Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Molimo O Sebetsang Ka Teng

    Ha a ka a elelloa hore Mora oa Molimo O tsoanetse ho sebetsa joaleka Molimo e leng ka qenehelo, bonolo le mohau. Maikutlo a Simone e ne e le hore ho se natsoe ketso eo ea Maria ea pako. Ketso eo ea Maria ea ho aka maoto a Kreste le ho a tlotsa ka setlolo, e ile ea utloisa Simone bohlōkō haholo pelong ea hae e thatafetseng. O ne a nahana hore Kreste O tla elelloa baetsalibe, ‘me a ba khalemele.EN 378.3

    Mopholosi A araba mohopolo oo o sa buuoang, A re, “Simone, ke na le seo ke ratang ho u bolella sona. Moalimani e mong o ne a e-na le ba babeli ba alimileng ho eena; e mong o ne a le molato oa lidenare tse makholo a mahlano, e mong eena tse mashome a mahlano. Kaha ba ne ba se na seo ba ka ‘museletsang ka sona a ba leballa molato bobeli. Ke ofe ho bona ea tla mo rata ho feta? Simone a araba, a re, ‘Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta’. Jesu a re ho eena: U ahlotse ka nepo.”EN 378.4

    Joalokaha Nathane a kile a etsa ho Davida (2 Samuele 12:1-7), Kreste A rolela ho Simone boikarabelo ba hore a ikahlole e le eena. Simone e ne e le eena ea lihetseng mosali enoa sebeng, joale o se a mo nyefola. Mosali eo o ne a foselitsoe haholo ke eena Simone. Setšoantšong sena sa batho ba babeli ba neng ba kolota morui chelete, ho ne ho tšoantšoa Simone le mosali eo. Sepheo sa Jesu e ne e se ho ruta hore melato eo ea fapana ho latela ho fetana ha eona, hoba ka bobeli ba bona, e mong le e mong o ne a kolota ho fana ka teboho e neng e ke ke ea lefelloa. Empa Jesu O ne A lakatsa ho bontša Simone hore sebe sa hae se seholo ho feta sa mosali eo, joalokaha sekoloto sa lidenare tse makholo a mahlano se feta sa lidenare tse mashome a mahlano.EN 378.5

    Joale Simone a qala ho itemoha bocha. A bona hore na Maria o shejoa joang ke Eo ea phahameng ho feta moporofeta feela. Lihlong tsa mo aparela, ‘me a elelloa hore o pel’a Ea moholo ho mo feta.EN 379.1

    Kreste A tsoela pele A re, “Ke kene ka tlung ha hao, ha ua mpha metsi a ho hlatsoa maoto,” empa Maria o hlatsoitse maoto a ka, ka meokho ea pako, ‘me a a hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. “Ha ua ka ua nkaka, empa mosali enoa,” eo o mo nyelisang “haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.” Kreste O ne A balla Simone makhetlo ao a bileng le ‘ona, hore a ka bontša teboho ea hae ka tseo Morena oa hae a mo etselitseng tsona.EN 379.2

    Ea Balang Liphiri, o ile a bala sepheo se entseng hore Maria a etse ketso eo a e entseng; hape A bona le moea o susumelitseng Simone hore a buoe mantsoe ao a a buileng. “Mosali enoa ua ‘mona?” Ho rialo Jesu ho Simone. “Kea u bolella: O tšoaretsoe libe tsa hae leha li le ngata, ka hona o bontšitse lerato le leholo; athe ea tšoaretsoeng ho ho honyenyane o rata hanyenyane.”EN 379.3

    Simone o ne a nahanne hore o hlomphile Jesu ka ho mo memela tlung ea hae. Empa joale a ipona seo a leng sona. A bona hore tumelo ea hae e ne e le seaparo sa Bofarisi. O nyelisitse mohau oa Jesu. Ha a ka Mo elelloa e le moemeli oa Molimo. Maria e ne e le moetsalibe ea tšoaretsoeng, eena e le moetsalibe ea sa tšoareloang.EN 379.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents