Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 74—NTOA E TŠOSANG GETHESEMANE

    [E itšetlehile ka Matheu 26:36-56; Mareka 14:32-50; Luka 22:39-53; johanne 18:1-12]

    Mopholosi hammoho le barutuoa ba Hae, A kena tseleng ho ea serapeng sa Gethesemane. Khoeli ea Paseka e ne e chabile ho se maru leholimong. Ha A atamela Gethesemane, O ile A khutsa ka mokhoa o hlōllang. Bophelong ba Hae bohle ha A le lefatšeng, O ne A tsamaea leseling la boteng ba Molimo. Empa joale O ne A se A baloa har’a batloli. O tlameha ho jara molato oa botho bo oeleng. O ne o le boima haholo, hoo A batlileng A tšaba hore o tla Mo koalla kantle ho lerato la Ntate ka ho sa feleng. A bua A re, “Moea oa ka o masoabing a maholo, hoo nka shoang.”EN 460.1

    Haesale, barutuoa ba ne ba e-s’o bone Morena oa bona A saretsoe hakaalo. ‘Mele oa Hae o ne o kapea, eka O tla tloha A oela. Ha ba fihla serapeng, barutuoa ba qamaka sebaka sa Hae sa mchla, hore Morena oa bona A ke A phomole. Ka makhetlo a mabeli metsoalle ea Hae ea tlameha ho Mo tšehetsa, ho seng joalo, A ka be A ile A oela.EN 460.2

    Jesu A siea barutuoa bohle, kantle ho ba bararo, pel’a monyako, A re ba ithapelle le Eena ba Mo rapelle. A kenella hare moo ho khutsitseng, le Petrose, Jakobo le Johanne. Tsielehong ea Hae e kholo, Kreste O ne A hloka hore ba be haufi le Eena. Hangata, ba qetile bosiu le Eena boikhutsong. Kamorao ho nako e khethelileng ea thapelo, e be ba ithoballa hamonate, ho fihlela A ba tsosa hoseng, hore ba kene tšebetsong bocha. Khetlong lena, O lakatsa ba qete bosiu le Eena, ba ntse ba rapela, empa A sitoa le ho mamella hore bona ba bone mahlomola a Hae.EN 460.3

    Jesu A re, “Salang mona, le falimehe le ‘na.” A fetela pelenyana -e seng hole haholo, ba ne ba ka Mo bona, le ho Mo utloa — eaba O oela fatše ka sefahleho. A ikutloa hore ka sebe, O arohanngoa le Ntate. Khohlo e ne e le sephara, e le ntšo, e tebile, hoo moea oa Hae o ileng oa tsitsipana. Bohlōkō bona ha A tšoanela ho sebelisa matla a Hae a bo-Molimo ho bo qoba. E le motho, O lōkela ho jara litholoana tsa sebe sa motho. E le motho, O lōkela ho mamella bohale ba Molimo khahlanong le litšito.EN 461.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents