Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moea O Halalelang O Phethahatsa Mosebetsi Oa Kreste Ho Rōna

    Pele A inehela ho ba phofu ea sehlabelo, Kreste O ile A batla mpho ea bohlokoa bo fetisisang, eo A ka e fang balateli ba Hae. “Ke tla kōpa Ntate, ‘me o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lōna ka ho sa feleng, e leng Moea oa ‘nete, oo lefatše le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona lea o tseba hobane o lula le lona, ‘me o ka ho lona. Ha ke na ho le siea le le likhutsana, ke tla tla ho lona.” Johanne 14:16-18. Ha Kreste A ne A le lefatšeng, barutuoa ba ne ba sa lakatse mothusi e mong. Ha A se A le sieo har’a bona, ke hona ba neng ba utloa bohloki ba Moea, ‘me eaba Oa tla.EN 451.2

    Moea o Halalelang ke moemeli oa Kreste, empa Ea sa aparang sebōpeho sa botho, ‘me O lōkōlōhile. Kreste O ne A sitoa ho ba libakeng tsohle ka boeena, A thibeloa ke bōtho. E ne e le molemong oa bona hore A tsamaee, ‘me A rōmela Moea ho ba mohlahlami oa Hae lefatšeng. Ha ho ea neng a ka fumana molemo, ka lebaka la bolulo ba Hae. Ka Moea, Mopholosi O ne A tla ba haufi le bohle.EN 451.3

    Jesu A bala bokamoso ba barutuoa ba Hae. A bona e mong a fanyehoa sefapanong, e mong a lahleloa mafikeng a bolutu a leoatle, ba bang ba hlorisoa ba bolaoa. Empa litekong tsohle O ne A tla ba le bona. Haeba ka lebaka la ‘nete, molumeli a emisoa lekhotleng la ba hlokang toka, Kreste O ema lehlakoreng la hae. Litsomo tse mo oelang, li oela ho Kreste. Ha e mong a koaletsoe ka marakong a teronko, Kreste O tlatsa pelo ea hae ka lerato la Hae.EN 451.4

    Ka linako tsohle le libakeng tsohle, ha re ikutloa re hloka thuso re lahlehile, Motšelisi O tla romeloa ho araba thapelo ea tumelo. Maemo a ka re arohanya le metsoalle eohle ea lefatše, empa ha ho boemo bo ka re arohanyang le Motšelisi oa leholimo. O letsohong la rona le letona kamehla, ho re tiisa le ho khothatsa.EN 452.1

    Barutuoa ba ne ba sitoa ho utloisisa mantsoe a Kreste, ‘me A hlalosa hape: O tla itlhahisa ho bona ka Moea o Halalelang. “Empa Mothusi, Moea o Halalelang oo Ntate a tla o rōmela lebitsong la ka, eena o tla le ruta tsohle.” Ha ho sa tla ba ea reng, ha ke utloisise.EN 452.2

    Kreste O ne A lōkela ho bua le batho bohle ba lefatšeng ka barutuoa. Empa ka lefu la Kreste, ba ne ba tla tšoaroa ke masoabi a maholo. Hore kamora’ maiphihlelo ao, lentsoe la bona le tle le tsepame, Jesu A ba tšepisa hore Moemeli “A le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” “Athe ha eo, Moea oa ‘nete, a e-tla, o tla le tsamaisa ‘neteng eohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a li utloang, ‘me o tla le tsebisa tse tlang. Eena o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tsa ka, a le tsebise tsona.”EN 452.3

    Barutuoa ba Jesu ba ne ba rutiloe ho amohela lithuto tsa baruti e le lentsoe la Molimo, ‘me taba ena e ne e ntse e le matla likelellong tsa bona. Maikutlo a lefatše a ne a ntse a na le sebaka se scholo likelellong tsa bona. Ba ne ba sa utloisise sebōpeho sa moea sa ‘muso oa Kreste. Lithuto tsa Hae tse ngata, li bonahetse li lahleha feela ho bona. Jesu A ba tšepisa hore Moea o Halalelang O tla busetsa lipolelo tsena likelellong tsa bona.EN 452.4

    Moemeli O bitsoa “Moea oa ‘nete.” Mosebetsi oa Hae ke ho hlalosa le ho tiisa ‘nete. O qala ka ho lula ka pelong e le Moea oa ‘nete, ‘me joale A fetohe Moemeli. ‘Nete e na le khotso, empa ha ho khotso ea sebele thetsong. Satane o fumana matla a hae holim’a likelello ka thetso. Mekhoa ea thetso e senya sebōpeho Moea o Halalelang O senola phoso, ‘me O e leleke moeeng. Ka Moea oa ‘nete, O sebetsang ka lentsoe la Molimo, Kreste O kokobeletsa bakhethoa ba Hae ho Eena.EN 452.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents