Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Leshano La Satane “Le Lecha”

    Joale Satane o eteletse pele taba ea hore ho khetheha ha molao oo Molimo A o buileng ka lentsoe la Hae ho beheletsoe ka thōko. Ha ho hlokahale hore a loantše melao kaofela; ha a ka khelosa batho hore ba hompholle molao o le mong, morero oa hae o tla be o phethahetse. “Ha motho a bōlōka molao oohle, haese feela ntlha e le ‘ngoe eo a e tlolang, o molato oa ho tlola molao kaofela.” Jakobo 2:10. Ka ho lumela ho roba molao o le mong, batho ba oela matleng a Satane. Boporofeta bo bolela ka mokoenehi e moholo oa ‘musi moemeli oa Satane: “E tla bua ka boikakaso ho Ea Holimo-limo, e hlorise bahalaleli ba Ea Holimo-limo. E tla leka ho fetola linako tsa selemo le melao. Ho tla neelanoa ka bahalaleli matsohong a eona.” Daniele 7:25. Batho ba tla etsa melao e sa lumellaneng le molao oa Molimo, ‘me ha ba habile hore melao ea bona e amohelehe, ba tla tlatlapa batho ba bang.EN 511.2

    Ntoa e loantšang Molimo e tla tsoela pele ho isa qetellong ea nako. Bohle ba tla biletsoa ho khetha pakeng tsa Molao oa Molimo le melao ea batho. Ho tla ba le lihlopha tse peli. Semelo se seng le se seng se tla phethahala. Bohle ba tla bontša hore na ba khethile lehlakore la botsepehi kapa la bokoenehi.EN 511.3

    Ebe bofelo bo a fihla. Molimo O tla tōtōbatsa molao oa Hae, ‘me A lopolle batho ba Hae. Satane le bohle ba mo latetseng bokoenehing ba tla khaoloa. Sebe le baetsalibe ba tla timela motso le lekala. Sheba Malakia 4:1.EN 511.4

    Hona ha se ketso ea ho hloka molao ka lehlakoreng la Molimo. Ba lahlang mohau oa Hae, ba tla kotulo seo ba se jetseng. Molimo ke seliba sa bophelo, ‘me ha motho a ikhethela sebe, o ikhaola bophelong ka boeena. Kreste O re, “Bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.” Maele 8:36. Molimo O ba neha ho phela nako e itseng, hore ba tle ba bope limelo tsa bona ‘me ba hlahise melao ea bona. Hona ha ho phethiloe, ba amohela litholoana tsa boikhethelo ba bona. Satane le bohle ba ikopanyang le eena, ba ipeha hole le kopano le Molimo, hoo boteng ba Hae eo e leng lerato, bo tla ba timetsa.EN 511.5

    Qalehong ea toantšano eo e kholo, mangeloi a ne a sa utloisise hona. Hoja Satane le lebotho la hae ba hla ba timetsoa, ho ne ho tla sala khoao likelellong tsa ‘ona, ea hore na ebe Molimo O lōkile, ‘me e ne e tla ba peo ea bokhopo e tla tsoala litholoana tse bolaeang tsa sebe.EN 512.1

    Empa ha ho na ho ba joalo ha toantšano e kholo e felile. Ka nako eo, ha morero oa topollo o phethiloe, semelo sa Molimo se tla senoleloa libōpuoa tsohle. Melao ea molao oa Hae e tla bonoa e phethahetse ebile e sa fetoha. Sebe se bonahalitse sebōpeho se sona, le Satane sebōpeho sa hae. Pheliso ea sebe e tla totobatsa lerato la Molimo ‘me e tiise tlōtla ea Hae kapele ho lefatše lohle.EN 512.2

    Hase feela, mangeloi a lokelang ho thaba ha ba shebile sefapano sa Mopholosi: hoba le hoja ba ne ba sa utloisise tsohle ka nako eo, ba ne ba tseba hore pheliso ea Satane e phethahetse, ‘me topollo ea motho e tiisetsoe, joale lefatše le maholimo li tsitsitse ka ho sa feleng.EN 512.3

    Kreste ka boeena O ne A shebile pele litholoaneng tsena tsohle, tsa sehlabelo sa Hae, ha etlare ha A le sefapanong A hoeletse A re, “Ho phethiloe!”EN 512.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents