Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lejoe La Mohlolo Le Emetseng Kreste

    Mopholosi A ba sheba ka mohau, ‘me A tsoela pele, A re, “Na ha le e-s’o bale Mangolong a halalelang, moo ho thoeng: Lejoe le lahliloeng ke lihahi le fetohile lejoe la mantlha; ke Morena ea entseng hona, ‘me mahlong a rōna ke mohlolo? Ka baka leo, kea le bolella, ke re, le tla amohuoa ‘Muso oa Molimo, ‘me o tla neoa sechaba se behang litholoana tsa oona. Mang kapa mang ea oelang holim’a lejoe lena o tla tamukana, ‘me le tla silakanya eo le mo oelang holimo.”EN 400.2

    Boporofeta bona bo ne bo phetiloe hangata ke Bajuda masinagogeng, bo supa ho Mesia ea tlang. Kreste E ne E le lejoe la sekhutlo sa tsoelo pele ea Bajuda, esita le morero oohle oa pholoho. Lihahi tsa Bajuda joale li ne li lahla lejoe lena la motheo. Mopholosi O ile A leka ka mekhoa eohle, ho ba hlakisetsa sebōpeho sa ketso eo ba neng ba le haufi le ho e etsa. Ha litemoso tsa Hae li sitoa ho ba tsosolosa hore ba bake, li ne li tla tiisa timelo ea bona, ‘me Mopholosi O ile A leka ho ba bontša tōka ea Molimo ka ho ba amoha litokelo tsa bona tsa bochaba, tse neng li tla qetella ka hore ho heletsoe tempele, ho senngoe motse, ‘me le sechaba se qhalakane.EN 400.3

    Ba mametseng ba elelloa temoso, empa kahobane ba ne ba sitoa ho mamella kahlolo eo ba iphileng eona ka bo bona, baprista le babusi ba ile ba lokela ho phethahatsa setšoantšo sena ka ho re, “Enoa ke mojalefa; a re ‘molaeeng.” “Ba ne ba batla ho mo tšoara, ba mpa ba tšaba matšoele,” kahobane maikutlo a sechaba a ne a le ho Kreste.EN 400.4

    Ka ho qotsa boporofeta ba lejoe le lahliloeng, Kreste O ne A bua ka se ileng sa etsahala ha ho ne ho ahuoa tempele ea pele. Taba ena e ne e na le thuto e khethehileng nakong ea ha Kreste A ne A le lefatšeng lekhetlo la pele, empa hape e na le thuto bakeng sa rona. Ha ho ne ho ahuoa tempele ea Solomone, ho ne ho betloa majoe a maholo koaring. Kamora’ hore a tlisoe moo ho ahelong teng, hoa basebetsi e ne e se e le feela ho a beha libakeng tse lōkelang. Bakeng sa motheo, lejoe le leng le neng le tlisitsoe, e ne e le le boholo bo makatsang le sebōpeho se sa tloaelehang, empa lihahi tsa sitoa ho fumana sebaka se le lōkelang. La fetoha khopiso ha le lutse le sa sebelisoe, le koetse tsela. Ka nako e telele la lula e le lejoe le lahliloeng.EN 400.5

    Eitse ha lihahi li lōkela ho theha sekhutlo, ba qeta nako e telele ba ntse ba batla lejoe la boholo bo nepahetseng, le sebōpeho se lōkelang, ebile le le matla, le tle le tsebe ho jara boima bo boholo bo neng bo tla emisoa holim’a lona. Ha ba ne ba ka khetha lejoe le sa nepahalang, moaho oohle o ne o ka ‘na oa senyeha. Ho ne ho ile ha khethoe majoe a mangatanyana, empa e re ha a hatelloa ka boima bo boholo, e be a pshatleha likotoana.EN 401.1

    Empa qetellong ba elelloa lejoe lane leo ba neng ba le lahlile. Lejoe leo e sale le chesoa ke letsatsi, le otloa ke lifefo empa le sa bontše ho peperana kae kapa kae. Le ne le hlotse liteko tsohle, haese teko e le ‘ngoe, ea ho hatelloa haholo. Teko eo e ile ea etsoa. Lejoe la amoheleha, la isoa sebakeng se hlokehang, ‘me la fumanoa e le le nepahetseng le lekaneng hantle. Lejoe lena le ne le tšoantša Kreste. Esaea o re:EN 401.2

    “Ke eena eo e tla ba sehalalelo, empa ho matlo a mabeli a Iseraele, ke eena lejoe le tla ba khōpa, ke eena lefika le tla ba thula,...Ba bangata ba bona ba tla khothametseha, ba oe, ba robehe, ba bangata ba bona ba oele lerabeng, ba tšoasoe.” Kreste O ne A tla feta tlas’a liteko le mahlomola, e leng tsona tse tšoantšitsoeng ka lejoe la mothèo la sekhutlo sa tempele ea Solomone. “Ke bea lejoe la mothèo Sione, lejoe le lekiloeng, la bohlokoa, la mantlha; ka lejoe la ‘nete, la mothèo: Ea lumelang hona o tla ba le mamello.” Esaea 8:14,15; 28:16.EN 401.3

    Molimo O khethile lejoe la motheo ‘me A le rea A re, ke, “Motheo o tiileng.” Lefatše lohle le ka beha mathata le mahlomola a lona holim’a lejoe leo. Ba ka haha ho lona, ‘me ba bolokeha kahohle. Ha A ke be A soabise ba Mo tšepang. O ile A mamella liteko tsohle. O jarile mathata ‘ohle a tlisoang holim’a Hae ke moetsalibe e mong le e mong ea bakang. Bohle ba itšepetseng Eena ba phomola tšireletsong e phethahetseng.EN 401.4

    Kreste ke “Motheo o tiileng” ebile, ke ‘’lejoe le khopang.” “Ka baka leo, ho lona ba lumelang ke la bohlokoa, empa ho ba ba sa lumeleng, ho thoe: Lejoe le lahliloeng ke lihahi, le fetohileng lejoe la mantlha, ke lejoe le tla ba khōpa, le lefika le tla ba thula. Ba sa lumeleng lentsoe la Molimo baa khoptjoa: hona ke kabelo ea bona.” I Petrose 2:7,8.EN 402.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents