Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Monyetla Oa Ho Qetela Oa Ho Bontša Kutloelo-bohlōkō Ea Botho

    Ha lefifi le apoha, Kreste A boela A utloa mahlomola a ‘mele, ‘me A re, “Ke nyoriloe.” E mong oa masole a Roma, a tlala khauho, a nka semonyametsi a se tlatsa asene, a Mo neheletsa. Baprista bona ba phoqa mahlomola a Hae. Mantsoe a Hae a reng, “Eloi, Eloi, lama sabakthani?” a tolokoa hampe. Ba re, “O bitsa Elia.” Ba hana monyetla oa ho qetela oa ho imolla mahlomola a Hae. Ba re, “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo pholosa.”EN 505.1

    Mora oa Molimo ea se nang sekoli A leketla sefapanong, ‘mele oa Hae o tabotsoe ke ho shapuoa, matsoho a Hae a thakhisitsoe lithupeng, maoto a Hae a khokhotheletsoe sefateng, hlooho ea Hae ea borena e hlabiloe ka meutloa. Tsena tsohle A li mamella -bohlōkō bo neng bo sohloka sebōpeho sa Hae, le mahlomola a sa boleloeng a neng a tletse moeeng oa Hae, ka hobane Ntate oa Hae A ne A patile sefahleho sa Hae -tsena tsohle li bua le ngoana e mong le e mong oa motho, li phatlalatsa hore, ka lebaka la hau Mora oa Molimo O lumela ho jara moroalo oona oa molato; ka lebaka le hau O senya ‘muso oa lefu; ka lebaka la hau O bula likhoro tsa Paradeisi; ka lebaka la hau O ikentse sehlabelo -li tsoa leratong li tla ho uena.EN 505.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents