Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Hobaneng Ha Jesu A Ile A Lumella Pontšo Ee

    Jesu O ne A e-s’o lumelle pontšo ea mofuta oona le ka mohla. O ne A bone hantle hore na qetello e tla ba efe. E ne e tla Mo isa scfapanong. Empa O ile A lakatsa ho bonahatsa sehlabelo seo e neng e tla ba sehlohlolo sa borōmuoa ba Hae lefatšeng le oeleng. Eena, konyana ea sebele, O ile A etsa ketso ea boithaopo, A ikhethela ho ba sehlabelo. Ka mengoaha eohle e hlahlamang moo, kereke ea Hae e tšoanetse ho ithuta le ho nahana ka lefu la Hae ka maikutlo a tebileng. Ntlha e ‘ngoe le e ‘ngoe e amanang le lona e loketse hore e hlalosoe ka ‘nete eohle, ho sa sale khoao ea letho. Liketsahalo tse etellang pele sehlabelo se seholo sa Hae, li tšoanetse ho se hlakisetsa hantle. Kamora’ pontšo e tšoanang le eo e entsoeng ha A kena Jerusalema, mahlo ‘ohle a tla Mo latela ho fihlela mothating oa ho qetela. Ho palama hona ho tlōtlisehang ho ne ho tla qoqoa ke batho bohle ‘me Kreste O ne A tla nahanoa ke batho kaofela. Kamor’a hore A thakhisoe, ba bangata ba ne ba tla hopola liketsahalo tsena ‘me ba chesehele ho batlisisa boporofeta. Ba ne ba tla kholiseha hore Jesu E ne e le Mesia.EN 382.4

    Letsatsi lena, leo ho barutuoa le neng le bonahala e le la bohlokoa-hlokoa maphelong a bona, le ka be le ntšofalitsoe ke maru hoja ba tseba hore ke lona selelekela sa lefu la Morena oa bona. O ne A ile A ba bolella ka sehlabelo sa Hae ka makhetlo a mangata, empa ka lebaka la thabo ea tlhōlo, ba ile ba lebala mantsoe a Hae a mahlomola.EN 383.1

    Ntle le ba seng bakae, bohle ba neng ba kene mokolokong oo, ba ne ba tletse thabo ea motsotso oo. Litlatse li ne li utloahala li sa khaotse, li re, “Hosanna ho Mora oa Davida! Ho bokoe ea tlang ka lebitso la Morena! Hosanna maholimong a holimo-limo!”EN 383.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents