Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tsoho Ea Bafu, Thuto E Bakileng Khang

    Thuto ea tsoho ea bafu e ne e baka khang lipakeng tsa Bafarisi le Basaduke. Bafarisi ba ne ba lumela ka ho tiea hore tsoho ea bafu e teng, empa maikutlo a bona a ne a ferekana malebana le boemo ba bokamoso. Lefu ea eba mohlolo o ke keng oa hlalosoa. Lipuisano pakeng tsa lihlopha tsena tse peli, li ne li atisa ho qetella ka khang e bakang khalefelano.EN 405.5

    Basaduke ba ne ba se na tloaelano e kaalo le batho ba maemo a tlase, empa bongata ba ne ba ena le tšusumetso e tlisoang ke borui! Hangata ho ne ho khethoa moprista e moholo har’a bona. Taba ena ea hobane ba ne ba na le monyetla oa ho khetheloa setulo se joalo ea neha liphoso tsa bona sebaka sechabeng.EN 406.1

    Basaduke ba ne ba hana lithuto tsa Jesu hobane thuto ea Hae mabapi le bophelo bo tlang e ne e hanana le lithuto tsa bona. Ba ne ba lumela hore, kamora’ hore Molimo A bope motho, O ile A mo tlohella ho itaola, ho se matla a phahameng a mo laolang. Ba ne ba bolela hore motho o na le bōlōkōlohi ba ho itsamisetsa bophelo ba hae, ‘me a laole liketsahalo tsa lefatše kamoo a ratang kateng; ‘me bofello ba hae bo matsohong a hae.EN 406.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents