Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Maikutlo A Motho Ka Molimo A Bopa Semelo Sa Motho Ea Joalo

    Maikutlo a bona ka Molimo a ile a bopa limelo tsa bona. Ka ho ea ka bona, Molimo ha A na thahasello ho motho, kahoo ba ne ba sa tsotellane ka bo bona. Ka hobane ba hanne ho amohela tšusumetso ea Moea o Halalelang, ba ne ba haelloa ke matla a Hae maphelong a bona. Ba ne ba ikhantša ka litokelo tsa bona tsa tlhaho, e le bana ba Aborahama, empa ba ne ba hloka tumelo le kutloelo-bohlōkō, ba sa tšoane le Aborahama. Lipelo tsa bona li ne li sa angoe ke bohloki le mahlomola a ba bang. Ba ne ba iphelela bo-bona.EN 406.3

    Ka lipolelo le mesebetsi ea Hae, Kreste A paka matla a halalelang a sebetsang mehlolo e meholo, le bophelo bo tlang, le hore Molimo ke Ntate oa bana ba batho, eo ka linako tsohle A ntseng A falimehetse tse molemo ho bona tsa ‘nete. A ruta hore Molimo o sebetsa pelong ea motho ka Moea o Halalelang. A bontša phoso e bakoang ke ho tšepa matla a batho hore a ka fetola semelo athe oo ke mosebetsi o ka etsoang ke Moea oa Molimo feela.EN 406.4

    Basaduke ba ne ba lumela hore ba ka senyetsa Jesu botumo mohlomong A be A qosoe, ha ba ka Mo phehisa khang. Ba khetha ho ‘Motsa ka tsōho ea bafu. Haeba A ka lumellana le bona, (hore tsōho ea bafu ha e-eo) O ne A tla be A sitetsoe Bafarisi. Haeba A ka fapana le bona ka maikutlo, ba ikemisetsa ho nyefola thuto ea Hae. Basaduke ba supa hore, haeba ‘mele o sa shoeng o tla be o entsoe ka lintho tse tšoanang le tsa ‘mele o shoang, o tla tšoanela ho ba le nama le mali, ‘me ha o kena lefatšeng le sa feleng, o tla lōkela ho tsoela pele ka bophelo ba lefatše lena, bo ileng ba khaoletsoa. Monna le mosali ba tla boela ba kopanngoa, manyalo a phethahale, ‘me lintho tsohle li etsahale joale ka pele lefu le e-ba teng.EN 406.5

    jesu A araba potso ea bona ka ho tlosa lesira le neng le koahetse bophelo ba ka moso. A re, “Tsōhong ea bafu batho ha ba nyalane, empa ba joaloka mangeloi leholimong.” Basaduke ba ne ba fositse. Jesu a eketsa, a re, “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Molimo.” Ha A ka A ba qosa ka boikaketsi, A mpa A ba qosa ka phoso ea ho se lumele.EN 407.1

    Jesu A hlalosa hore sesosa sa pherekano ea bona tumelong, le lefifi le likelellong tsa bona, li bakoa ke ho se tsebe Mangolo a halalelang le matla a Molimo. Kreste A ipiletsa ho bona hore ba bulele likelello tsa bona linnete tse halalelang, tse tla atlehisa kutloisiso ea bona. Liketekete li fetoha ba sa lumeleng ho Molimo, kahobane ba sa utloisise liphiri tsa Molimo. Senotlolo se le seng feela se ka re bulelang liphiri tse re potapotileng, ke hore re lumele hore Molimo O teng ka har’a tsona, le matla a Hae. Batho ba tšoanetse ho tseba hore Molimo ke ‘Mopi oa tsohle tse teng. Ke Eena ea laelang le ho phethahatsa lintho tsohle.EN 407.2

    Kreste O ile A bolella bamameli ba Hae hore hoja ha ho tsōho ea bafu, Mangolo a halalelang, ao ba ipolelang hore ba lumela ho ‘ona, ekaba ha a na thuso. A re, “Tabeng ea tsōho ea bafu, na ha le e-s’o bale seo Molimo a neng a le bolelle sona, a re: Ke ‘na Molimo ea Aborahama, Molimo oa lsaka, le Molimo oa Jakobo? Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke Molimo oa ba phelang.” Molimo o bona phetheho ea mosebetsi oa Hae joalokaha eka o se o qetiloe. Bafu ba khabane ba tla utloa lentsoe la Mora oa Molimo ‘me ba tsoe mabitleng, ba kene bophelong bo sa feleng. Ho tla ba le likamano tse mofuthu pakeng tsa Molimo le bahalaleli ba tsohileng bafung. Maemo ana O a bona joalokaha eka a se a ntse a etsahala. Leha ba shoele ba se ntse ba reretsoe hore ba tla phela.EN 407.3

    Basaduke ba khutsa tui Ho ne ho se polelo ho tseo A li buileng, e neng e ka ba neha leha e le monyetla o fokolang, hore ba qose Kreste.EN 407.4

    Leha ho le joalo Bafarisi ha ba ka ba lahla tšepo. Eaba ba phehella e mong oa bangoli ba molao, ea rutehileng haholo, hore a botse Jesu potso ea hore na melaong e leshome, oo e leng oa bohlokoa ho feta e meng ke ofe. Ba ne ba phamisitse melao e mene ea pele, eona e bontšang boikarabelo ba motho ka mong ho ‘Mopi oa hae, ba e nkile e le eona ea bohlokoa-hali ho feta e tšeletseng e latelang, e leng e bontšang boikarabelo ba motho ho motho e mong. Jesu O ne A qosoa ka hore O phahamisitse melao ea ho qetela e tšeletseng e le eona e bohlokoa ho feta ea pele e mene.EN 408.1

    Mongoli a atamela ‘me a botsa Jesu potso e tobileng, a re, “Taelo ea pele ho tsohle ke efe?” Le karabo ea Kreste ea e-ba e tobileng, A araba, A re, “Ea pele ke e reng:...U rate Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka maikutlo a hao ‘ohle, le ka matla a hao ‘ohle.” ‘Me oa bobeli o tšoana le oa pele, hobane o tsoa ho oona, ke o reng, “Rata mohaeno joalokaha u ithata. Ha ho taelo e ‘ngoe e kholo ho feta tsena.” “Molao oohle le Baporofeta ba itšetlehile ka litaelo tse peli tsena.”EN 408.2

    Melao ena ka bobeli ke tlhaloso ea mothèo oa lerato. Oa pele o ke ke oa bolokoa eaba oa bobeli oa rojoa, kapa oa bobeli oa bolokoa ‘me oa pele o rojoe. Ke ha feela re rata Molimo e le ka ‘nete, re ka tsebang ho rata ba habo rōna ka ho tlala.EN 408.3

    Kreste o ile a ruta bamameli ba Hae hore molao oa Molimo ke ntho e phethahetseng, e halalelang, ha se molao o likotoana-kotoana, tseo tse ling e leng tse bohlokoa haholo, tse ling e le tse bohlokoa hanyenyane. Lerato ho Molimo le tla bontšoa ka ho mamela litaelo tsohle tsa Hae.EN 408.4

    Mongoli ea neng a botsitse Jesu lipotso o ile a hlolloa ke likarabo tsa Hae. O ile a bolela ka sebete, kapele ho baprista le babusi ba neng ba phuthehile moo, hore Kreste O fane ka tlhaloso e nepahetseng ea molao.EN 408.5

    Mongoli enoa o ne a utloisisa hore mekete ea mahlabelo e etsoang feela, le ho tšolla mali bakeng sa tšoarelo ea libe, empa ho se tumelo ha li thuse letho. A bona ntho ea bohlokoa ho feta meetlo ena kaofela, e le lerato le ho hlonepha Molimo, le ho tsotella batho ba bang. Karabo ea hae e potlakileng, e nang le qeto, ea bontša batho hore maikutlo a hae a fapane ho hang le a baprista le babusi. Pelo ea Jesu ea qenehela mongoli eo ea tšepahalang, ea bileng sebete ho bua ‘nete e ka pelong ea hae. “Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho eena; Ha u hole le ‘Muso oa Molimo.”EN 408.6

    Bafarisi ba ne ba bokane haufi le Jesu ha A ntse A araba mongoli. Joale Jesu A lebisa potso ka ho bona. A re, “Le re’ng ka Kreste? Ke mora oa mang?” Potso ena e ne e botsoa ka sepheo sa ho bona hore na ba nka Jesu e le motho feela na kapa e le Mora oa Molimo. Ba hōoa ba re, “Oa Davida.” Ha Jesu A bontša bo-Molimo ba Hae ka mehlolo ea Hae e makatsang, A folisa ba kulang ‘me A tsosa bafu, batho ba ne ba botsana, ba re, “Na enoa hase mor’a Davida na?” Empa ba bangata ba neng ba bitsa Jesu mor’a Davida ba ne ba sa elelloe bo-Molimo ba Hae. Mor’a Davida e ne ebile e le Mora oa Molimo.EN 409.1

    Jesu ha A ba araba, A re, “Ke ka baka la’ng ha Davida, ka tataiso ea Moea [Moea oa Tšusumetso o tsoang ho Molimo] a ‘mitsa Morena,EN 409.2

    ‘Morena o itse ho Morena oa ka:
    Lula ka letsohong la ka le letona,
    ho fihlela ke bea lira tsa hao
    katlas’a maoto a hao?’
    EN 409.3

    Haeba he Davida a ‘mitsa Morena, ke mora oa hae joang? Ha ho ea ileng a tseba ho mo araba, ‘me ho tloha tsatsing bo ha ho ea kileng a ba sebete ho ‘motsa hape.”EN 409.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents