Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mahlomola A ‘Mè Oa Kreste

    Ha ba le sebakeng sa polao, masholu a mabeli a ne a itamolla matsohong a ba ba thakhisang; empa Jesu ha A ka A etsa tšitiso ea letho. ‘M’a Jesu, a tlatsitsoe ke Johanne, a latela mehatong ea Mora oa hae ho ea sefapanong. O ne a lakalitse ho tšehetsa hlooho ea Hae e maqeba ka letsoho. Empa a se ke a lumelloa ka tōkelo ena e llisang. O ne a ntse a na le tšepo ea hore Jesu O tla itōkōlla lireng tsa Hae. Pelo ea hae ea boela ea nyahama, ha a hopola hore O ile A li bolela pele liketsahalo tsena tse neng li phethahala joale.EN 498.1

    Ha masholu a tlamelloa sefapanong, o ne a shebile ka letsoalo le tetemang. Na Eo ea faneng ka bophelo ho ba shoeleng, O tla itlohella hore A thakhisoe? Na e be o lokela ho lahla tumelo ea hore ke Mesia? A bona matsoho a Hae a otlolotsoe sefapanong; ha tlisoa hamore le lipekere, ‘me eitse ha li kenngoa nameng ea Hae e bonolo, barutuoa ba tsoa ho balehela pono eo e khopo, ba kakasitse ‘M’a Jesu a akhehile.EN 498.2

    Mopholosi A se ke A hlahisa pelaelo ea letho, empa marotholi a maholo a mofufutso a ne a thuntse phatleng ea Hae. Ho ne ho se letsoho le mohau ho hlakola phoka ea lefu sefahlehong sa Hae, ho se mantsoe a kutloelobohlōkō le tšepo ho tiisa pelo ea Hae ea botho. Ha masole a ntse a phetha mosebetsi oa bona o tšosang, Jesu A rapela A re, “Ntate, ba tšoarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Kelello ea Hae ea tloha mahlomoleng a Hae, ea fetela phetetsong e kholo e tla ba tlela. Ha ho thohako e nehiloeng masole a neng a Mo hlekefetsa hampe hakaalo, ha ho boiphetetso bo entsoeng ho baprista le babusi. A mpa A etsa kōpō ea tšoarelo “ha ba tsebe seo ba se etsang.”EN 498.3

    Empa ho se tsebe ha bona, ho ne ho sa hlakole molato oa bona, hobane ba ne ba na le monyetla oa ho tseba le ho amohela Mopholosi. Ba bang ba ne ba tla bona sebe sa bona, ba bake, ‘me ba sokolohe. Ba bang ka ho hloka pako, ba ne ba tla sitisa hore thapelo ea Kreste e arabeloe molemong oa bona. Leha ho le joalo, sepheo sa Molimo se ne se fihlela phethahalo ea sona. Jesu O ne A amohela tōkelo ea ho ba ‘muelli oa motho kapele ho Ntate.EN 499.1

    Thapelo eo ea Kreste, bakeng sa lira tsa Hae, e akaretsa moetsalibe e mong le e mong ho tloha qalehong ea lefatše, ho isa qetellong ea nako. Molato oa thakhiso ea Mora oa Molimo o lutse holim’a bohle. Tšoarelo e fanoe feela ho bohle.EN 499.2

    Hang hoba Jesu A thakhisoe sefapanong, se ile sa phahamisoa ke banna ba matla, ‘me ba se phamola ka matla, ho se kenya moo se lōkiselitsoeng teng. Hona ba baka bohlōkō bo tšabehang. Eaba Pilato o ngola lengolo ka seheberu, segerike le selatine, ‘me a le beha sefapanong holim’a hlooho ea Jesu. Le ngoliloe tjena, “JESU OA NASARETHA, KHOSI EA BAJUDA.” Hona ha khopisa Bajuda. Ba hoeletsa ba re, “Ha re na khosi haese Sesare.” Empa Pilato o ne a ngotse seo ba neng ba se hlalositse. Ho ne ho sa boleloa tlolo ea molao, haese hore Jesu ke Morena oa Bajuda, e le phatlalatso e tiileng ea boikokobetso ba Bajuda tlas’a Roma. E ne e hlalosa hore mang kapa mang ea ka ipolelang e le Morena oa Iseraele, o tla ahlōloa ke bona a lōkela lefu. E le hore ba timetse Kreste, baprista ba ne ba ikemiselitse ho lahleheloa le ka bochaba ba bona.EN 499.3

    Baprista ba kōpa Pilato hore a fetole lengolo leo. “Se ngole ‘Khosi ea Bajuda’, empa ngola hore: ‘O itse ke ‘na khosi ea Bajuda’.” Empa Pilato o ne a ikhalefetse ka boeena, ‘me a araba hasesane a re, “Seo ke se ngotseng, ke se ngotse.”EN 499.4

    Ka tataiso ea Molimo, lengolo leo le ne le tla tsosa patlisiso ea Mangolo. Batho ba hlahang linaheng tsohle ba ne ba le Jerusalema nakong eo, ‘me ne ba tla hlokomela lengolo leo le bolelang hore Jesu ke Mesia. Le ne le ngotsoe ke letsoho leo Molimo A le tataisitseng.EN 499.5

    Ka mahlomola a Kreste sefapanong, boporofeta ba phethoa. “Sehlopha sa linokoane se ntikanetse, tsena li ntlepotse maoto le matsoho...Ba arolelana liparo tsa ka, ba laola aparo saka ka lōtho.” Pesalema 22:17-19. Liaparo tsa Hae li ile tsa neoa masole. Kōbo ea Hae e ne e lohiloe e se na moroko, ‘me ba re, “A re se keng ra e tabola, empa a re e laoleng ka lōtho, re tle re tsebe hore na e tla ba ea mang.”EN 499.6

    Boporofeteng bo bong Mopholosi O itse, “Ke ne ke lebeletse kutloelo-bohlōkō, empa ha kea ka ka e fumana; ka batla batšelisi, ka se ke ka ba fumana. Bakeng sa lijo ba ‘neile leshokhoa, ha ke nyoriloe ba ‘nea asene.” Pesalema 69:21,22. Ba neng ba shoa ka lefu la sefapano, ho ne ho lumeletsoe hore ba fuoe moriana o thethefatsang ho bolaea bohlōkō. Empa Jesu eitse hoba A o latsoe, A o hana. Tumelo ea Hae e tšoanela ho itšoareletsa ho Molimo, Eena feela matla a Hae. Ho thethefatsa kelello ea Hae, ho ne ho tla fa Satane monyetla.EN 500.1

    Baprista, babusi le bangoli, ba tlatsana le sechaba ho soma Mopholosi ea shoang. Lentsoe la Ntate, le tsoang leholimong, ho paka bo-Molimo ba Kreste, le ne le khutsitse. Ha ho bopaki bo Mo emelang, bo ileng ba utloahala. A hlomolisoa A le mong.EN 500.2

    Ba re, “Haeba u le Mora oa Molimo, theoha sefapanong!” “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokhethoa oa Molimo, a ipholose!” Satane le mangeloi a hae, ba ne ba le teng sefapanong, ka sebōpeho sa botho, ba tlatsane le baprista le babusi, ba kopane ka bohale bo hlanyang ba bosatane.EN 500.3

    Jesu A utloa baprista ba re, “O pholositse ba bang, empa eena o sitoa ho ipholosa! Kreste, khosi ea Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong joale, e le hore re bone, ‘me re lumele!” Kreste O ne Aka theoha sefapanong. Empa kahobane ha A ka ba A ipholosa, moetsalibe o na le tšepo ea tšoarelo le mohau ho Molimo.EN 500.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents