Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sepheo Se Seholo Sa Moea

    Kreste O ne A batla ho tlatsa barutuoa ka thabo le tšepo tse tlatsitseng pelo ea Hae. O ne A thabisoa ke hore Moea o Halalelang, e ne e le mpho e kholo ho feta tsohle, eo A neng A ka ba kōpela eona ho Ntate. Moea O ne O tla fanoa e le mpho e nchafatsang, ho seng joalo sehlabelo sa Kreste se ne se tla hloka thuso. Matla a sebe a ne a ntse a matlafala ka lilemo, ‘me batho ba ne ba inehela khapong ea Satane ka mokhoa o makatsang. Sebe se ne se ka loantšoa le ho hloloa, ka matla a Motho oa Boraro oa leholimo, ea ka tlang a tletse matla a leholimo. Moea O phethahatsa se sebelitsoeng ke Mopholosi oa lefatše. Ka Moea, pelo ea hloekisoa. Kreste O fane ka Moea oa Hae ho hlōla litloaelo tsohle tsa sebe, tse futsitsoeng le tse iketselitsoeng, ‘me A hlahise semelo sa Hae kerekeng ea Hae. Setšoantšo sa Molimo sa ‘nete se lokela ho hlahisoa bōthong. Hlompho ea Molimo, hlompho ea Kreste, ea sebelisoa ho phethahatsa semelo sa batho ba Hae.EN 453.1

    “Ha eo a e-tla [Moea oa ‘nete], o tla kholisa lefatše ka tsa sebe, le ka tsa tōka, le ka tsa kahlōlo.” Ho ruta Lentsoe kantle ho boteng ba Moea o Halalelang, ho hloka thuso. Ke feela ha ‘nete e felehetsoa ke Moea ho ea pelong, e ka sisinyang letsoalo kapa ea fetola bophelo. Kantle le hore Moea o Halalelang O finyeletse ‘nete ka pelong, ha ho meea e ka oelang holim’a lefika ‘me ea robeha. Ha ho menyetla, leha e ka ba meholo joang, e ka fetolang motho ho ba mocha oa leseli.EN 453.2

    Kreste O tšepisitse mpho ea Moea o Halalelang kerekeng ea Hae, ‘me tšepiso eo ke ea rōna, joalekaha e ne e le ea barutuoa ba pele. Empa, joaloka tšepiso e ‘ngoe le e ‘ngoe, e fanoe tlas’a maemo. Ba bangata ba ipolelang ba na le litšepiso tsa Molimo, ba bua ka Kreste le ka Moea o Halalelang, empa ha ba fumane molemo oa letho. Ha ba nehele moea hore o tsamaisoe ke basebeletsi ba leholimo. Re ke ke ra sebelisa Moea o Halalelang. Moea O lokela ho re sebelisa. Empa ba bangata ba rata ho itšōkōlela. Bao feela, ba lebellang Molimo ka boikokobetso, ke bona ba fuoang Moea. Lehlohonolo lena le tšepisitsoeng, le fumanoa ka tumelo, le tlisa mahlohonolo a mang a le latela. Kreste O emetse ho neha moea o mong le o mong ho latela matla a oona a ho amohela.EN 453.3

    Pele A tsoa ka kamoreng e kaholimo, Mopholosi A etella barutuoa pele, ka pina ea thoriso. Lentsoe la Hae la utloahala, eseng ka pina ea mahlomola, empa ka ‘mino o monate oa lifela tsa Paseka:EN 454.1

    Rorisang Morena,lona lichaba tsohle,
    mo tlotliseng, lona merabe eohle;
    hoba mohau oa hae ho rōna o moholo,
    botšepehi ba Morena bo hlola kamehla eohle.
    Haleluja! Pesalema 117.
    EN 454.2

    Ka morao ho sefela, ba tsoa ka likhoro tsa motse o halalelang, ba leba Thabeng ea Mehloare. Ba tsoelapele butle, e mong le e mong a phathahane ka kelellong ea hae. Ha ba qala ho theohela thabeng, Jesu A re, “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkoenehela, hobane ho ngotsoe, ho thoe: ‘Ke tla otla molisa, ‘me linku tsa mohlape li tla qhalana.’” Matheu 26:31. Ha ba le kamoreng e kaholimo, Jesu O ile A re e mong oa ba leshome le metso e ‘meli o tla Mo eka, ha Petrose eena a tla Mo latola. Empa joale mantsoe a Hae a ba akaretse bohle.EN 454.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents