Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 67—JESU O ETELA TEMPELENG LEKHETLO LA HO QETELA

    [E itšetlehile ka Matheu 23; Mareka 12:41-44; Luka 20:45-47; 21:1-4.]

    Ene e le letsatsi la ho qetela la Kreste la ho ruta ka tempeleng. A ema mohlankana oa mo-Galelea, a hloka tlōtla ea lefatše kapa lona letšoao la borena. O ne A potiloe ke baprista ba apereng liaparo tsa theko e boima, le babusi ka liaparo le meqhaka ea bona, le bangoli ba tšoereng lipampiri matsohong a bona, ‘me ba ntse ba li phetla khafetsa. Jesu A ema ka bonolo, joaloka ea apesitsoeng matla a leholimo. A sheba lira tsa Hae tse laletseng ho timetsa bophelo ba Hae, A sa tšabe letho. Merero ea bona ea ho Mo tšoasa ka leraba e ne e fetohile lefeela. O ne a ile A araba qholotso kamora’ qholotso ka hoo A beha ‘nete e hloekileng, e khanyang, khahlanong le lefifi le liphoso tsa baprista le Bafarisi. Temoso e ne e fanoe ka botšepehi. Empa Kreste O ne A sa saletsoe ke mosebetsi o mong, oo A neng A lokela ho o etsa.EN 410.1

    Batho ba ne ba hohetsoe ke lithuto tsa Jesu, empa ba ne ba nyahame haholo. Ba ne ba hlompha baprista le baruti empa joale ba bona banna bana ba leka ho hanyetsana le Jesu, eo boleng le tsebo ea Hae li neng li phatsima ka khanya e kholo ka hohlehohle. Ba makala ho fumana hore babusi ha ba lumele ho Jesu, leha lithuto tsa Hae li ne li le bobebe ‘me li utloahala. Bona ka bo-bona ba sitoa ho hlalohanya tsela eo ba lōkelang ho e latela.EN 410.2

    Sepheo sa Kreste ha A ruta ka litšoantšo, e ne e le ho lemosa babusi le ho laea sechaba. Empa ho ne ho ntse ho hlokeha hore A buoe ka ho tōtōbala. Batho ba ne ba kene bokhobeng ka lebaka la tumelo ea bona e foufetseng ho baprista ba senyehileng. Kreste O ile A tlameha ho khaola mahlahlela ana. A re, “Litsebi tsa Molao le Bafarisi ba lutse setulong sa Moshe. Ka baka leo, phethang, le hlokomele tsohle tseo ba le bolellang tsona, empa le se ke la ba etsisa, hobane ba bua feela, empa ba sa etse.”EN 410.3

    Bangoli le Bafarisi ba ne ba ipolela ba nkile sebaka sa Moshe e le bahlalosi ba molao, empa ba ne ba hlōloa ho phela seo ba se rutang. ‘Me tse ngata tseo ba li rutileng, li ne li sa lumellane le Mangolo a Halalelang: “Ba tlama mejaro e boima, ba e bee holim’a mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utloisise ho e thetsa le ka monoana.” Likarolo tse ling tsa molao, ba ne ba li hlalosa ka mokhoa o imetsang batho ka lintho tseo bona ba sa li natseng lekunutung kapa tseo ba hlileng ba reng bona ha li ba tlame.EN 411.1

    “Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba bonoe ke batho. Ba habōlla mekotlana ea Mangolo a halalelang eo ba e roetseng, ba lelefatsa litjellane tsa likobo tsa bona, ba rata litulo tse kapele meketeng, le litulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ho lumelisoa mabaleng a metse, le ho bitsoa ‘Moruti’ ke batho. Empa lōna le se ke la bitsoa ‘Moruti’, hobane le na le Moruti a le mong, ‘me bohle le bana ba motho. Mona lefatšeng le se ke la bitsa motho ‘Ntat’a lōna’, hoba le na le Ntate a le mong, leholimong. Le se ke la bitsoa ‘Batsamaisi’, hobane le na le Motsamai a le mong, e leng Kreste.”EN 411.2

    Ka mantsoe a utloahalang, Mopholosi A senola cheseho ea Bafarisi ea ho fihlela litulo le matla, ka ho bontša boikokobetso ba bohata, empa lipelo tsa bona li tletse takatso ea leruo le mōna. Ka linako tsohle Bafarisi ba ne ba sebeletsa ho fumana melemo e khethehileng le ho sebeletsoa pele. Jesu O ne A khalemela mokhoa oo.EN 411.3

    A boela A ba khalemella taba ea lefeela ea ho khalla ho bitsoa Moruti kapa morena. Baprista, bangoli le babusi e ne e le baena, e le bana ba Ntate a le mong. Batho ba ne ba sa lōkela ho fa motho e mong lebitso la tlhompho e supang hore o na le matla a ho laola likelello tsa bona, kapa eona tumelo ea bona.EN 411.4

    Hoja Kreste A ne A le lefatšeng kajeno, A potiloe ke ba bitsoang ka lebitso la “Ea tsabehang” kapa “Mohalaleli”, na O ne A ke ke A pheta mantsoe A reng, “Le se ke la bitsoa ‘Batsamaisi’, hobane le na le Mo- tsamaisi a le mong, e leng Kreste?” Mangolo ha a bolela ka Molimo, a re, “Lebitso la hae lea halalela, ‘me lea tšabeha.” Pesalema 111:9. Ke ba bangata hakaakang, ba nkileng lebitso lena le hlonephehang, empa ba tlōntlolla lebitso le semelo sa Morena. Ke hangata hakaakang litakatso tsa lefatše, le libe tse nyonyehang li patiloeng ka har’a liaparo tse khabisitsoeng tsa maemo a phahameng, a halalelang!EN 411.5

    Mopholosi A tsoela-pele, A re, “Empa e moholo ho lōna e tla ba mosebeletsi oa lōna. Ea iphahamisang, o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” Khafetsa-khafetsa Kreste O ‘nile A ruta ka hore tlhompheho ea ‘nete e bonoa ka boitšoaro bo botle. Ka litekanyo tsa leholimo bokhethehi ba semelo bo bontšoa ka ho phelela ho thusa batho ba bang. Kreste Morena oa khanya E ne E le mohlanka oa batho ba oeleng.EN 412.1

    “Le koalla batho ‘Muso oa maholimo, empa Iona ka bolōna le sa kene, ‘me ha le lumelle le ba kenang ho kena.” Ka ho sokamisa Mangolo a Halalelang, baprista le bo-ramolao ba foufalitse likelello tsa batho ba ka beng ba amohetse ho tseba ‘muso oa Kreste.EN 412.2

    “Le hapa matlo a bahlolohali, le etsa lithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlōloa.” Bafarisi ba ne ba hapa maikutlo a bahlolohali ba inehetseng bolumeling, e be ba ba ruta hore tšoanelo ea bona ke hore ba nehelane ka thepa ea bona tšebeletsong ea tsa bolumeli. Kamora’ hore ba fumane taolo holim’a chelete ea bona, balotsana bana ebe ba itšebelisetsa eona molemong oa bona. Ba ne ba etsa lithapelo tse telele mapatlelong, e le ho pata hose tšepahale ha bona, ‘me ba itlhahisa e le ba ratang Molimo ka ho fetisisa. Khalemelo e tšoanang e tlisoa ho ba bangata ba rōna kajeno. Maphelo a bona a silafalitsoe ke boikhabo le meharo, empa ba koahetse tseo tsohle ka kobo ea boikaketsi, ba etsa eka ba rata Molimo, empa hose joalo.EN 412.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents