ile A fa Judase thuto e hlabang hakaakang! Eena ea tsebang ho bala sephiri sa pelo e ‘ngoe le e ‘ngoe, O ne A ka senolela ba neng ba phuthehile moketeng liphiri tsa lefifi tse maiphihlelong a Judase. Ho fapana le ho hauhela bafumanehi, Judase o ne a utsoa chelete e neng e reretsoe ho ba thusa. Empa hoja Kreste A phatlalatsa boikaketsi ba Judase, hona ho ka be ho nkiloe e le lona lebaka leo a Mo ekileng ka lona. Judase a ka be a fumane kutloelo-bohlōkō esita le har’a barutuoa ba Jesu. Mopholosi A qoba ho mo fa monyetla oa ho tšireletsa bokoenehi ba hae.EN 375.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents