Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lipontšo Maholimong

    Mopholosi O fana ka lipontšo tsa ho khutla ha Hae, ebile O fana le ka nako eo pontšo ea pele e tlang ho bonahala ke eona, ka mantsoe a na: “Hang-hang kamora’ litlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, khoeli ha e na ho bonesa; linaleli li tla oa leholimong, mabōtho a maholimo a tla tsukutleha. Joale pontšo ea Mor’a Motho e tla hlaha leholimong, merabe eohle ea lefatše e tla ikotla lifuba ka lillo, ‘me e tla bona Mor’a Motho a e-tla a le holim’a maru a leholimo, ka matla le ka tlōtla e kholo. O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e molumo o moholo, ‘me e tla phutha bakhethoa ba hae ba e-tsoa liqoleng tse ‘ne tsa lefatše, ba e-tsoa pheletsong e ka nq’ena ea maholimo ho isa ho e ka nq’ane.”EN 427.3

    Kreste O ile A bolela hore, qetellong ea litlhoriso tse kholo tsa bopapa, letsatsi le tla fifala, le khoeli e tla hloka khanya. Kamorao ho tseo linaleli li tla oa leholimong. Eaba O re, “Le lona ha le bona lintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako.” Matheu 24:33. Ho bao ba bonang lipontšo tsena, Kreste O re, “Molōkō ona o ke ke oa fela, tseo tsohle li e-s’o etsahale.” Lipontšo tsena li se li hlahile. ‘Me joale re tseba ka ‘nete hore ho khutla ha Morena ho se ho le haufi.EN 428.1

    Kreste O tla ka khanya e kholo. O tla felehetsoa ke matšoele-tšoele a mangeloi a khanyang. O tla tla ho tsosa bafu le ho fetola bahalaleli ba phelang; le ho tldtlisa ba Mo ratileng ‘me ba bōlōka le melao ea Hae, ‘me O tla ba nkela ho Eena. Ha re sheba bafu ba rōna, re ka nahana ka letsatsi leo ha “bafu ba tla tsoha ba se ke ba boela ba bola, ‘me rōna re tla fetoha.” I Bakorinthe 15:52. Morena O tla hlakola meokho eohle mahlong a rōna, ‘me O tla re hlahisa “kapel’a tlōtla ea hae re se na sekoli, re nyakaletse.” Juda 24. “E tle e re ha tsena li qala ho etsahala le pashalle, le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna e atametse.”EN 428.2

    Empa Kreste O ile A bolela ka kotloloho hore Eena A ke ke A tsebisa letsatsi kapa hora eo A tlang ho khutla ka Eona. Nako e nepahetseng ea ho tla ha Hae la bobeli ke lekunutu la Molimo A ‘notši.EN 428.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents