Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 78—JESU A SHOA SEFAPANONG

    [Khaolo ena e itšetlehile ka Matheu 27:31-53; Mareka 15:2038; Luka 23:26-46; Johanne 19:16-30.]

    Ha ba fihlile sebakeng se bitsoang Lehata, ba mo thakhisa teng le lisenyi tseo, se seng ka ho le letona, se seng ka ho le letšehali.”EN 496.1

    Litaba tsa ho tsuoa ha Kreste tsa phatlalla, ‘me batho ba mefuta le maemo ‘ohle ba bōkana ho ea sebakeng sa thakhiso. Baprista le babusi ba ne ba tlanngoe ke tšepiso ea hore ba ke ke ba hlekefetsa balateli ba Kreste, haeba Eena ka sebele A ka neheloa ho bona, ‘me barutuoa le balumeli ba kena mokhuping.EN 496.2

    Sefapano se neng se lōkisetsoe Barabase sa jarisoa Jesu, holim’a mahetla a tsoang mali. Metsoalle ea Barabase e ‘meli le eona e ne e il’o bolaoa ka nako eo, ‘me le bona ba jarisoa lifapano. Ho tloha ka selallo sa Paseka le barutuoa ba Hae, Jesu O ne A e-s’o je leha e le ho noa letho. O ne A isitsoe ho Hannase, ho Kaiafa, ho Pilato, ho Heroda, A ntano busetsoa ho Pilato. Bosiu boo bohle ho ne ho ile ha e-ba ketsahalo kamora’ ketsahalo, ho leka moea oa motho ho ea sehlohlolong. Kreste ha A ka A hlōleha. A itšoara ka seriti. Empa eitse hoba A shapuoe la bobeli, A jarisoe sefapano, matla a botho a sitoa ho tiisetsa. A oela fatše, A akheha ka tlas’a moroalo.EN 496.3

    Sehlopha sa hloka mohau. Ba Mo hlōkōfatsa hobane A sitoa ho jara sefapano se boima. A boela A jarisoa moroalo oo, ‘me A boela A oela. Bahlorisi ba Hae ba bona hore ho thata hore A ka jara moroalo oa hae ho ea pele. Ke mang ea neng a tla jara moroalo o tlontlollang oo? Bajuda ba ne ba ke ke, hobane boitšilafatso boo bo ne bo tla ba sitisa ho bōlōka Paseka.EN 496.4

    Ka nako eona eo, motho oa motsamai, e leng Simone oa Sirene, a teana le sehlopha sena a tsoa masimong. A ema a makaletse pono ena, ‘me a bontša khauho. Ba mo tšoara, ba mo jarisa sefapano mahetleng.EN 497.1

    Bara ba Simone e ne e le balumeli ba Mopholosi, empa eena ka sebele e ne e se molumeli. Ho jara sefapano ho ea Golgotha, ea e-ba lehlohonolo ho Simone. Ha mo khannela hore a nke sefapano sa Kreste ka boikhethelo, ‘me kamehla a jara moroalo oo ka thabo.EN 497.2

    Basali ba seng ba kae ba ne ba le teng sehlopheng se latelang Ea lokileng ho ea lefung la Hae le khopo. Ba bang ke ba neng ba kile ba Mo isetsa bakuli ba bona le ba mahlomoleng. Ba bang e ne e le ba kileng ba folisoa ka bo bona. Ba ne ba hlōletsoe ke lehloeo la sehlopha seo ho Eena. Ba sitoa ho mamella mantsoe a baprista le babusi, eitse ha Jesu A oela le sefapano, basali bana ba bokolla. Hona ha fihla tlhokomelong ea Kreste. A tseba hore ha ba Mo llele e le Morōmuoa oa Molimo, empa A se ke A nyelisa khauho ea bona. Hona ha tsosa ka ho Eena khauho e tebileng e eang ho bona. A re, “Barali ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lōna.” Kreste O ne A shebetse pele, nakong eo ho tla senngoa Jerusalema, ha ba bangata ba Mo llelang joale ba tla shoa le bana ba bona.EN 497.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents