Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu Oa Lla

    Jesu A boha pono ena, ‘me matšoele a khutsa, ba hohetsoe ke pono e ntle eo. Mahlo ‘ohle a sheba ho Mopholosi. Ba ile ba makala le hona ho soaba ha ba bona mahlo a Mopholosi a tletse meokho ‘me ‘mele oa Hae o tsukutleha joaloka sefate har’a sefefo. Sello se bohlōkō, se tsoang pelong e utloileng bohlōkō haholo, sa tsoa molomong oa Hae o thothomelang. Mangeloi a bona pono e makatsang! A pono e tšosang ho letšoele le neng le thabile, le Mo felehetsa ho Mo isa motseng o khanyang, moo ba neng ba tšepile hore O il’o busa! Masoabi ana a fihlileng ka potlako, a ne a tšoana le sello se phahameng ka har’a pina e kholo ea thabo. Morena oa Iseraele O ne A lla meokho, e seng meokho ea thabo, e khutsitseng, empa e le ea bohlōkō bo ke keng ba thijoa. Letšoele la sulafalloa hang-hang. Ba bangata ba lla ba hlomohile lipelo, ka lebaka la bohlōkō boo ba neng ba sitoa ho bo utloisisa.EN 384.3

    Ka pejana ho Jesu mane e ne e le Gethesemane, moo matsoalo a lefifi le letšo a neng a tla Mo aparela haufinyane. Monyako oa linku le ona o ne o bonahala, moo ka lilemo-lemo liphoofolo tsa lihlabelo li neng li khanneloa teng. Haufinyane monyako oo o ne o tla buleloa Eena, e leng Motšoantšioa e moholo eo linyehelo tsohle li neng li ntse li supa sehlabelo sa Hae. Gologotha e ne e le haufi, moo A neng A tla bonoa A le mahlomoleng. Leha hole joalo, masoabi a hae a ne a hloka boikhabo. Ho nahana ka mahlomola a Hae, ha hoa tšabisa moea oa Hae o khabane ho iketsa sehlabelo. Pelo ea Jesu e ne e hlabiloe ke ho bona Jerusalema -Jerusalema ea lahlileng Mora oa Molimo, a nyelisa lerato la Hae, ‘me joale a le lekhatheng la ho felisa bophelo ba Hae. A bona seo Jerusalema a neng a ka ba sona hoja a Mo amohela, Eena a ‘notsši ea neng A ka folisa maqeba a hae. O ne a ka lahla Jerusalema joang?EN 385.1

    Iseraele e ne e le sechaba se ratoang haholo; Molimo O ne A entse tempele ea bona lehae la Hae, e ne e “khahleha ka bophahamo ba eona, e thabisa lefatše lohle”. Pesaleme 48:3. Jehova O ne A bonahalitse khanya ea Hae ka hare ho eona, baprista ba ne ba etsa litšebeletso, ‘me ka lilemo tse ngata ho ne ho ntšetsoa pele litšebeletso le mekete. Empa tsena tsohle tsa tšoanela ho fihla pheletsong. Jesu A phahamisetsa letsoho la Hae nq’a Jerusalema, motse o ahloletsoeng timelo ‘me A bua A le bohlōkō, A re, “Hojane le uena u tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang khotso!” Mopholosi ha A ka A buoa ka seo Jerusalema a neng a kaba sona, hoja o ile a amohela thuso eo Molimo A neng A lakalitse ho mo fa eona -e leng Mora oa Hae. Jerusalema a ka be a eme a ikhantšitse ka borui, e le mofumahali oa mebuso, a lokolohile ka matla ao a a filoeng ke Molimo, hose lifolokha tsa Maroma tse ntseng li fokaela marakong a hae. Mora oa Molimo a bona hore Jerusalema a ka be a lokolotsoe bokhobeng ‘me a tiisitsoe e le motse-moholo o matlamatla lefatšeng ka bophara. Leeba la khotso le ne le tla fofa ho leba lichabeng tsohle le tloha marakong a hae. Jerusalema e ne e tla ba moqhaka oa khanya lefatšeng.EN 385.2

    Empa Mopholosi a elelloa hore joale Jerusalema o tlas’a joko ea Maroma, e tla felisoa ka kahlolo ea Molimo ea phetetso. “Empa joale li siretse mahlo a hao. U tla fihleloa ke matsatsi, ao ka ‘ona lira tsa hao li tla u etsetsa thibella, li u teele hare, li u patise kahlohle, li u ripitle, uena le bana ba hao ba ho uena, ‘me li ke ke tsa siea lejoe holim’a lejoe le leng, hobane u sa ka ua tseba nako eo Molimo a u etetseng ka eona ho u pholosa.”EN 386.1

    Jesu A bona motse ona o timelang o pota-potiloe ke lebotho la sesole, baahi ba oona ba hapuoa, ba qetoa ke tlala le lefu, bo’mè ba ja litopo tsa bana ba bona, ‘me batsoali le bana ba amohana lijonyana tsa ho qetela — lerato la tlhaho le felisitsoe ke litsenene tse bohale tsa tlala. A bona hore manganga a Bajuda a tla etsa hore ba hane ho inehela ho mabotho a ba hlasetseng. A bona Gologotha e tletse lifapano tse ririellaneng joaloka moru. A bona matlo a marena a matlehali a senngoa, le tempele e senyehile, ‘me marako a eona a maholo a senyehile hoo ho neng ho se lejoe le setseng le eme holim’a le leng, athe motse oona o ne o lenngoe joaleka tšimo.EN 386.2

    Jesu A llela motse o ratoang, joalokaha ntate a llela mora oa hae ea lahlehileng. Nka u lahla joang? Na nka u lebella joang ha u inehela tšenyehong? Ha letsatsi le likelella bophirimela, ho tla be ho fetile letsatsi la hore Jerusalema a ka fumantšoa mohau. Ha mokoloko o ntse o emisitse holim’a thaba ea Mehloare, nako e ne e sale teng bakeng sa hore Jerusalema a sokolohe. Ha mahlaseli a ho qetela a letsatsi a sa le teng holim’a tlhōro ea tempele, na ebe lengeloi le molemo le ke ke la atametsa Jerusalema haufi le lerato la Mopholosi? Motse o motle, feela o hlokang khalalelo, o tlepelitseng baporofeta ka majoe, oa ba oa lahla Mora oa Molimo — letsatsi la oona la mohau le felile!EN 386.3

    Athe Moea oa Molimo o ne o tla buoa le Jerusalema hape. Pele letsatsi le likela ho ne ho tla boela ho etsoa bopaki bo bong ka Kreste. Haeba Jerusalema a ne a ka amohela Mopholosi ea kenang menyakong ea hae, o ne a tla pholosoa!EN 387.1

    Empa babusi ba Jerusalema ha ba ka ba amohela Mora oa Molimo. Eare ha mokoloko o le haufi le ho theoha thabeng ea Mehloaare, ba o thiba, ba botsa hore na lebaka ke lefe le bakileng pherekano eo. Eare ha ba ntse ba botsa, ba re, “Enoa ke mang?” eaba barutuoa, ba tletse moea oa tšutšmetso, ba pheta boporofeta bo bolelang ka Kreste, ba re:EN 387.2

    Adama o tla le bolella, a re: Ke peo ea mosali, e tla khoba hlooho ea noha. Sheba Tsimoloho 3:15.EN 387.3

    Aborahama o tla le bolella, a re: Ke Melekisedeke, morena oa Salema, morena oa khotso. Sheba Tsimoloho 14:18.EN 387.4

    Esaea o tla le bolella, a re: “Emanuele,” “Ralimakatso le Moelctsi, Molimo ea matla, Rabosafeleng, Khosana ea Khotso.” Esaea 7:14; 9:6.EN 387.5

    Jeremia o tla le bolella, a re: Lehlomela la Davida, “Morena ke eena ho lōka ha rōna.” Jeremia 23:6EN 387.6

    Daniele o tla le bolella, a re: Ke Mesia (“Motlotsuoa oa Molimo”) Sheba Daniele 9:24-27.EN 387.7

    Johanne Mokolobetsi o tla le bolella, a re, ke “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” Johanne 1:29.EN 387.8

    Jehova ea phahameng O phatlalalitse, A re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang.” Matheu 3:17.EN 387.9

    Rōna, barutuoa ba Hae, rea bolela, re re: Enoa ke Jesu, Mesia, Khosi ea bophelo le Mopholosi oa lefatše.EN 387.10

    Le morena oa matla a lefifi oa amohela o re: “Kea tseba hore na u mang: U Ea Halalelang oa Molimo.” Mareka 1:24.EN 387.11

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents