Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Re Ka Hahuoang Ka Hore Re Tamukane

    Ho bao ba lumelang, Kreste ke motheo O tiileng. Ba oela holim’a lejoe ‘me ba “tamukana.” Ho oela holim’a lejoe ‘me re tumukana ke ho tlohela ho ipeha ba lokileng, ‘me re ee ho Kreste ka boikokobetso bo tšoanang le ba ngoana, re baketse libe tsa rōna, ‘me re lumela leratong la Hae le tšoarelang. Hape ka tumelo le hlompho re haha holim’a Kreste e le motheo oa rōna.EN 402.2

    Bajuda le balichaba ka ho tšoana, ba ka haha holim’a lejoe lena le phelang. Le bophara bo lekaneng ho amohela bohle, ‘me le matla a lekaneng ho jara boima le mathata a lefatše lohle. Ka ho ikopanya le Kreste, bohle ba hahang holim’a motheo ona eba majoe a phelang. Sheba I Petrose 2:5.EN 402.3

    “Ba sa lumeleng lentsoe la Molimo, baa khoptjoa: hona ke kabelo ea bona.” Kreste ke lejoe le ba khopang. Joaloka lejoe le lahliloeng, Kreste O ile A furalloa ‘me A sotloa. O “ile a nyelisoa, a furalloa ke batho, ea e-ba motho oa mahlomola, ea tsebang mahlōkō....o ile a nyelisoa, ra se ke ra mo natsa.” Esaea 53:3. Empa ka ho tsoha bafung, O ne a tla phatlalatsoa e le “Mora ea matla oa Molimo.” Baroma 1:4. Ha A etla la bobeli, O ne A tla bonahatsoa e le Morena oa Leholimo le lefatše. Lejoe le lahliloeng le ne le tla fetoha hlooho ea sekhutlo, ka pele ho maholimo le lefatše.EN 402.4

    ‘Me “le tla silakanya eo le eo le mo oelang holimo.” Batho ba ileng ba furalla Kreste, ba ne ba le haufi le ho bona motse oa bona le sechaba, o timela, ‘me tlotla ea bona e hasana joaloka lerole ha le nkoa ke sefefo. ‘Me ke’ng eo e timelitseng Bajuda? Ke Lefika leo hoja ba haha holim’a lona, le ka beng le ba fetohetse qhobosheane. Lefika lena e ne e le molemo oa Molimo o nyelisitsoeng, e le mohau oa Hae o nketsoeng tlase. Batho ba ile ba ipeha khahlanong le Molimo, ‘me tsohle tseo e neng e kaba topollo ea bona tsa fetoha timelo ho bona.EN 402.5

    Bajuda ka ho thakhisa Kreste, ba ile ba baka timelo ea Jerusalema. Boima ba mali a tšolohileng Sefapanong ba ba tetebeletsa timelong.EN 403.1

    Ho tla ba joalo ka letsatsi le leholo la ho qetela, ha kahlolo e beoa ho ba ileng ba furalla mohau oa Molimo. Kreste ka nako eo O tla hlaha joaloka thaba e iphetetsang. Khanya ea sefahleho sa Hae, eo e leng bophelo ho ba lōkileng, ho ba khopo e tlaba mollo o timetsang. Ka lebaka la ho latola lerato, le ho nyelisa mohau, moetsalibe o tla timetsoa. Maiphihlelong a moetsalibe e mong le e mong, ho hlaha libōpeho tsena tse fapakaneng: tempele e silafalitsoeng, mora ea sa hlonepheng, balemi ba sa tšepahaleng, le lihahi tse nyatsitseng lejoe. Ha moetsalibe a sa bake, timelo e tšoantšitsoeng maiphehelong a batho bana e tla mo oela holimo.EN 403.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents