Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 75—JESU O QOSOA HO SA IPAPISOA LE MOLAO

    [E itšetlehile ka Matheu 26:57-75; Mareka 14:53-72; 15:1; Luka 22:54-71; Johanne 18:13-27]

    Ba potlakisa Jesu mapatlelong a khutsitseng ha ho robetsoe. Ho ne ho se ho fetile khitla ea bosiu. Mopholosi A tsamaea habohlōkō ho ea tlung ea borena ea Hannase, eo e kileng ea ba moprista e moholo A fasitsoe. Hannase e ne e le hlooho ea lelapa la boruti le tšebetsong; ‘me batho ba ne ba ntse ba mo nkile e le moprista e moholo leha a ne a se a holile hakaalo. Litaba tsa hae li ne li nkuoa e le Lentsoe la Molimo. O ne a lokela ho ba teng ha ho hlahlojoa motšoaruoa, e le ho tšaba hore Kaiafa ea maiphihlelo a fokolang, a ka tšoana a sitoa ho tiisa sepheo seo ba se sebeletsang. Masene a hae le maqiti li lokela ho sebelisoa, hore kahlōlo ea Kreste e tle e phethahale.EN 467.1

    Kreste O ne A lokela ho qosoa lekhotleng le leholo ka tloaelo (Sanhedrin), empa selelekela sa qoso sa qala ho Hannase. Ka molao oa Roma, lekhotla le leholo (Sanhedrin), le ne le lokela feela ho hlahloba motšoaruoa le ho fana ka kahlōlo, ‘me e ne e tla tiisoa ke baokameli ba Roma. Ka lebaka lena, ho ne ho hlokahala hore liqoso tse etsetsoang Kreste, e be tse tla amoheleha e le tlōlo ea molao ho Baroma esita le ho Bajuda. Ha se baprista le babusi ba bangata ba ileng ba fumana ho na le molato lithutong tsa Jesu. Josefa ea Arimathea le Nikodema ba ne ba ke ke ba bitsoa nakong ena, ‘me ba bang ba tšaba ho bua ho emela tōka. Qoso e ne e lōkela ho kopanya lekhotla le leholo ho loantšsa Kreste. Baprista ba lakatsa ho tiisa liqoso tse peli. Ha bopaki bo ka tiisa hore Jesu ke monyefoli, O ne A ka tsuoa ke Bajuda. Ha ho ka kholiseha hore phetohelo e teng, ho ne ho tla tiisa hore Baroma ba Mo tsoe.EN 467.2

    Hannase a leka ho theha qoso ea bobeli pele. A botsa Jesu lipotso, ka khopolo ea hore motšoaruoa O tla bua ho hong, ho ka pakang hore O ne A leka ho etsa mokhatlo oa lekunutu, ka sepheo sa ho theha ‘muso o mocha. Joale baprista ba ne ba tla Mo hlahisa ho Baroma e le mothehi oa pherekano.EN 468.1

    Eaka hoja A bala maikutlo a kahare-hare a mochochisi. Kreste A latola hore O phutheha le balateli ba Hae ka lekunutu ebile e le bosiu, hore ba pate mekhoa ea Hae. A araba A re, “Ke buile le lefatše phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang tehg, ‘me ha kea ka ka bua letho lekunutung.”EN 468.2

    Mopholosi A bontša phapang pakeng tsa mokhoa oa Hae oa tšebetso, le mekhoa ea baqosi ba Hae. Ba ile ba Mo tsoma, hore ba Mo ise lekhotleng la motse ka lenyele, moo ba neng ba tla fumana ka tiiso ea leshano, seo ba neng ba ke ke ba se fumana haele ka litsela tse otlolohileng. Taba ea hore sehlopha se Mo tšoare bosiu, ba Mo some, ba Mo etse hampe le pele A ka ahlōloa, e ne e le mokhoa oa bona oa tšebetso, eseng oa Hae. Ketso eo ea bona e ne e le tlōlo ea molao. Melao ea bona, e ne e bolela hore motho e mong le e mong a nkoe a hloka molato ho fihlela ho pakehile hore o molato.EN 468.3

    Ha A retelehela ho mochochisi oa Hae, Jesu A re, “U mpotsetsa’ng?” Na lihloela li ne li se teng liphuthehong tsohle le sechaba, ‘me ba isetsa baprista litaba tsohle tseo A li buileng le tseo A li entseng? “Botsa ba utloileng seo ke se buileng ho bona; ke bona ba tsebang seo ke se buileng.”EN 468.4

    Hannase a thola. E mong oa bahlanka a tlala khalefo, a otla Jesu sefahlelong a re, “Na u hle u arabe Moprista e Moholo joalo?” Jesu A araba ka bonolo, “Haeba ke buile hampe, bolela bobe boo, empa haeba ke buile hantle, u nkotlela’ng na?” Karabo ea hae e bonolo e ne e tsoa pelong e hlokang sebe, e mamellang, e bonolo, e ke keng ea khopisoa.EN 468.5

    Matsohong a batho bao A ba etsetsang sehlabelo se sa feleng, Kreste A amohela tlontlollo. ‘Me A utloisoa bohlōkō ka lebaka la bohalaleli ba Hae le ho hloea sebe. Ho hlahisoa lekhotleng ke banna ba neng ba sebelisoa ke modemona, ho Eena e bile sehlabelo se seholohali. Hore A potoe ke batho ba tsamaisoang ke matla a Satane ebile bohlōkō bo boholo. ‘Me O ne A tseba hore ha A ka phatsimisa matla a Hae a bo-Molimo, A ka lihela bahlorisi ba Hae ba khopo leroleng la lefatše. Hona ha etsa hore teko ea Hae e be boima le ho feta.EN 468.6

    Bajuda ba ne ba lebeletse Mesia, eo ka ho panya ha ntši, ka matla a hlōllang, A tlang ho fetola tsela ea likelello tsa batho, ‘me A ba qobelle ho amohela boholo ba Hae. Ho tjee, Kreste A hlōkōfatsoa ka tello, A tleloa ke moleko o matla oa hore A hlahise semelo sa Hae sa bo-Molimo, A qobelle bahlorisi ba Hae hore ba pake hore Ke Morena ea kaholimo ho marena le babusi, baprista le tempele. Ho ne ho le thata ho tiisetsa boemong boo A bo khethileng, ba ho tšoana le batho.EN 469.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents