Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlolo O Moholo Oa Lipelo Tse Fetohileng

    Judase, ha a khetha sebaka sa hae tafoleng, o ne a lekile ho ipeha pele. Johanne a salla qetellong. Empa Johanne hona ha a ka a ho nka e le khalemelo kapa nyeliso. Ha ho fihla nako ea Petrose, o ile a khotsa ka ho makala, a re, “Morena, na ke uena u ka ntlhatsoang maoto?” Boikokobetso ba Kreste ba mo roba pelo. A tlaloa keEN 438.4

    tšoabo ha a hopola hore e mong oa barutuoa o ne a sa phethe tšebeletso eo. Kreste A re: “Seo ke se etsang ha u se tsebe hajoale, empa u tla se utloisisa hamorao.” Petrose a sitoa ho mamella ho bona Morena oa hae, Mora oa Molimo, A etsa tšebetso ea mohlanka. Moea oa hae oohle oa sisimoloha khahlanong le boikokobetso bona. A bua a tiisa ka matla a re, “Ha u ka ke ua ntlhatsoa maoto le khale!”EN 439.1

    Kreste A re, “Ha ke sa u hlatsoe, ha u na kabelo ho ‘na.” Kreste O ne A tlile ho hlatsoa pelo matheba a sebe. Petrose o ne a hana tlhoekiso e phahameng e neng e kopantsoe le e tlasana. Hantle o ne a hana Morena oa hae. Ha se ntho e eisehang ho Morena, ho Mo lumella ho sebeletsa tlhoekiso ea rōna.EN 439.2

    Petrose a inehela. Ho arohana le Kreste e ne e ka ba lefu ho eena. A re, ‘“Morena, e se be maoto a ka feela, empa le ‘ona matsoho le hlooho!’ Jesu A re ho eena: ‘Ea totseng o hloekile kahohle, ‘me ha a sa hloka ho hlatsuoa haese maoto feela. Lona le hloekile.”EN 439.3

    Mantsoe ana a bolela ho fetang tlhoekiso ea ‘mele. Kreste O bua ka tlhoekiso e phahameng ‘me e tšoantšitsoe ka e tlase. Ea itlhatsoitseng o hloekile empa ka nakoana e seng kae maoto a se a hloka ho hlatsuoa hape. Joale Petrose le bana babo ba ne ba hlatsoitsoe selibeng se seholo se buletsoeng sebe le ho se hloeke. Empa meleko e ne e ba khannetse bobeng ‘me ba ne ba se ba boetse ba hloka mohau oa Kreste o hloekisang.EN 439.4

    Kreste O ne A lakatsa ho hlatsoa bora, mona, le boikhōhōmōso lipelong tsa bona. Hona e ne e le hona ha bohlokoa haholo ho feta ho hlatsoa maoto a bona a lerole. Ka moea oo ba neng ba na le oona, ho ne ho se le ea mong ea neng a lōketse selallo le Kreste. Ho fihlela ba fihletse boemo ba boikokobetso le lerato, ba ne ba sa lōkela ho ba le kabelo tšebeletsong ea sehopotso, eo Kreste A neng A le lekhatheng la ho e theha. Boikhōhōmōso le boipatlo li tsoala liphapang, empa tsena tsohle Jesu O ile A li hlatsoa ha a ba hlatsoa maoto. Phetoho ea maikutlo ea e-ba teng. Jesu O ne A ka re, “Le hloekile.” Joale ho ne ho na le kopano ea lipelo, le lerato e mong ho e mong. Kantle ho Judase, e mong le e mong o ne a itokiselitse ho suthela ba bang sebaka se ka holimo-limo. Joale ba ne ba ka amohela mantsoe a Kreste. Le rona re hlatsoitsoe maling a Kreste, empa hangata bohloeki ba pelo boa silafatsoa. Re lokela ho tla ho Kreste mohaung o hloekisang. Ke hangata hakaakang re tlisang lipelo tsa rōna tsa sebe le ho bola kopanong le pelo ea Kreste? Bohale ba rōna bo bohlōkō joang ho Eena le mafeela a rōna, le boikhōhōmōso ba rōna! Empa bofokoli bohle ba rōna le litšila, re lōkela ho li tlisa ho Eena. Ke Eena feela ea ka re hlatsoang, ra hloeka.EN 439.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents