Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Bang Ba Thōthōmela Pel’a Jesu

    Empa ho na le ba bang ba neng ba thōthōmela pel’a Kreste. Ba bang ba neng ba tlile ho tla soma, ba khutla ba tšaba ba khutsitse. Heroda o ne a ikutloa a le molato. Mahlaseli a ho qetela a khanya ea mohau a ne a chabetse pelong ea hae e thatafalitsoeng ke sebe. Bomolimo bo ne bo chabetse kahare ho botho. Heroda a utloa hore joale o shebile Molimo teroneng ea Hae. Leha a ne a thatafetse joalo, ha a ka a leka ho tiisa tsuo ea Kreste. A khutlisetsa Jesu lekhotleng la Roma.EN 489.1

    Pilato a sareloa ha Bajuda ba khutla le motšoaruoa oa bona. A ba hopotsa hore o ne a se a ile a hlahloba Jesu, ‘me a fumana ho se molato ho Eena. Ba ile ba hlōloa ho tiisa qoso leha e le ‘ngoe. ‘Me Heroda, e le e mong oa habo bona, le eena ha a fumana letho ho Eena le lōkelang lefu. “Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nt’o mo lokolla.”EN 489.2

    Mona Pilato a bontša bofokoli ba hae. Jesu O ne A se na molato, empa a ikutloa a lokela ho sokahanya tōka, e le ho khotsofatsa baqosi ba Hae. Hona ha mo beha tlokotsing. Sehlopha sa itšoarella ka ho hloka botsitso ha hae. Hoja qalong Pilato o ile a tiea, a hana ho tsoa motho eo a fumaneng a hloka molato, a ka be a khaotse mahlaahlela a bolaeang, a neng a tla mo tantela ka masoabi a bohlōkō bophelo ba hae bohle. Kreste A ka be A bolailoe, empa molato o ka be o se holim’a Pilato. Empa Pilato o ile a tsoela pele ho hatakela letsoalo la hae, ‘me joale a iphumana a se a hloka thuso matsohong a baprista le babusi.EN 489.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents