Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 71—MOHLANKA OA BAHLANKA

    [E itšetlehile ka Luka 22:7-18, 24; Johanne 13:1-17.]

    Kreste O ne A phuthehile le barutuoa ba Hae ho ketekela Paseka. Mopholosi O ne A tseba hore nako ea Hae e fihlile; Eena ka sebele e ne e le konyana ea Paseka ruri, ‘me ka letsatsi leo ho jeoang Paseka Eena O ne A tla etsoa sehlabelo. Lihoranyana li se kae li ne li sa Mo saletse hore A li sebelise molemong oa barutuoa ba Hae.EN 436.1

    Bophelo ba Kreste e bile ba tsebeletso e hlokang boikhabo. Polelo e reng, “ha a ea tlela ho sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa,” (Matheu 20:28) e bile thuto ea liketso tsa Hae tsohle. Empa barutuoa ba ne ba e-s’o ithute thuto ena. Ka Paseka ea ho qetela Jesu O ne A khathatsehile. Moriti o ne o aparetse sefahleho sa Hae. Barutuoa ba hlokomela hore ntho e teng e Mo lutseng haboima kelellong.EN 436.2

    Eitse ha ba bokane tafoleng, A re, “‘Ke lakalitse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke e-s’o hlōkōfatsoe, hobane kea le bolella hore ha nka ke ka e ja ho fihlela e phethahatsoa ‘Musong oa Molimo.’ A nka senoelo, a leboha, a re: ‘Se nkeng, ‘me le se sielane, hobane kea le bolella, ho tloha joale ha nka ke ka hlola ke e-noa se tsoang tholoaneng ea morara ho fihlela ‘Muso oa Molimo o e-tla.’”EN 436.3

    Kreste joale O ne A atametse sefapano, ‘me bohlōkō bo ne bo harasoanya pelo ea Hae. O ne A tsèba hore O tla furalloa; A tseba hore O tla bolaoa ka tsela e nyelisehang haholo e neng e ahlōla lisenyi. A tseba ho hloka teboho le bokhopo ba bao A tiileng ho ba pholosa. A tseba hore ho ba bangata sehlabelo sa Hae e tla ba lefeela. Ka ho tseba tsohle tse ka pele ho Eena, O ne A ka ‘na A imeloa ke monahano oa nyeliso le mahlomola a Hae. Empa ha A ka A inahana bo-Eena. Ho hlokomela barutuoa ba Hae e ne e le eona taba ea sehlooho kelellong ea Hae.EN 436.4

    Mantsiboeeng ao a ho qetela, Jesu O ne A na le tse ngata tseo A ka ba bolellang tsona. Empa A hlokomela hore ba ka sitoa ho utloisisa seo A se bolelang. Ha A ntse A ba talimile mahlong, mantsoe a ne a hanetse molomong oa Hae. Nako ea feta ho khutsitse. Barutuoa ba tsieleha. Ha ba talimana mahlo a bona a ne a tletse mona le lipelaellano.EN 437.1

    ‘‘Khang ea e-ba teng har’a bona, ea hore na ke ofe ho bona ea ka nkoang e le e moholo.” Pelaelo ena ea soabisa le ho hlaba Jesu. E mong le e mong o ne a laba-labela setulo se holimo-limo ‘musong. Ka hobane Jakobo le Johanne ba lekile ho kōpa litulo tse holimo-limo, ba leshome ba batla ba arohana. Judase o ne a le thata haholo-holo ho Jakobo le Johanne.EN 437.2

    Ha barutuoa ba kena ka kamoreng a kaholimo, Judase a ikhohla pel’a Kreste ka letsohong le letšehali; Johanne o ne a le ka ho le letona. Judase o ne a ikemiselitse hore, haeba ho na le setulo se phahameng ka ho fetisisa, o tla se fumana.EN 437.3

    Ha hlaha taba e ‘ngoe e bakang qabang. E ne e le tloaelo hore mohlanka a hlatsoe maoto a baeti. Ka lekhetlo lena ho ne ho lōkisitsoe nkho, sekotlolo le thaole, empa ho ne ho se mohlanka, ‘me barutuoa ba ne ba tšoanela ho phetha karolo eo. Empa e mong le e mong o ne a sa ikemisetsa ho phetha karolo ea bohlanka. Kaofela ba bontša boiphapanyo bo phahameng. Ka ho khutsa ba hana ho ikokobetsa.EN 437.4

    Ekaba Kreste O ne A ka bōlōka joang meea ena e haulanang, moo Satane a ke keng a e hlōla? O ne A ka bontša joang hore ho ipolela feela hore ke barutuoa ha se hona ho ba etsang hore e be barutuoa? O ne A ka hotetsa lerato ka lipelong tsa bona joang, ho ba thusa hore ba utloisise seo A neng A labalabela ho ba bolella sona?EN 437.5

    Jesu A lebella nako e telele ho bona hore na ba tla etsa joang. Qetellong, Eena, Mosuoe oa leholimo, A phahama. A hlōbōla kōbo e kaholimo, ka ha e ne e ka Mo sitisa, A nka lesela. Barutuoa ba lebella ba khutsitse ho bona hore na ho tla etsahalang. “A nt’o kha metsi, ‘me a qala ho hlatsoa maoto a barutuoa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka eona.” Ketso ena ea tutubolla mahlo a barutuoa. Lipelo tsa bona tsa tlala lihlong tse kholo, ‘me ba itemoha bocha.EN 437.6

    Kreste A ba fa mohlala oo ba neng ba ke ke ba o lebala. Lerato la Hae ho bona le ne le ke ke la sisinngoa habonolo. O ne A hlokometse ka botlalo bo-Molimo ba Hae; empa O ne A beheletse korone ea Borena ka thōko, ‘me a nkile sebopeho sa bohlanka. E ‘ngoe ea liketso tsa ho qetela bophelong ba Hae lefatšeng, e bile ho itlama joaleka mohlanka, ‘me a phetha tšebetso ea bohlanka.EN 438.1

    Pele ho Paseka Judase o ne a qetile boitlamo ba ho nehela Jesu matsohong a baprista le bangoli. Barutuoa ba ne ba sa tsebe letho ka morero oa Judase. Ke Jesu feela ea neng A ka bala sephiri sa hae, empa A se ke A mo senola. A mo utloela bohlōkō bo boholo, joalekaha A ne A utloela Jerusalema motse o ahlōtsoeng.EN 438.2

    Matla a hohelang a lerato leo a ile a utloahala ho Judase. Ha matsoho a Mopholosi a hlatsoa maoto a hae a litšila, ‘me a hlakola ka lesela, pelo ea Judase ea kenoa ke cheseho ea ho bolela sebe sa hae. Empa a sitoa ho ikokobetsa. A thatafatsa pelo ea hae ntlheng ea pako, ‘me a boela a laoloa ke litšusumetso tsa khale. Judase joale a khopisoa ke ketso ea Jesu ea ho hlatsoa maoto a barutuoa ba Hae. A nahana hore, haeba Jesu O ikokobetsa joalo, A ke ke ea ba morena oa Iseraele. Kamora’ hoba a ‘mone A itheotse, joalekaha a ne a lekanya, a tiea morerong oa hae oa ho Mo lahla, ‘me a itjoetsa hore o ne a thetsehile. A tšoaroa ke modemona, ‘me a ikemesetsa ho phetha mosebetsi oo a neng a o lumetse, oa ho eka Morena oa hae.EN 438.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents