Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Thapelo Ea Kreste E Arabiloeng

    Mahlomola a Kreste ha a ka a khaotsa, empa ho tetebela le ho nyahama tsa Mo tlohela. Sefefo ha sea ka sa kokobela, empa O ne A matlafalitsoe hore A thulane le bohale ba sona. Khotso ea leholimo ea lula holim’a sefahleho sa Hae se mali. O ne A jere seo ho seng motho ea ka se jarang; hoba O ne A latsoitse mahlomola a lefu sebakeng sa motho e mong le e mong.EN 464.4

    Barutuoa ba robctseng, ba phaphama ka potlako, ba bona lengeloi. Ba utloa lentsoe le buang lipolelo tsa khothatso le tšepo ho Mopholosi. Eaba joale ha ba sa hlōla ba tšoha bakeng sa Morena oa bona; O ne A le tlas’a tlhokomelo ea Molimo. Barutuoa ba boela ba inehela ho hloloa ke boroko bo makatsang, ‘me Jesu A boela A fumana ba robetse.EN 464.5

    Jesu A ba sheba ka masoabi A re, “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, ‘me Mor’a Motho o neeloa matsohong a baetsalibe.” Eare A sa bua, A utloa maoto a sehlopha se tlil’o ‘Matla, eaba O re, “Tsohang, a re eeng; ea nkèkang ke enoa, o se a atametse.”EN 465.1

    Ha Jesu A atamella pele ho kopana le moeki oa Hae, ho ne ho sa bonahale mohlala oa mahlomola a Hae a tsoa feta. “Le batla mang?” Ba Mo araba ba re, “Jesu oa Nasaretha.” Jesu A araba A re, “Ke ‘na enoa.” Ha ho buuoa mantsoe ana, lengeloi le neng le sebeletsa Jesu la tsamaea lipakeng tsa Hae le sehlopha. Leseli la leholimo la khantša sefahleho sa Mopholosi. Kahar’a khanya ena e halalelang, sehlopha sa babolai sa sutha ka santhao, sa oela fatše. Esita le Judase a oela fatše.EN 465.2

    Lengeloi la sutha, ‘me khanya ea fela. Jesu O ne A na le monyetla oa ho phonyoha, empa A sala kahar’a sehlopha seo se thatafetseng, joale se rapaletse se hloka thuso maotong a Hae.EN 465.3

    Empa kapele pono ea fetoha. Masole a Roma, baprista le Judase ba ne ba bokanetse Kreste, ba tšohile hore A ka tšoana A phonyoha. Ba ne ba na le bopaki ba hore ea emeng ka pele ho bona ke Mora oa Molimo, empa ha ba ka ba kholiseha. Ha ba botsoa, “Le batla mang?” Ba boela ba araba ba re, “Jesu oa Nasaretha.” Mopholosi joale A re, “ke le bolelctse hore ke ‘na; haeba le batla ‘na he, lesang batho bana ba ikcle;” — a supa barutuoa. O ne A itokiselitse ho ba sehlabelo sa bona.EN 465.4

    Judase, moeki, ha a ka a lebala karolo eo a neng a lokela ho e phetha. O ne a fane ka pontšo ho ba batlang Jesu, a re, “Eo ke tla mo aka, ke eena; le mo tšoare.” Eitse ha a atamela ho Jesu, a Mo tšoara ka letsoho joaleka motsoalle eo a mo tlactscng. A re, “E, Moruti!” ‘me a Mo aka ka makhetlo, a bile a bonahala a lla, eka o Mo hlomohetse tsietsing ea Hae.EN 465.5

    Jesu A re, “Motsoalle, u tletse’ng moo?” Lentsoe la Hae le ne le thothomela ke tšabo, A eketsa A re, “Judase, na u ka èka Mor’a motho ka kako na?” Boipiletso bona, bo ne bo lokela ho tsosa letsoalo la moeki, empa tlhompho le bonolo ba botho li ne li mo furalletse. O ne a inehetse ho Satane, ‘me a hloka matla a ho itokolla. Jesu ha A ka A hana kako ea moeki.EN 465.6

    Sehlopha sa tšoara Jesu, ‘me ba Mo fasa matsoho ao a neng a lemaletse ho etsa mesebetsi e metle.EN 466.1

    Barutuoa ba halefa ha ba bona ho ntšuoa mehala ho fasa matsoho A Eo ba Mo ratang. Petrose ka khalefo, a ntša sabole ea hae, ‘me a khaola tsebe ea mohlanka oa moprista e moholo. Ha Jesu A bona se etsahetseng, A lōkōlla matsoho a Hae, leha a ne a tšoeroe ka thata ke masole a Roma, ‘me A re, “Tlohelang, ho lekane!” A ama tsebe e khaotsoeng, ea fola hang.EN 466.2

    Eaba O re ho Petrose, “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole ba tla bolaoa ka sabole. Kapa u lekanya hore ke sitoa ho rapela Ntate, a nthōmelle hona joale mabōtho a mangeloi a fetang leshome le metso e ‘meli?” - legione bakeng sa morutuoa e mong le e mong. Barutuoa ba nahana ba re ekaba ke hobaneng, ha A sa ipholose, A re pholosa le rōna? Ho araba mehopolo ea bona, eo ba sa e buang, A eketsa A re, “Empa Mangolo a ka phethahala joang a reng, eka khona hobe joalo?” “Na ha nka ke ka noa senoelo seo Ntate a ‘neileng sona na?”EN 466.3

    Baprista le baholo, ka masene, ba kopana le balebeli ba tempele le sehlopha, ba latela Judase ho ea Gethesemane. Bahlompheli ba ikopanya le sehlopha se makatsang - mphi e hlometseng ka libetsa tsa mefuta-futa, eka hoja ba tsoma sebatana!EN 466.4

    Ha A retelehela ho baprista le baholo, Kreste A bua mantsoe ao ba ke keng ba a lebala: “Le tla ho ‘Na le nkile lisabole le melamu joaleka ha eka le batla lesholu. Ka letsatsi le letsatsi Ke ne ke lula tempeleng, Ke ruta. Le ne le na le monyetla oa ho ntšoara, empa ha lea etsa letho. Bosiu ke eona nako e lokelang mesebetsi ea lona. Empa nako ena ke ea lona le ea Matla a Lefifi.”EN 466.5

    Barutuoa ba tšoha hampe ha ba bona Jesu A lumela ho nkoa A tlangoa. Ba khopisoa ke hore A jare nyeliso ea Hae le bona. Ba sitoa ho utloisisa sebōpeho sa Hae, ‘me ba Mo nyatsetsa ho inehela. Khalefong le letsoalong la bona, Petrose a ba eletsa hore ba ipholose bo bona. Ba latela keletso ena. “bohle ba mo siea, ba baleha.” EN 466.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents