Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Boima Bo Tsabehang Boo Kreste A Bo Jereng

    Kreste e le Eena moemeli le tiiso ea rōna, A jarisoa bokhopo ba rōna bohle. Molato oa litloholo tsohle tsa Adama o ne o hateletse holim’a pelo ea Hae. Bophelong ba Hae bohle, Kreste O ne A phatlalatsa litaba tse molemo tsa lerato la Ntate le tšoarelang, empa joale boima bo tšabehang ba molato bo Mo hatile, A sitoa ho bona sefahleho sa Ntate se boelanyang. Hona ha hlaba pelo ea Hae ka masoabi a ke keng a lekanngoa ke motho. Mahlomola a Hae a ne a le maholo hoo le bohlōkō bo ‘meleng A neng A sa bo utloe.EN 503.2

    Satane a sisinya pelo ea Jesu ka liteko tse bohale. Tšepo ea e-ba sieo a supang hore O tla tsoa lebitleng A hlōtse, kapa e bolelang hore Ntate oa Mo amohela. Kreste A utloa bohlōkō boo moetsalibe a tla bo utloa, ha ho se ho se mohau o buellang molōko o molato. Ho robileng pelo ea Mora oa Molimo, ke kutloisiso ea sebe, se tlisang bohale ba Ntate holim’a Hae e le moemeli oa motho.EN 503.3

    Makhotla a leholimo a ikhurumetsa lifahleho, a ipatela pono eo e tšosang. Letsatsi la hana ho sheba pono eo e tšabehang. Mahlaseli a lona a ne a chabetse lefatšeng hantle, e le motšehare o moholo, empa hang-hang la tšireha. Lefifi le letšo la aparela sefapano. “Lefifi la aparela naha eohle ho fihlela ka hora ea boraro motšeare oa mantsiboea.” Ho ne ho se lebaka la tlhaho le bakileng lefifi leo, le neng le tebile joaleka khitla ea bosiu, ho se khoeli kapa linaleli. E ne e le bopaki ba mohlolo bo fanoeng ke Molimo, hore tumelo ea melōko e tlang e tle e tiisoe.EN 503.4

    Boteng ba Molimo bo ne bo patiloe lefifing leo le boima. Molimo le mangeloi a halalelang ba ne ba le pel’a sefapano. Ntate O ne A na le Mora oa Hae. Empa boteng ba Hae ba se ke ba senoloa. Nakong eo e tšabehang, Kreste O ne A sa lokela ho tšelisoa ka boteng ba Ntate.EN 504.1

    Ka lefifi le letšo le leholo, Molimo A khurumetsa ma-hlomola a ho qetela a botho, a Mora oa Hae. Bohle ba ileng ba bona Kreste mahlomoleng a Hae, ba ile ba kholiseha ke bo-Molimo ba Hae. Linakong tse telele tsa mahlomola, O ne A shebeletsoe ke bongata bo nyelisang. Joale O ne A patiloe ka mohau ke seaparo sa Molimo.EN 504.2

    Tsabo e sa boleloeng ea tšoara sehlopha se bokaneng pel’a sefapano. Mahlapa le linyeliso tsa khaotsa. Mahalima a fokolang a ne a hlaha marung ka nakoana, ‘me a bonahatse Molopoli ea thakhisitsoeng. Baprista le babusi, baahloli le sechaba, kaofela ba nahana hore nako ea bona ea phetetso e se e fihlile. Ba bang ba seba hore joale Jesu O tla theoha sefapanong.EN 504.3

    Ka hora ea borobong lefifi la apoha bathong, empa la sala le apesitse Mopholosi. Ha ho leihlo le neng le ka phunyeletsa masoabi a tebileng, a neng a apesitse moea oa Kreste o mahlomoleng. Joale “Jesu o meketsa ka lentsoe le phahameng, o re: ‘Eloi, Eloi, lama sabakthani?’ e leng ho re: ‘Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng na?”‘ Ba bangata ba re: Phetetso ea leholimo e holim’a Hae, hobane O ipoletse e le Mora oa Molimo! Ba bang ba neng ba lumetse ho Eena, ba utloa sello sa Hae sa tsieleho. Ba felloa ke tšepo. Haeba Molimo A lahlile Jesu, balateli ba Hae ba ka tsepa eng?EN 504.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents