Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Sebetsa Khahlanong Le Kreste

    Judase o ne a ntse a ntšetsa pele mohopolo oa hore Kreste O tla busa Jerusalema e le morena. Moketeng oa katiso ea mahobe, ke eena ea neng a hateletse ka matla morerong oa hore Kreste A nkoe ka likhoka, A etsoe morena. Mehopolo ea hae e ne e phahame ‘me masoabi a hae ea e-ba a babang.EN 479.4

    Thuto ea Kreste ka bohobe ba bophelo ea liella litema. A bona Kreste A fana ka melemo ea moea ho fapana le ea lefatše. A bona hore ekare Jesu ha A na ho fumana tlōtla ea letho, ‘me ha A na ho A abela barutuoa ba Hae litulo tse phahameng. A ikemisetsa hore a se ikopanye le Kreste haholo, a mpe a chechelle morao, a lebelle. ‘Me a fela a lebella.EN 480.1

    Ho tloha ka nako eo, a hlahisa lipelaelo tse ileng tsa ferekanya barutuoa. A hlahisa likhang le litemana tsa Mangolo tse neng li sa kopane le linnete tse neng li hlahisoa ke Kreste. Litemana tsena, tse arotsoeng ho tse ling, tsa tsietsa barutuoa ‘me ho nyahama ho ba imetseng ha eketseha. Judase a bonahala eka o hlokolosi. Joale a sebetsa ka mokhoa o bonahalang e le oa bolumeli, o bohlale, ‘me a fa mantsoe a Jesu moelelo o fapaneng le oo Jesu A neng A o fana. Litlhahiso tsa hae ka linako tsohle, e ne e le tse etsang hore batho ba laba-labele ho phahamisoa litulong bophelong bona. Qabang ea hore na e moholo ke mang e ne e bakiloe ka Judase.EN 480.2

    Ha Jesu A ne A hlalosetsa mohlankana oa morui lipallo tsa ho ba morutuoa, Judase a utloa ho entsoe phoso. Batho ba tšoanang le morui eo, ke ba ka thusang ho tšehetsa mosebetsi oa Kreste. Judase a nahana hore eena ka boeena, o ne a ka hlahisa merero e mengata molemong oa kereke e fokolang. Linthong tsena a inahana hore o bohlale ho feta Kreste.EN 480.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents