Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Leka Ho Pholosa Pilato

    Jesu ha A ka A siea Pilato a hloka tlhakisetso e eketsehileng. A mo neha hore a utloisise hore ha A batle borena ba lefatše lena.EN 486.1

    A re, “Muso oa ka hase oa lefatše lena; ha ‘Muso oa ka e ne e le oa lefatše lena, balateli ba ka ba ka be ba loanne, hore ke se ke ka neeloa Bajuda, empa joale ‘Muso oa ka hase oa mona.’ Eaba Pilato o re ho eena: ‘Ha ho le joalo, na u fela u le khosi?’ Jesu a araba, a re: ‘Ke uena u reng ke khosi. Seo ke se tsoaletsoeng, le seo ke se tletseng lefatšeng, ke hore ke pake ‘nete. Mang le mang eo e leng oa ‘nete o utloa lentsoe la ka.’” Kreste O ne A lakatsa hore Pilato a utloisise hore, ke feela ha a ka amohele ‘nete, ‘me a sebetsa ka eona, semelo sa hae se senyehileng se ka nchafatsoang.EN 486.2

    Kelello ea Pilato ea ferekana. Pelo ea hae ea sisinngoa ke takatso e kholo ea ho tseba hore na hantle-ntle ‘nete ke’ng, ‘me a ka e fumana joang. A botsa a re, “‘Nete ke’ng?” Empa a se ke a emela karabo. Baprista ba ne ba entse lerata ba batla qeto e potlakileng. A tsoela ho Bajuda, ‘me a phatlalatsa ka matla a re, “Ha ke fumane molato ho eena.”EN 486.3

    Ha baprista le baholo ba utloa tsena ho Pilato, ho khena ha bona le khalefo tsa hloka moeli. Ha ba lemoha hore Jesu A ka ‘na A lōkōlloa, ba bonahala e ka ba ka Mo tamolla litsekana. Ba nyatsa Pilato ka lerata le leholo, ebile ba mo tšosa ka hore o tla lōkōlloa ‘musong oa Roma. Ba mo qosa ka hore o hana ho tsoa Jesu eo, ba tiisang hore, O iphahamisitse, o loantšana le Sesare. Ba bolella ka mantsoe a bohale hore tšusumetso e ferekanyang ea Jesu, e tsebahala hohle kahar’a naha. Ba re “O hlohleletsa sechaba ka ho ruta Judea eohle, ho tloha Galelea ho fihlela koano.”EN 486.4

    Pilato ka nako ena, o ne a se na mohopolo oa ho tsoa Jesu. A tseba hore Bajuda ba Mo qositse ka lebaka la lehloeo le litšekamelo. Ka tōka Jesu O ne A tlameha ho lōkōlloa. Empa ha a ka hana ho nehelana ka Jesu ma- tsohong a sechaba, mofere-fere o ka tsoha. Eitse ha a utloa hore Jesu O tsoa Galelea, a rera ho Mo rōmela ho Heroda, ‘musi oa sebaka seo, eo ka nako eo, a neng a le Jerusalema. Ka ketso ena, Pilato o ne a hopola ho rōlela boikarabelo ho Heroda. Hape, a hopola hore hona ke monyetla o motle oa ho felisa qabang ea khale lipakeng tsa hae le Heroda. ‘Me ha e-ba joalo, Bo-’maseterata bana ba babeli ba fetoha metsoalle qosong ea Mopholosi.EN 486.5

    Kahar’a mahlapa a sehlopha seo, Jesu A potlakisetsoa ho Heroda. “Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu...O ne a utloile tsa hae, ‘me a tsepile ho bona mohlolo a etsoang ke eena.” Heroda enoa ke eena eo matsoho a hae a khenathetseng mali a Johanne Mokolobetsi. Heroda ha a qala ho utloa ka Jesu, o ile a otloa ke letsoalo, ‘me a re, “Ke Johanne...o tsohile bafung.” Leha ho le joalo o ne a lakatsa ho bona Jesu. Joale ho ne ho na le monyetla oa ho pholosa bophelo ba moporofeta enoa, ‘me morena a tšepa hore a ka tlosetsa ruri kelellong ea hae, setšoantšo sa hlooho eane e mali eo a neng a e tlisetsoe ka mokeke. Hape a lakatsa ho kholisa cheseho ea hae, ‘me a nahana hore ha Kreste A ka fuoa tšepiso ea hore O tla lōkōlloa, A ka etsa eng kapa eng eo ha ka thoeng A e etse.EN 487.1

    Hoba Mopholosi A kene, baprista le baholo ba hlahisa liqoso tsa bona ka potlako le mofere-fere. Empa Heroda a laela hore ho khutsoe. A laela hore mahlaahela a Kreste a lōkōlloe, ebile a se a ntse a qosa lira tsa Hae ka ho Mo hlōkōfatsa. Eena, joaleka Pilato, o ne a ikhotsofalitse hore Kreste O ne A qosoa ka lehloeo le mona.EN 487.2

    Heroda a botsa Kreste lipotso ka mekhoa e mengata, empa Mopholosi A thola nyele. Ka taelo ea morena, ha tlisoa ba holofetseng le lihlotsa, ‘me Kreste A laeloa hore A pake seo A ipolelang A le sona, ka ho etsa mohlolo. Jesu A se ke A arabela, ‘me Heroda a tsoela pele a re: Re etsetse pontšo ea hore O na le matla ana ao O boleloang ka ‘ona. Empa Mora oa Molimo o ne a nkile sebōpeho sa motho, ‘me A lokela hore A etse joaleka motho maemong a joalo a litaba. Ka lebaka lena, O ne A ke ke A phetha mohlolo ho ipholosa bohlōkōng le nyelisong, tseo motho a lokelang ho li jara boemong bo joalo.EN 487.3

    Heroda a tšepisa Kreste hore ha A ka etsa mohlolo, A ka lōkōlloa. Baqosi ba Kreste ba tšoaroa ke tšabo, hore e se be joale A ka etsa mohlolo. Ketsahalo e joalo e ka bolaea merero ea bona, ‘me mohlomong le bona ba ka lahleheloa ke maphelo a bona. Ba phahamisa mantsoe, baprista le babusi ba re, ke lehlaba-phieo, ke monyefoli; O sebetsa mehlolo ea Hae ka matla a morena oa bademona.EN 487.4

    Heroda joale o ne a se a shoa letsoalo, ho sa tšoane le ha a ne a thothomela ke letsoalo ha Herodiase a ne a kōpile hlooho ea Johanne Mokolobetsi. Kelello ea hae ea botho e ne e ntse e senyeha ho tsoela pele, ka lebaka la bophelo ba hae ba boitsoaro bo bobe. O ne a bile a ithorisa ka kahlōlo eo a e etselitseng Johanne, ha a ne a leka ho mo khalemela. ‘Me joale o ne a tšosa Jesu, a Mo tsebisa hore o na le matla a ho Mo tsoa. Empa Jesu A se ke A fana ka pontšo ea hore O utloile letho.EN 488.1

    Heroda a khopisoa ke ho thola hona. Ho ne ho bontša eka ke ho iphapanyetsa matla a hae. A boela a etsa litšoso tse bohale ho Jesu, Eena A sala A sa sisinyehe, A khutsitse.EN 488.2

    Thomo ea Kreste e ne e se ho tla khotsofatsa licheseho tsa mafeela. Hoja lentsoe leo A neng A ka le bua, le ne le tla phekola meea e tšoeroeng ke sebe, A ka be A sa th5la. Empa O ne A hloka mantsoe ho ba hatakelang ‘nete ka maoto a bona a litšila. Heroda o ne a lahlile ‘nete eo a neng a e boleletsoe ke moporofeta e moholo, ‘me ho ne ho se molaetsa oo a ka hlōlang a o amohela. Morena oa leholimo O ne A hloka lentsoe bakeng sa Hae. Molomo oa Hae oa koalloa morena oa moikhōhōmōsi, ea neng a sa ikutloe a hloka Mopholosi.EN 488.3

    Sefahleho sa Heroda sa ntšofala ka bohale. A bolela ka bohale hore Jesu ke mothetsi. ‘Me ho Kreste a re, Haeba ha U fane ka bopaki ba seo U ipolelang U le sona, ke tla U nehela matsohong a masole le sechaba. Haeba U mothetsi, lefu lea U lokela, haeba U Mora oa Molimo, ipholose ka ho etsa mohlolo.EN 488.4

    Hang hoba mantsoe ana a buuoe, sehlopha sa fofela phofu ea sona, joaleka libatana tse hlaha. Jesu A hulanyetsoa koana le koana, Heroda le eena a kenella sehlopheng, ho leka ho nyelisa Mora oa Molimo. Hoja masole a Roma a se ke a namola, Mopholosi A ka be A tamollotsoe litsekana.EN 488.5

    “Eare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyelise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahalihali.” Masole a Roma a soma le ‘ona. Sohle seo masole ao a senyehileng, ‘moho le bahlomphehi ba Bajuda ba neng ba ka se hlohlelletsa, sa bokelloa holim’a Mopholosi. Empa mamello ea Hae ha ea ka ea fela.EN 488.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents