Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Fumana Thuso Moo Ba Sa Lebellang

    Josefa o ile a ea ka sebete ho Pilato, ‘me a mo kōpa hore a mo lokollele sctōpō sa Jesu. Pilato o ne a qala ho utloa hore Jesu O shoele. Ho ne ho reriloe hore a pateloe lefu la Jesu. Ha a utloa kōpo ea Josefa, o ile a bitsa lesole le neng le lcbetse, sefapanong, ‘me a le botsa ka tsohle tse ileng tsa etsahala, ho tiisa litaba tsa Josefa.EN 516.3

    Josefa o ile a tla ka taclo ea Pilato ka setōpō sa Jesu, ‘me Nikodema eena o ile a tla a nkile linoko tsa mira tse theko e thata, tsa boima ba liponto tse lekholo, ho Mo tlotsa. Har’a bohle ba hlomphehang Jerusalema ha ho ea kileng a etsctsoa hlonepho e kaalo lefung la hae. Barutuoa ba ile ba hlolloa haholo.EN 516.4

    Josefa le Nikodema ba ne ba sa ka ba amohela Mopholosi pepeneneng, Ha a sa ntse A phela. Bohato bo joalo, bo ka be bo entse hore ba ntšuoe lekhotleng, ‘me ba ne ba lakatsa ho Mo sirelctsa ka tšusumetso ea bona lekhotleng. Empa baprista ba ile ba nyopisa merero ea bona. Eitse ha ba le sieo, Jesu A ahlōloa. Joale Josefa le Nikodema ba ne ba se ba bontša phatlalatsa likamano tsa bona le Eena. Ba ile ba tla ka sebete, ho tla thusa barutuoa bao ba batho.EN 516.5

    Ba ile ba tlosa setōpō sa Jesu sefapanong, ka bonolo le ka ho bontša boikokobetso. Likhapha tsa kutloelobohlōkō li ile tsa keleketla marameng ha ba talima ‘mele oa Hae O tletseng matetetso le maqeba. Josefa o ne a e-na le lebitla le lecha, le chekiloeng lefikeng, leo a neng a icheketse lona. Empa le ne le le pel’a Gologotha, ‘me o ile a le lokisetsa Jesu. ‘Me barutuoa ba bararo ba ile ba otlolla maoto a Hae a kokobaneng, ‘me ba phutha matsoho a Hae sefubeng. Ba ile ba koala lebitla ka lejoe le boima, ‘me ba siea Mopholosi phomolong ea Hae.EN 517.1

    Ha meriti ea mantsiboea e thea, Maria oa Magadala le bo-Maria ba bang, ba ile ba ema moo, moo Morena oa bona A neng A phomotse teng, ba itšela ka likhapha tsa masoabi. “Ba khutla...’me ba phomola ka Sabatha ho ea ka Molao.” Luka 23:56.EN 517.2

    Sabatha eo e ne e le e kekeng ea lebaloa ke barutuoa, baprista babusi, bangoli le sechaba. Letsatsi la Paseka le ile la ketekeloa joaloka mehleng, empa Eo mokete ona o neng o le sebakeng sa Hae, O ne A robetse ka lebitleng la Josefa. Makhotla a tempele a ne a tletse ba tiileng ho rapela. Moprista e moholo o ne a le teng, ka liaparo tse khanyang. Baprista ba ile ba tsoela pele ho etsa litšebeletso.EN 517.3

    Empa ba bang ho ba bokaneng moo, ba ne ba sena khotso, ka mali ao a lipholo le lipoli a neng a tšolleloa sebe. Ba ne ba sa elelloe hore seo tsebeletso tsena li neng li se supa se se se fetile, le hore sehlabelo se sa feleng se ne se se se hlabetsoe libe tsa lefatše. Lekhetlong lena, maikutlo a batho ba tiileng Pasekeng a ne a loebehlana ho feta kamoo ho kileng ha eba kateng pele. Lintho tsohle li ne li bonahala li etsahala ka mokhoa o sa tloaelehang. Ka sehalalelisisong, ho ne ho sa kenoe, ho sa bonoe, empa joale, lesela le koahetseng le tabohile ho tloha holimo ho isa tlase, ‘me mahlo ‘ohle a ne a bona ka hare. Sebaka sena se ne se se se tsuoe ke Morena. Baprista ba ne ba tšohile hore kotsi e kholo e tla etsahala, ha sehalalelisiso se koaholotsoe.EN 517.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents