Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 69—LIPONTŠO TSA HO TLA LA BOBELI HA KRESTE

    [E itšetlehile ka Matheu 24; Mareka 13; Luka 21:5-38.]

    Mantsoe a Kreste ho baprista le babusi, ha A re, “Bonang, ntlo ea lona e tla sala e le lithako,” (Matheu 23:38) a ile a ba tšosa haholo. Ba ile ba ipotsa hangata, hore na e be mantsoe ao a bolela’ng. Na ebe ho boleloa hore tempele eo e ntlehali, eona tlōtla ea sechaba, haufi e tla heleha, e senyehe?EN 424.1

    Barutuoa le bona ba tšoha ke tebello ea tšenyeho e tla ba teng. Eitse ha ba feta le Eena ba tsoa ka tempeleng, ba Mo hlokomelisa botle le ho tiea ha tempele. E ne e ahiloe ka mahakoe a hloekileng haholo, a tekanyo e tsotehang. ‘Me karolo e ‘ngoe ea lerako la tempele, e ne e sale e ntse e eme hantle kamora’ hore mabotho a Nebukadnesare a e hlasele. Majoe a eona a ne a betliloe hantle hoo ho neng ho bonahala eka ke lejoe le le leng le leholo.EN 424.2

    Chebahalo ea eona ruri e ne e le ntle mahlong a Kreste, empa A bua ka masoabi, A re, Ke ea li bona tseo tsohle. Le supa marako ana a bonahalang eka a ke ke a senyeha; empa mamelang: Ho tla tla letsatsi leo “ho ke keng ha siuoa lejoe holim’a lejoe le leng le sa heletsoa.”EN 424.3

    Eitse ha A setse A ‘notši, Petrose, Johanne, Jakobo le Andrease ba tla ho Eena. Ba re, “Ak’u re bolelle: Lintho tsee li tla etsahala neng? Pontšo e tla ba efe ea hotla ha hao le ea ho fela ha mehla ea kajeno?” Matheu 24:3 Jesu A se ke A arola likarabo tsa lipotso tseo tse peli, tsa tšenyeho ea Jerusalema le ho khutla ha Hae la bobeli. A kopanya tlhaloso ea liketsahalo tseo tse peli. Hoja A koahollela barutuoa ba Hae lintho tse neng li lōkela ho etsahala joaleka ha li ne li le joalo, ba ne ba tla sitoa ho mamella pono e joalo. Ka mohau oa Hae, A kopanya tlhaloso ea litlokotsi tseo tse peli, ‘me ha sallana le hore barutuoa ba ithute ka bo-bona, ba tie ba utloisise. Ha Kreste A ne A bua ka tšenyo ea Jerusalema, mantsoe a Hae a boporofeta a ne a supa taba e kapele ho ketsahalo eo; e leng ea hore Morena O tla hlaha setulong sa Hae ho ahlola batho ba lefatše, ka baka la makhopo a bona. Taba ena kaofela, e ne e sa fanoe ho barutuoa feela, empa le ho bohle ba tla phela matsatsing a ho qetela a pale ea lefatše lena.EN 424.4

    Kreste O ile A re, “Hlokomelang, le se ke la tšoha le khelosoa ke motho ofe kapa ofe! Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke ‘na Kreste, ‘me ba tla khelosa ba bangata.” Bo-Mesia ba bangata ba bohata ba tla hlaha, ‘me ba bolela hore nako ea ho lopolla sechaba sa Bajuda e fihlile. Ba tla khelosa ba bangata. Mantsoe a Kreste a ile a phethahala. Nakong e lipakeng tsa lefu la Hae le ho haptjoa ha Jerusalema, ho ile ha hlaha bo-Mesia ba bangata ba bohata. Lithetso tse tšoanang le tsena li tla boela li etsoa hape.EN 425.1

    Kreste A ntoo re, “Le tla utloa mekhosi ea lintoa le malume a lintoa. Hlokomelang, le se ke la tšoha. Hona eka khona ho etsahale, empa ha e e-s’o be bofelo (ba sechaba sa Bajuda). Lichaba li tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le litlala tsa sekoboto le litšisinyeho tsa lefatše libakeng tse ngata. Lintho tsena tsohle ke qaleho ea litlokotsi.” Baruti ba molao ba tla bolela hore lipontšo tseo ke letšoao la ho khutla ha Mesia. Empa lōna le se ke la thetseha; hobane lipontšo tseo ba bolelang hore li bontša ho tla ha tōkōlōho ea bona bokhobeng, e tla be e le pontšo tsa timelo ea bona.EN 425.2

    “Mohlang oo ba tla neelana ka lōna hore le hlōkōfatsoe, ‘me ba tla le bolaea. Lichaba tsohle li tla le hloea ka baka la lebitso la ka. Joale ba bangata ba tla oa, ba ekane, ba hloeane.” Bakreste ba ile ba feta har’a tlhōkōfatso tsena tsohle. Batsoali ba ile ba eka bana ba bona, le bana ba eka batsoali ba bona. Metsoalle ea nehelana ka metsoalle ea eona ho ba-lekhotla. Bahlorisi ba ile ba bolaea Setefane, le Jakobo, esita le bakreste ba bang.EN 425.3

    Molimo A fa sechaba sa Bajuda monyetla oa ho qetela oa ho baka, ka bahlanka ba Hae. A iponahatsa ha ba tšoeroe le ha ba qositsoe, empa baahloli ba bona, ba ba ahlolela lefu. Ka ho bolaea bahlanka bao, Bajuda ba ne ba thakhisa Mora oa Molimo bocha. ‘Me ho tla boela ho ba joalo hape. Babusi ba tla etsa melao e thibelang bolokolohi tumelong. Ba tla nahana hore ba ka qobella matsoalo a batho, a lōkelang ho tsamaisoa ke Molimo A ‘notši. Ba tla ntšetsa mosebetsi oona pele, ho fihlela moeling oa ho qetela, oo ba ke keng ba o tšela. Hobane Molimo O tla namolela sechaba sa Oona se tšepahalang, se bolokang melao ea Hae.EN 425.4

    Ha litlhoriso li fihla, ba bangata ba tla khopjoa, ba oe, ‘me ba lahle tumelo eo ba kileng ba e buella. Bao ba tla furalla tumelo ha ba le nyeoeng ba tla leka ho iphumanela tokollo ka ho fana ka bopaki ba leshano, le ho eka bana ba bo bona. Kreste O se A re hlokomelisitse taba ena, e le hore, re tie re se ke ra makatsoa ke boitšoaro bo sa tloaelehang, bo khopo, ba batho bao ba latotseng leseli.EN 426.1

    Kreste O ile A lemosa barutuoa ba Hae kamoo ba ka phemang tšenyeho e neng e tlela Jerusalema, ka lipolelo tsena: “Etlare ha le bona Jerusalema e teeloa hare ke mabōtho, le tsebe hore ho ripitloa ha eona ho atametse. Mohlang oo ba leng Judea ba balahele lithabeng, ba har’a motse ba tsoe, ‘me ba naheng ba se ke ba kena ho oona.” Temoso ena e ne e tla lokela ho eloa hloko lilemong tse mashome a mane tse tlang, ha motse oa Jerusalema o ripitloa. Bakreste ba ile ba phethisa keletso ena, ‘me ha ho le a mong ea ileng a timela, ha motse oo o senyeha.EN 426.2

    Kreste O ile A re, “Rapelang hore paleho ea lona e se be ka nako ea mariha kapa ka tsatsi la Sabatha.” Eena Ea hlolileng letsatsi la Sabatha, ha A ka A le felisa. Letsatsi la Sabatha ha lea etsoa lefeela kapa hona ho senngoa ke lefu la Hae. Le lilemong tse mashome a mane kamorao ho thakhiso ea Hae, letsatsi la Sabatha le ne le ntse le lokela ho hlomphuoa le halalela.EN 426.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents