Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Judase O Tloha Moketeng Ho Ea Hlopha Tsa Ho Eka Jesu

    Mokhoa oo Jesu A ileng A sheba Judase ka oona, o ile oa mo kholisa hore Mopholosi O tseba boikaketsi ba hae hantle, ‘me o balile semelo sa hae se khopo. Eitse ha a nyatsa ketso ea Maria, Kreste A mo khalemela. Khalemelo eo ea mo hlaba ka pelong, ‘me a tsoa a ea tlung ea borena ea moprista e moholo, ‘me a tlaleha hore a ka èka Jesu, A ba neha Eena.EN 376.1

    Baetapele ba Iseraele ba ne ba filoe monyetla oa ho amohela Kreste e le Mopholosi oa bona, ntle le chelete kapa theko ea letho. Empa ba hana mpho eo ea bohlokoa ‘me ba reka Morena oa bona ka lichelete tsa silefera tse mashome a mararo.EN 376.2

    Judase a tletlebisoa ke mpho ea setlolo se theko e boima, eo Maria a e fileng Jesu. Pelo ea hae ea tuka ke mōna, oa hore ebe Mopholosi ke Eena ea amohetseng mpho eo e tšoanelang Marena a maholo lefatšeng. A èka Morena oa hae ka theko e tlase haholo ho theko ea setlolo seo.EN 376.3

    Barutuoa ba ne ba sa tšoane le Judase. Ba ne ba rata Mopholosi leha ba ne ba sa utloisise tsela tsa Hae hantle. Empa banna ba bohlale ba Bochabela, ba neng ba tseba hanyenyane haholo ka Jesu, ba ne ba ile ba bontša thahasello ea ‘nete le hlompho e Mo lokelang.EN 376.4

    Kreste O ne A nka liketso tse molemo, tse tsoang botebong ba pelo, e le tsa bohlokoa. O ne A sa hane palesanyana eo A e kheletsoeng ke ngoana, ‘me a Mo fa eona ka lerato. O ne A amohela linyehelo tsa bana, ‘me A hlohonolofatsa bafani bao. Mangolong a halalelang, ketso ea Maria ea ho tlotsa Jesu ka setlolo, e boleloa e le eona e mo hlalohanyang ho bo-Maria ba bang. Liketso tsa lerato le hlompho ho Jesu, li bontša ho lumela ho Eena hore ke Mora oa Molimo.EN 376.5

    Kreste O ile A amohela leruo la Maria la lerato le hloekileng, leo barutuoa ba sa kang ba le utloisisa, le hona leo ba ke keng ba le utloisisa. O ne a tlanngoe ke lerato la Kreste. Setlolo seo e ne e le pontšo ea pelo ea mofani, e le pontšo e bonahalang ea lerato le fepeloang ke melatsoana ea leholimo, ho fihlela le tšoloha.EN 376.6

    Barutuoa ha baa ka ba lemoha bolutu boo Kreste, ha A ne A phela bophelo ba botho, A neng A le ho bona; athe ba ne ba tšoanetse ho lemoha. Hangata O ne A utloa bohlōkō. ‘Me O ne A tseba hore haeba barutuoa ba Hae ba ne ba le tlas’a tšusumetso ea mangeloi a leholimo a tsamaeang le Eena, le bona ba ne ba tla lumela hore ha ho nyehelo e theko e lekaneng ho bontša lerato le ka pelong.EN 377.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents