Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kabelo Ea Mosali Oa Mohlolohali E Theko E Thata

    Kreste O ne A khalemela tšenyo, empa le teng O ne A le seli hore A se nyelise tšoanelo ea batho. Ha motho a sebelisa mpho e fanoeng ke motho e mong hampe, ha a thibele hlohonolofatso ea Molimo holim’a mofani oa mpho eo.EN 412.4

    Jesu O na A lutse malebana le polokelo ea letlotlo, ‘me A talimile batho ba tlisang limpho tsa bona. Barui ba bangata ba ne ba isa lichelete tse ngata ebile ba itlhahisa hore ba bonoe. Jesu A ba sheba ka ho soaba, empa A se ke A bua letho ka limpho tsa bona tse khaphatsehang. Hang-hang, ha bonahala sefahleho sa Hae se ela, ha A bona mosali oa mohlolohali a atamela ka lesisitheho, eka o tšaba ho bonoa. O ile a sheba mpho e letsohong la hae. E ne e le nyenyane haholo ha e bapisoa le mpho tsa ba mo potileng, le ha ho le joalo seo e ne e le sohle seo a neng a e-na le sona. A potlaka a lahlela cheletana tseo tse peli ka polokelong ea letlotlo, ‘me a khutlela litulong tsa hae. Eitse ha a etsa joalo, mahlo a hae a teana le Jesu, A mo shebile.EN 413.1

    Mopholosi a lemosa barutuoa ba Hae hore ba e le hlōkō bofumanehi ba mohlolohali enoa. ‘Me mantsoe a Hae a khothatsang a oela litsebeng tsa mohlolohali eo. Mantsoe ao a ne a re, “Kannete kea le bolella, mosali eo oa mohlolohali, ea futsanehileng, o noketse ho feta bohle ba nokelang letlōleng.” Ha a fumana hore ketso eo ea hae e-ea thabeloa, mahlo a hae a ile a tlala meokho ea thabo. Ba bangata ba ka be ba ‘moleletse hore a ipolokele cheletana eo, a tle a itšebelisetse ka eona, haholo hobane e ne e ke ke ea lemohuoa ka har’a lichelete tse ngata tsa ba bang. Empa o ne a lumela hore tšebeletso ea tempele ke ea Molimo, ‘me o ne a lakatsa ho e tšehetsa kahohle kamoo a neng a ka khona. O ile a etsa ketso ea boitelo, ‘me ketso eo e ne e tla ba seemehale seo a hopoloang ka sona ka mehla eohle, me e tlaba thabo ea hae bophelong bo sa feleng.EN 413.2

    O “noketse ho feta bohle.” Limpho tse kholo tse ntšitsoeng ke barui e ne e se tsa boitelo, ‘me matla a tsona a ne a ke ke a bapisoa le a sente ea mohlolohali eo ka bohlokoa.EN 413.3

    Se re susumetsang ho etsa seo re se etsang se fa liketso tsa rona tšobotsi, se li hatisa ka khatiso e tlōntlōllang kapa e tlotlisehang. Melemo e fokolang e entsoeng ka thabo, le limpho tse nyenyane tse sa pepesoeng, hangata li hlahella haholo mahlong a Molimo. Mohlolohali eo oa mofumanehi o ile a itlhokisa lijo, ha a fana ka cheletana eo, a e tella mosebetsi oo a o ratang. ‘Me a etsa seo ka tumelo,a lumela hore Ntate ea maholimong O ne A ke keEN 413.4

    A iphapanyetsa bohloki ba Hae. Moea oona o hlokang boikhabo le tumelo eo e kang ea ngoana, li ile tsa mo hapela thoriso ho Mopholosi.EN 414.1

    Ba bangata har’a bafumanehi ba laba-labelang ho bontša teboho ea bona ho Molimo bakeng sa mohau le ‘nete ea Hae. Ha ba ke ba ipolokele lisente tsa bona bankeng ea leholimo. Haeba limpho li fanoa ka pelo tse tletseng lerato ho Molimo, leha li ka bonahala li fokola, li fetoha limpho tsa theko e kholohali, tseo Molimo A bososelang ha A li bona ‘me A li hlohonolofatse.EN 414.2

    Ha Jesu A ne A bua ka mohlolohali, A re, O “noketse ho feta bohle,” mantsoe A Hae e ne e le a ‘nete, e seng feela ka lebaka la maikutlo ao a faneng tlas’a tšusumetso ea ona, empa le ka lebaka la litholoana tsa mpho eo ea hae. “Cheletana tse peli, tse ka lekanang le sente,” li tliselitse letlotlo la Molimo chelete e ngata ho feta linyehelo tsa Bajuda ba barui. Mpho eo e nyenyane, e fetohile nokana e ntseng e pharalla ebile e teba ka mengoaha eohle. Mpho eo e bile le tlatsetso ka mekhoa e mengata, mosebetsing oa ho thusa bafumanehi le ho hasa molaetsa o molemo. Mohlala oa hae oa ho iketsa sehlabelo o sebelitse lipelong tse likete-kete, oa ba ‘na oa ipheta-pheta, linaheng tsohle ka mengoaha eohle. Hlohonolofatso ea Molimo holim’a cheletana ea mohlolohali eo e e fetotse mohloli oa litholoana tse kholo. Ho joalo le ka mpho e ‘ngoe le e ‘ngoe e fanoang ka maikemisetso a tiileng, a ho tlotlisa Molimo. E ba le litholoana tse molemo ho feta kamoo motho a ka lekanyang.EN 414.3

    “Le malimabe lona Litsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntša karolo ea leshome ea koena, tenane le sepaile, feela le tlohetse lintho tsa bohlokoa tsa Molao: Toka, mohau le botsepehi. Le ne le tšoanelo ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.” Haele tšoanelo ka boeona Kreste ha ka A e qhelela ka thoko. Ho ntša karolo ea leshome ke ntho e hlohonolofalitsoeng ke Molimo, ‘me ea lateloa ho tloha khale. Aborahama o ne a ntša karolo ea leshome ho tsohle tseo a neng a e-na le tsona. Mokhoa oa ho ntša karolo ea leshome o ne o lōkile ebile o utloahala, ho ea kamoo Molimo A o faneng kateng, empa baprista le baruti ba ne ba o entse moroalo o boima.EN 414.4

    Bafarisi ba ne ba le hlokolosi haholo ka ho ntša boshome ba meroho e tsoang lirapeng, e kang sepaile le tse ling; e ne e le lintho tse theko e nyenyane, ‘me li ba fa lebitso le letle ka hore ba tšepahala, ebile ba halalela. Leha ho le joalo, ba ne ba sa tsotelle lintho tsa bohlokoahali tse kang molao, toka, mohau le ‘nete. Kreste O re, “Le ne le tšoanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo.”EN 415.1

    Melao e meng e ne e ‘nile ea senngoa ke Litsebi tsa molao ka mokhoa o tšoanang. Litaelong tse fanoeng ka Moshe, batho ba ne ba thibetsoe ho sebelisa nama ea kolobe, le ea liphoofolo tse ling tse itseng, kahobane li ka silafatsa mali ‘me bophelo (ba motho) ba khutsufala. Empa Bafarisi ba ne ba fetelelitse litaba hampe haholo. Ba ne ba re batho ba tšoanetse ho tlhotla kapa ho sefa metsi ao ba a sebelisang, e se be a na le likokonyana tse ka bapisoang le liphoofolo tse sa hloekang. Jesu ha A sheba ho se tsebisahale ha lithibelo tseo ba li etsang, a li bapisa le boholo ba libe tseo ba li etsang, A re ho Bafarisi, “Batsamisi ting ba lifofu, ba okolang monoang, empa ba metseletsa kamele!EN 415.2

    “Le joaloka mabitla a koetlisitsoeng, a talimehang a khahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le libolu tsohle.” Lebitla le khabisitsoeng hantle la ba la soeufatsoa, kahare le patile ho bola. Ka mokhoa o joalo, bohalaleli bo neng bo bonahala kantle, ba baprista le babusi, bo ne bo patile bokhopo.EN 415.3

    Jesu A tsoela pele A re, “Le hahela baporofeta mabitla; le khabisa liemahale tsa mabitla a ba lokileng, ‘me le re: ‘Hoja ebe re phetse mehlehng ea bontat’a rōna, re ka be re sa ka ra ba le kabelo le bona polaong ea baporofeta.’ Ka baka leo, lea ipaka hore le bara ba babolai ba baporofeta.”EN 415.4

    Ho ne ho na le tlhompho ea lefeela malebana le liqalo tsa bafu, ‘me ho ne ho sebelisoa chelete e ngata, ho khabisa mabitla. Ketso ena mahlong a Molimo e ne e tšoana le ho rapela melimo. E ne e bontša hore batho ha ba rate Molimo ka lipelo tsa bona tsohle, ebile ha ba rate bahaisani ba bona joalokaha ba ithata. Kajeno ba bangata ha ba tsotelle bahlolohali le likhutsana, le bakuli le mafumanehi, e le hore ba tle ba tsebe ho etsetsa bafu liemahale tse theko e phahameng. Ba tlohetse ho phetha litšoanelo tsa bona ho ba phelang, e leng litšoanelo tseo Kreste A li laetseng ka kotloloho.EN 415.5

    Bafarisi ba buisana e le bona, ba re, Hoja re ne re phela mehleng ea bo ntat’a roma, re ne re ke ke ra kenya letsoho tšollong ea mali a bahlanka ba Molimo. Empa e le hore, ka nako eona eo, ba ne ba ntse ba rera ho bolaea Mor’a Molimo. Hona ho tšoanetse ho bula mahlo a rōna, hore re bone kamoo matla a Satane a sebetsang ka teng, ho thetsa likelello tsa rōna ha li sa shebe leseli la ‘nete. Ba bangata ba makalla bofofu ba Bajuda ba ho latola Kreste. Ba re, Hoja re phetse mehleng ea Kreste, re ka be re sa ka ra ba ra kenya letsoho morerong oa bao ba latotseng Mopholosi. Empa ha ho hlompha Molimo ho batla boitelo le boikokobetso, bona batho bao, ba hana ho Mo hlonepha. ‘Me ba bontša moea o tšoanang le oa Bafarisi.EN 416.1

    Bajuda ha ba ka ba elelloa boikarabello bo tšabehang ba ho latola Kreste. Ka mengoaha eohle, baporofeta ba ile ba phahamisa mantsoe, ba nyatsa libe tsa marena, babusi le sechaba, ba phetha thato ea Molimo, ‘me ba beha maphelo a bona tlokotsing. Kotlo e tšabehang e ne e ntse e bokelleloa ba latotseng leseli le ‘nete. Ka ho latola Mopholosi, baprista le babusi ba ne ba itjarisa boikarabelo ba mali a bohle ba lokileng ba bolailoeng, ho tloha ka Abele ho isa ho Kreste. Ba ne ba le lekhatheng la hore senoelo sa bona sa bokhopo se tlale, se tšolohe. ‘Me haufinyane se ne se tla qhalloa holim’a lihlooho tsa bona, ka phetetso ea tōka. Ntlheng ena, Jesu O ile A ba hlokomelisa, A re:EN 416.2

    “Mali ‘ohle a ba lokileng a tšolletsoeng lefatšeng a tle a bokane ho lōna, ho qala ka mali a Abele ea lokileng, ho ea fihla ho a Sakariea, mor’a Barakiase, eo le neng le ‘molaele pakeng tsa sehalalelo le aletare. Ruri kea le bolella hore tsena tsohle li tla botsoa ho molōko ona.”EN 416.3

    Bangoli le Barafisi ba ne ba tseba kamoo moporofeta Sakariea a neng a bolaoe ka teng. Eana eare ha a ntse a bua, a ba bolella likhalemelo tse tsoang ho Molimo, morena ea khelohileng tumelo a tlala khalefo ea Satane, ‘me a laela hore moporofeta a bolaoe. Sheba 2 Liketsahalo 24:18-22. Mali a hae a rothela ‘me a khomarela holim’a majoe a lebala la tempele hantle, ‘me a sala e le bopaki bo qosang Iseraele ea koenehileng. Ha feela tempele eo e sa ntse e le teng, letheba leo la mali a lokileng le ne le tla lula joalo, le ntse le hoeletsa ho Molimo hore A etse phetetso. Eare ha Jesu a bua ka libe tse tšosang tsena, matšoele a apareloa ke tšabo.EN 416.4

    Jesu ha A shebela litaba pele, A bolela hore ho hloka pako hoa Bajuda, ho tla ‘ne ho tšoane le mehleng e tlang, joaloka ha ho bile mehleng e fetileng: “Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Litsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaea, le ba thakhise, ‘me ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lōna a thapelo, le ba phalalise le metse eohle.” Kreste A bua joaloka moahloli, A khalemela ebile A ahlōla, A phahamiselitse letsoho la Hae leholimong, ‘me khanya e halalelang e apesitse botho ba Hae. Ba Mo mametseng ba thothomela ka tšabo. Matla a mantsoe a Hae, le tšobotsi ea sefahleho sa Hae li ne li ke ke tsa ba tsa lebaleha le khale.EN 417.1

    Khalefong ea Hae Kreste O ne A halefetse libe tse tšabehang, tseo batho ba neng ba bolaea meea ea bona ka tsona, ba thetsa le batho ba bang, ebile ba hlompholla Molimo. Feela A se ke A bua mantsoe a boiphetetso. A seke A bontša khalefo e belang. Ha bonahala mohau o nang le khalalelo sefahlehong sa Mora oa Molimo, ha A sheba tempele ‘moho le ba Mo mametseng, ka leihlo le tletseng qenehelo. A bua ka lentsoe le utloileng bohlōkō, A khanngoe ke meokho, A hōoa, A re, “Jerusalema! Jerusalema! Uena ea bolaeang baporofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rōmetsoeng ho uena, ke hakae ke lakalitseng ho phutha bana ba hao, joalokaha khōhō e alama litsuonyana tsa eona, empa ua hana!” Lillong tsena tsa Kreste, ho ne ho tšoloha pelo ea Molimo ka sebele. E ne e le tumeliso ea mohlolo, ea salang hantle, ha lerato la Molimo le tletseng mamello le tsamaea, le siea batho.EN 417.2

    Bafarisi le Basaduke le bona ba khutsa tu. Jesu A bitsa barutuoa ba Hae, ‘me A itokisetsa ho siea tempele, e seng joaloka ea hlotsoeng, empa e le ea phethileng mosebetsi oa hae. A tloha tlholisanong e le mohloli.EN 417.3

    Tsatsing leo le khethehileng, ha hlaha maikutlo a macha lipelong tsa ba bangata, ‘me pale ea bophelo ea qaleha bocha. Kamora’ thakhiso le tsoho ea Jesu, batho bana ba hlahella pontšeng, ba tletse bohlale le cheseho. Ba tšoere molaetsa o ammeng lipelo tsa bona. Lithuto le mahlale a batho, tsa fetoha lipale tsa lefecla, ha li bapisoa le bopaki ba bona.EN 417.4

    Empa Iseraele e le sechaba, o ne a hlalile Molimo. Eaba Jesu O sheba tempele kahare la ho qetela, A ntoo bua ka lentsoe le bohlōko haholo, A re, “Bonang, ntlo ea Iona e tla sala e le lithako. Kea u bolella hore ho tloha joale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokoe ea tlang ka lebitso le Morena.’” Eare ha Mora oa Molimo A tsoa ka har’a marako ao, eaba boteng ba Molimo bo tsoela ruri tempeleng eo e ahetsoeng khanya ea Oona. Mekete e etsetsoang ho eona e ne e tla hloka moelelo, ‘me litšebeletso tsona e be sesomo. EN 418.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents