Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mahlomola A Maholo A Pako Ea Judase

    Judase joale a itahlela maotong a Jesu, a Mo paka hore ke Mora oa Molimo, ebile a Mo kōpa hore A itōkōlle. Mopholosi A tseba hore Judase o ne a sa utloa bohlōkō bo tebileng, bo robang pelo, ka hore ebe o èkile Mora oa Molimo Ea hlokang letheba. Leha ho le joalo, A se ke A bua letho le mo tsoang. A sheba Judase ka mohau, ‘me A re, “Ke tletse nako eona ena lefatseng”.EN 482.2

    Phutheho eohle ea makatsoa ke mamello ea Kreste ho moeki oa Hae. Monna enoa O kaholimo ho motho oa nama! Empa ke hobaneng ha A sa itōkōlle ‘me a hlōla baqosi ba hae?EN 482.3

    Likōpo tsa hae ha li hlōtsoe, Judase a tsoa ka tlung a matha, a hoelehetsa a re, Ha ho sa na thuso! Ha ho sa na thuso! A ikutloa hore a ke ke a phelela ho bona Jesu A thakhisoa, ‘me ka ho tsieleha, a tsamaea a ea iphanyeha.EN 482.4

    Hamorao tsatsing leo, sehlopha se isang Jesu sebakeng sa thakhiso, sa bona setōpō sa Judase tlas’a sefate se omeletseng. Boima ba hae bo ile ba khaola thapo eo a neng a iphanyehile ka eona. Lintja li ne li se ntse li itjella setōpō sa hae se tamukaneng. Kotlo e ne e bonahala e se e qalile ho ba nang le molato maling a Jesu. EN 482.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents