Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Pilato A Lemoha Leqheka

    Pilato a se ke a lumela hore motšoaruoa eo o ne a leka ho liha ‘muso. A lumela hore hona le leqheka le tebileng le etsetsoang ho bolaea motho eo ea hlokang molato. A retelehela ho Jesu, a re, “Na u khosi ea Bajuda?” Mopholosi A araba A re, “Uena u rialo.” Eitse ha A bua, sefahleho sa Hae sa khanya, eaka hoja lehlaseli la letsatsi le se chabetse.EN 485.2

    Ha ba utloa karabo ea Hae, Kaiafa a hlokomelisa Pilato hore le eena (Pilato) ke paki le hore Jesu O lumetse molato oo A qositsoeng ka oona. Pilato a re, “‘Na ha u arabe letho? Bona, kamoo ba u qōsang ka tse ngata kateng.’ Empa Jesu a se ke a hlola a araba letho.”EN 485.3

    Kreste O ne A eme kamor’a Pilato, pontšeng ea bohle ba ka khotla. A utloa nyeliso; ‘me liqosong tsohle tsa leshano, A se ke A araba letho. A ema A sa sisinngoe ke maqhubu a bohale a neng a Mo tsukutla. Eaka hoja maqubu a boima a khalefo, a nyolohang joaleka maqhubu a leoatle, a qhalanetse pel’a Hae, empa a se ke a Mo thetsa. Ho khutsa ha Hae, ha tšoana le leseli le khanyang le tsoa kahare le ea ho motho ea kantle.EN 485.4

    Pilato a makala. Na motho eo ha A tsotelle ho pholosa bophelo ba Hae? Ha a sheba Jesu, a bona hore e ke ke eaba O hloka ho lōka joaleka baprista ba entseng lerata. E le ho qoba mofere-fere oa sechaba, Pilato a nkela Jesu thokoana, ‘me a boela a Mo botsa, a re, “Na u khosi ea Bajuda?”EN 485.5

    Jesu ha ka A araba ka kotloloho. Moea o Halalelang O ne O loantšoana le Pilato, ‘me A mo fa sebaka sa hore a lumele hore o kholisehile. A ‘motsa A re, “Na u bolela hoo ka bouena, kapa ba bang ba u boleletse ka ‘na?” Pilato a utloisisa seo Jesu A se bolelang, empa a hana ho lumela kholiseho e neng e mo fihletse. “Na ke Mojuda? Sechaba sa heno le baprista ba baholo ba u tlisitse ho ‘na; u entseng?”EN 485.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents