Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Thusa ‘M’ae

    Ha ba khutla Jerusalema, Jesu A tšepa hore O tla thusa Josefa le Maria ho ithuta boporofeta bo buang ka litlhoriso tsa Mopholosi. O ne A batla ho bebofaletsa ‘m’ae bohlōkō boo a neng a tla bo utloa ha A le Kalfari, O ne A nahana ka eena ka nako ena. Maria o ne a tla ba paki ea mahlomola a Hae a ho qetela, ‘me Jesu A rata hore ‘m’ae a utloisise ka boqosa ba Hae, e le hore a tie a mamelle ha lerumo le hlaba pelo ea hae. Ho ka be ho bile bobebe hakaakang ho Maria ho tiisetsa mahlomola a lefu la Hae, haeba a ne ile a utloisisa Mangolo a Halalelang, ao Jesu A neng A leka ho tebisa maikutlo a ‘m’ae ho ona.EN 50.2

    Ka bohlasoa ba letsatsi le le leng Josefa le Maria ba ile ba lahleheloa ke Mopholosi, empa ho ile ha ba nka matsatsi a mararo a patio ea matsoalo ho Mo fumana. Ho joalo le ho rōna, ka lipuo tsa lefeela, ho bua ba bang hampe, kapa ho se tsotelle thapelo, le rōna ka letsatsi le le leng re ka lahleheloa ke boteng ba Mopholosi, ‘me ho ka re nka matsatsi a mangata re Mo batla, pele re fumana thabo le khotso eo re ileng ra e lahla.EN 50.3

    Re tsoanetse re falimehe e se re mohlomong ra lebala Jesu, ‘me ra feta feela re sa hlokomele hore ha A na le rōna. Ha re hapuoa ke lintho tsa lefatše re ikarohanya le Jesu le mangeloi a leholimo. Libōpuoa tsena tse halalelang li ke ke tsa lula moo boteng ba Mopholosi bo sa ratoeng, le moo bo-sieo ba Hae bo sa lemohuoeng.EN 50.4

    Ba bangata ba ea litšebeletsong tse halalelang, ‘me ba tsosolosoa ke Lentsoe la Molimo, empa ka ho sa tsotelle thapelo le ho ithuta Lentsoe, ba lahleheloa ke mahlohonolo. Ha ba ikarohanya le Jesu, ba koalla khanya ea boteng ba Hae ka ntle.EN 51.1

    E ka ba taba ea bohlokoa ho rōna ha re ka ba le hora ea boikhutso bo mahlonoko, tsatsi le leng le le leng, re nahana ka bophelo ba Kreste. Re tšoanetse re nke ntlha ka ntlha, ‘me re lumelle menahano ea rona ho bona karolo ka ‘ngoe ea bophelo ba Hae haholo-holo tse amang litaba tsa ho qetella tsa bophelo ba Hae. Ke ka tsela eona ena tšepo ea rona ho Eena e tlang ho matlafala, lerato la rona le tla sisimoha, ‘me re tla tlatsoa ka moea oa Hae. Ha re ntse re bohile botle ba semelo sa Hae, ha A re “fetola hore re tšoane le eena; re ntse re ateloa ke tlōtla ho-eaho-ile.” 1 Bakorinthe 3:18.EN 51.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents