Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Batsoali Ba Hae Ba A Ngongoreha

    Ha tsena li ntse li etsahala Maria le Josefa ba ne ba lahlehetsoe ke Jesu. Thabo ea ho tsamaisana tsela le metšoalle ea hapa maikutlo a bona, ‘me ha ba a ka ba bona bosieo ba Hae ho fihlela shoalane e tšoara. Ba lahleheloa ke letsoho le thusang la ngoan’a bona. Ka ho nahana hore O ntse A e-na le bona sehlopheng, ha ba ka ba ikutloa ba khathatsehile. Empa joale ba tšoha. Ba thothomela ha ba hopola hore Heroda o kile a leka ka matla ho Mo ripitla nakong ea bosea ba Hae. Menahano e nyarosang ea tlala lipelo tsa bona.EN 48.5

    Ba khutlela Jerusalema ho ea batlisisa ka Eena. Ka letsatsi le hlahlamang ba utloa lentsoe le tloaelehileng, ka tempeleng. Ba ne ba ke ke ba le fosa -le ne le tiile, le tsepame, empa le tletse meloli. Ba fumana Jesu sekolong sa baruti.EN 49.1

    Ha a se a ena le bona hape, ‘m’ae a buoa ka mantsoe a bontšang khalemelo, a re: “Ngoan’a ka, u re etselitse’ng tjee? Bona, rōna le ntat’ao re ne re ntse re u batla re tšoenyehile.”EN 49.2

    “Le ne le mpatlela’ng?” Jesu A araba. “Na le ne le sa tsebe hore ke tšoanetse ho ba mosebetsing oa Ntate?” Ba shebahala eka ha ba utloisise. Eaba O supa holimo. Sefahleho sa Hae sa khanya. bo-Molimo ba phatsima kahare ho botho. Ba ne ba ile ba mamela ha Jesu A ntse A buisana le borabbi, ‘me ba makatsoa ke lipotso le likarabo tsa Hae.EN 49.3

    Jesu O ne A phathahane ke mosebetsi oo A neng A o tletse lefatseng ho tla o phethahatsa empa Josefa le Maria ba ne ba lahlile oa bona. Molimo O ba file tlōtla e phahameng ea ho tšepela Mor’a Hae ho bona. Empa letsati lohle ba ne ba lahehetsoe ke Eena, ‘me eare hoba ho tšoha ha bona bo kokobele ha ba ka ba ipona phoso empa ba qosa Eena.EN 49.4

    E ne e le tloaelo ho batsoali ba Jesu ho nka Jesu e le ngoana oa bona. Bophelo ba Hae linthong tse ngata bo ne bo tšoana le ba bana ba bang, ‘me ho ne ho le thata ho hlokomela hore Jesu ke Mora oa Molimo. Khalemelo e bonolo eo mantsoe a Hae a ileng a fetisa a ne a reretsoe hore e tiise maikutlong a bona hore ba tšepetšoe se halalelang.EN 49.5

    Karabong ea Hae ho ‘m’ae, Jesu O ile A bontsa, e le khetlo la pele, hore O utloisisa likamano tsa Hae le Molimo. Maria ha ka utloisisa mantsoe a Hae, empa o ne a tseba hore Jesu O hlakisitse hore ha A amane le Josefa, empa ke Mora oa Molimo.EN 49.6

    Ha ba tloha Jerusalema Jesu A khutlela hae le batsoali ba Hae ba lefatše, ‘me A ba thusa bophelong ba bona ba mosebetsi. Ka lilemo tse leshome le robeli A amohela setlamo se Mo tlamahantseng lehaeng la Nasaretha, ‘me A phetha mesebetsi joaleka mora, moena, motsoalle le mohai oa moo.EN 49.7

    Jesu O ne A lakalitse ho khutla Jerusalema ka khutso le ba tsebang sephiri sa bophelo ba Hae. Ka litšebeletso tsa Paseka Molimo O ne A batla ho hopotsa sechaba sa Hae ka mosebetsi oa Hae o makatsang oa ho ba lokolla bokhobeng ba Egepeta. Ka mosebetsi ona A lakatsa hore ba bone tšepiso ea tokoloho sebeng. Mali a Kreste A ne A tšoanetse ho pholosa meea ea bona. Molimo A lakatsa hore ba tle ba ithute, ka thapelo, ka tse amang boqosa ba Kreste. Empa hangata ha bongata bo tloha Jerusalema thahasello ea leeto le lipuisano tse monate tseleng li ne li ba lebatsa litšebeletso tseo ba tsoa li bona. Mopholosi ha A ka A hoheloa ke meqoqo ea bona.EN 50.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents