Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 66—KRESTE O TSIETSA LIRA TSA HAE

    [Khaolo ena e ipapisitse ka Matheu 22:15-46; Mareka 12:13-40; Luka 20:20-47.]

    Baprista le babusi ba ile ba hloloa ho latola liqoso tsa Kreste. Empa ba ikemisetsa le ho feta pele ho Mo behela maraba ao ba ka Mo tšoasang ka ‘ona. Ba rōma lihloela, “tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore li tle li mo tšoare ka lipuo, li mo neele ‘musisi.” Bahlanka bana ba chesehang, ba sehlahlo, ba ne ba felehelitsoe ke balateli ba Heroda ba neng ba il’o mamela lipolelo tsa Kreste, e le hore ba tle ba mo tšoase ka tsona mohla nyeoe ea hae.EN 404.1

    Bafarisi ba ne ba hlola ba tletlebisoa ke taba ea ho ntšetsa Baroma lekhetho, ba re ke ketso e sa lumellaneng le molao oa Molimo. Joale lihloela tsa tla ho Jesu joalokaha eka ba nyoretsoe ho tseba seo ba tšoanelang ho se etsa. Ba re, “Moruti, rea tseba hore u motho oa ‘nete, ‘me u ruta tsela ea Molimo kannete, ha u natse motho, hobane ha u ee ka tšobosi. Re bolelle he: U re’ng? Na hoa lumelleha hore ho ntšetsoe Sesare lekhetho kapa che?”EN 404.2

    Bao ba neng ba botsa Jesu potso ba ne ba nahana hore ba patile sepheo sa bona, empa Jesu O ile A bala se ka pelong tsa bona joalokaha A bala buka. A re ho bona, “Le ntekela’ng?” A bontša hore O balile morero le sepheo sa bona. Eare ba sa ntse ba ferekane A eketsa, A re, “Mpontšeng chelete ea lekhetho.” Ba e tlisa, ‘me A ba botsa A re, ‘’Setšoantšo see, le mongolo oo, ke tsa mang?” Ba araba, ba re, “Ke tsa Sesare.” Jesu A supa denare, ‘me A re, “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Molimo seng sa Molimo.”EN 404.3

    Lihloela tsa ikutloa li phoqehile ‘me li hlotsoe. Mokhoa o potlakileng oo potso ea bona e ileng ea arajoa ka oona, oa ba hlokisa seo ba ka tsoelang pele ho se bua. Karabo ea Kreste e ne e se ho baleha potso empa e ne e le ‘nete feela e tobileng potso ea bona. A ntse a tšoere denare eo, Kreste a phatlalatsa hore kaha ba ne ba phela tlas’a tšireletso ea ‘muso oa Maroma, ba tsoanetse ho tšeetsa ‘muso oo. Empa ha ba ntse ba ikokobeletsa melao ea naha, ba tsoanetse hore ka linako tsohle botsepehi ba bona ba pele bo be ho Molimo.EN 405.1

    Hoja Bajuda ba ne ba ile ba phethahatsa litšoanelo tsa bona ho Molimo ka botsepehi, ba ka be ba sa oela tlas’a puso ea balichaba. Ho ka be ho sa ka ha e-ba le folakha ea Maroma e fokaelang holim’a Jerusalema, ho ka be ho sa ka ha eba le ‘musisi oa Roma ea busang ka har’a marako a Jerusalema.EN 405.2

    Bafarisi ba hlolloa ke karabo eo ea Kreste. Ha A ka A khalema feela boikaketsi ba bona, empa A ba bontša molao o moholo o bontšang moo boikarabelo ba tšoanelo ea motho bo fellang teng, ha ho tluoa tšebeletsong ea ‘muso oa naha le tšebeletsong ea Molimo. Leha e le moo ba bangata ba ile ba tsamaea ba sa khotsofala, empa ba ile ba elelloa hore molao o malebana le potso eo ea bona o hlalositsoe hantle, ‘me ba hlolloa ke kamoo Kreste A boneng sephiri sa bona ka teng.EN 405.3

    Eitse hoba Bafarisi ba khutsisoe, ha tla Basaduke ka lipotso tsa bona tse masene. E ne e le sehlopha se tletseng botlokotsebenyana. Leha ho le joalo har’a bona ho ne ho na le batho ba nang le bolumeli ba sebele, ba ileng ba amohela lithuto tsa Kreste. Basaduke ba ne ba ipolela hore ba lumela karolo e kholo ea Mangolo a Halalelang, empa bophelo ba bona e ne e le ba batho ba hanyetsang bolumeli, ba ratang leruo.EN 405.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents