Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tumellano E Isang Tsenyehong

    Ha Pilato a ne a fana ka Jesu hore A shapuoe, o ne a tšepile hore sehlopha se tla re kotlo eo e lekane. Empa Bajuda ba bona ka hlokolosi bofokoli ba hore ho ahlōloe motho ea phatlalalitsoeng a hloka molato. Ba ikemisetsa hore Jesu A ke ke A lōkōlloa.EN 492.1

    Pilato joale a rōmella hore ho tlisoe Barabase ka khotla, batšoaruoa ba babeli bana, ba ema ba bapile. Ha a supa Mopholosi a re, “Motho oa lōna ke eo!” Mora oa Molimo O ne A eme moo, A hlobotse ho fihla thekeng, mokokotlong oa Hae ho bonahala meupo e melelele e keleketlang mali. Sefahleho sa Hae se ne se na le matheba, ebile se bontša ho opeloa, empa se bonahala se le setle le ho feta pele. Tsobotsi e ‘ngoe le e ‘ngoe e ne e bontša kutloelobohlōkō e kholohali ho lira tsa Hae tse khopo. Mekhoeng ea Hae, ho ne ho na le matla le boitlhompho tsa mamello e telele.EN 492.2

    Phapang e kholo ea bonahala ho motšoaruoa ea pel’a Hae. Tsobotsi e ‘ngoe le e ‘ngoe ea Barabase, e ne e ‘molela hore ke sesinyi se thata. Phapang ena e ne e itlhalosa ho e mong le e mong ea ba shebileng. Ba bang ha ba sheba ho Jesu ba lla, lipelo tsa bona tsa tlala ho hlomoha. Baprista le babusi ba kholoa hore O fela A le joalokaha A ne A ipolela.EN 492.3

    Masole a Roma a neng a potapotile Kreste, a ne a sa thatafala ‘ohle. Ba sheba Ea utloisoang bohlōkō Oa leholimo, ka kutloelo-bohlōkō, ‘me boinehelo ba Hae bo khutsitseng ba hatisoa likelellong tsa bona. Pono eo e ne e ke ke ea hlakoha ho fihlela ba ka Mo amohela e le Kreste, kapa ba ikhethela tsela ea bona ka ho Mo latola.EN 492.4

    Pilato o ne a sa belaele hore ponahalo ea Motho eo, ha A bapisoa le Barabase, e tla sisinya Bajuda hore ba be le mohau. Empa o ne a sa utloisise lehloeo le ferekaneng la baprista. Baprista, babusi le sechaba ba boela ba totisa haholo, ba re, “Mo thakhise, mo thakhise!” Qetellong, Pilato a lahleheloa ke mamello eohle, ka ho nyahama a re, “Mo nkeng e le lona, le mo thakhise, hobane ‘na ha ke fumane molato ho eena!”EN 492.5

    ‘Musisi enoa oa Roma, leha a ne a tloaetse lipono tse sehloho, o ile a kenoa ke mohau bakeng sa motšoaruoa eo ea mahlomoleng. Empa baprista ba re, “Re na le molao, ‘me ho ea ka molao eka khona a shoe, kahobane o ikentse Mora oa Molimo.”EN 492.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents