Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Monyetla Oa Judase Oa Ho Qetela Oa Ho Baka

    Ho tsohle tseo Kreste A li boleletseng barutuoa, ho ne ho na le seo Judase, ka pelong, a sa lumellaneng le sona. Ka tšusumetso ea hae, tomoso ea ho se khotsofale ea sebetsa. Jesu A bona hore Satane o butse mocha oo ka oona a susumetsang barutuoa ba bang. Feela Judase ha a ka a bua pelaelo ea hae ho fihlela mohlang ho phuthehiloeng lapeng ha Simone. Mohla Maria a neng a tlotsa maoto a Jesu, Judase a hlahisa meharo ea hae. Ha Jesu A mo khalemela, a utloa bohlōkō, a lakatsa ho iphetetsa, a sa thijoe ke letho. Ana e tla ba maiphihlelo a e mong le e mong ea tsoelang pele ho qaputsa sebeng.EN 480.4

    Empa Judase o ne a e-s’o thatafalle ruri. Esita le kamorao hore a itlame habeli hore o tla eka Mopholosi, monyetla oa pako o ne o sa le teng. Tafoleng ea Paseka, Jesu O ile A sebeletsa Judase ka lerato ‘moho le barutuoa ba bang. Boipiletso ba ho qetela ba lerato a se ke a bo natsa. Maoto ao Jesu A neng A a hlatsoitse a tsoa ho ea mosebetsing oa boeki.EN 480.5

    Judase a itjoetsa hore haeba Jesu O tla thakhisoa, ketsahalo eo ke hore e phethahale. Ketso ea hae e ke ke ea fetola letho. Haeba Jesu ha A lōkela ho shoa, O tla tlameha ho itopolla. A utloa hore o fumane monyetla o motle ka ho eka Morena oa hae.EN 481.1

    Judase leha ho le joalo, o ne a sa kholoe hore Kreste O tla lumela hore A tšoaroe. Ha a Mo eka, sepheo sa hae e ne e le ho Mo ruta thuto. O ne a rerile ho hlokomelisa Mopholosi hore, ho tloha nakong eo, O lokela ho mo neha hlompho e mo lokelang. Hangata ha bangoli le Bafarisi ba ne ba thonaka majoe ho Mo tlepetsa, O ne A ba nyamella. Erekaha A ile A phonyoha maraba a mangata, ruri A ke ke A itumella hore A tšoaroe.EN 481.2

    Judase a rera hore a ke a leke taba ena. Haeba Jesu ruri e le Mesia, batho ba tla Mo etsa morena teroneng ea Davida, ‘me hona ho ne ho tla mo fumantša maemo a pele, pel’a Kreste, ‘musong o mocha.EN 481.3

    Serapeng, Judase o ile a re ho baetapele ba sehlopha, “Le mo tsoare.” Matheu 26:48. O ne a lumetse ka ho tiea hore Kreste O tla phonyoha. ‘Me e ne e tla re ha ba mo tsekisa e be o re, Ha kca le joetsa hore le Mo tiise?EN 481.4

    Ka ho makala, Judase a bona Mopholosi A itlohella hore A khannoe. Ka linako tsohle o ne a lebeletse ho bona A makatsa lira tsa Hae, ka ho hlaha e le Mora oa Molimo. Empa ha nako e ntse e tsamaea, moeki a tleloa ke tšabo e kholo ea hore o rekisitse Morena oa hae ho Mo isa lefung.EN 481.5

    Ha qoso e ea qetellong, Judase a sitoa ho mamella letsoalo la hae le molato. Hang ha utloahala lentsoe le makherehloa le hoelehetsa kahar’a ntlo, le re: “Ha A na molato, Mo tlohele hle Kaiafa!” Seemo sa Judase se phahameng sa bonahala se fohla har’a letšoele le maketseng. Sefahleho sa hae se ne se pulufetse, ‘me mofufutso o thuntse phatleng. A mathela setulong sa kahlōlo, a lahlela lichelete tse neng li rekile keko ea Morena fatše, kapele ho Moprista e Moholo. A tšoara Kaiafa ka kobo, a mo kōpa hore a lōkōlle Jesu. Kaiafa a mo sutumetsa ka bohale, a mpa a sa tsebe seo a ka se buang. Bomenemene ba baprista ba senoleha. Ba ne ba rekile morutuoa hore a eke Morena oa hae.EN 481.6

    “Ke sitiloe ka ho èka mali a se nang molato.” Joale Moprista e Moholo a boela a iphumana, a araba a re, “Hoo ho re ama ka’ng? Ke tabeng ea hao!” Matheu 27:4. Baprista ba ne ba khotsofaletse ho sebelisa Judase empa ba nyelisa bofokoli ba hae.EN 482.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents