Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Bangata Ba Ithuta Bibele

    Ho tloha nakong ea thakhiso ho isa ho ea tsoho, batho ba bangata ba ile ba batlisisa boporofeta, ba bang e le ka sepheo sa ho fumana bopaki ba hore Jesu e ne e le moikhakanyi, ha ba bang ba ne ba batla ka sepheo sa ho fumana bopaki ba hore efela E ne e le Mesia. Le hoja sepheo sa bona sa ho batla se ne se sa tšoane, bohle ba ile ba fihlela ‘nete e tšoanang ea hore boporofeta bo phethahetse. Eo ea thakhisitsoeng, E ne E le Mopholosi oa lefatše. Ba bangata ba ile ba khaotsa ho kena litšebeletsong tsa Paseka. Ba bangata, ‘moho le baprista, ba ile ba batlisisa boporofeta, ‘me kamora’ tsoho ea Hae, ba ile ba Mo amohela e le Mora oa Molimo.EN 518.1

    Nikodema o ile a hopola mantsoe a neng a buuoe ke Jesu bosiu thabeng ea mehloare A reng, ‘’Joalokaha Moshe a ne a phahamise nōha feelleng, eka khona Mor’a Motho a phahamisoe joalo, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a be le bophelo bo sa feleng.” Johanne 3:14,15. Moelelo oa mantsoe ana ao Jesu A neng A a bue ho eena, o ne o se o sa ipata. O ile a elelloa hore o lahlehetsoe ke lintho tse ngata ka ho se ikamahanye le Mopholosi ha A sa phela. Pelo ea setho sena sa lekhotla se rutehileng, e ile ea nahana ka thapelo eo Kreste A ileng A e etsetsa babolai ba Hae, le ka karabo ea Hae ho lesholu le neng le e-shoa. Molumo oa mantsoe A Hae a ho qetela a reng, “Ho phethehile,” a neng a buuoa joaloka a motho ea hlotseng, o ne o ntse a utloahala litsebeng tsa Hae. Tumelo ea hae e ile ea tiea. Ketsahalo ena e ileng ea felisa tšepo ea barutuoa, e ile ea kholisa Josefa le Nikodema hore Jesu ke Molimo.EN 518.2

    Kreste ha A le ka lebitleng, O ile A hohela matšoele A mangata ho feta ha A sa ntse A phela. Batho ba ile ba tlisa bakuli ba bona makhotleng a tempele. Ka hohle ho ne ho utloahala mohoo ona, “Re batla Kreste mofolisi!” Matsoho A Jesu a setsoalle, A neng A sa hane ho folisa, esita le balepera ba nyonychang, A ne A phuthiloe sefubeng sa Hae. Molomo o neng o ile oa arabela likōpo tsa bona ka hore, “kea rata, hloeka” (Matheu 8:3) o ne o se o thotse. Ba ile ba mo batla ka sepheo, le ka ho qophella. Empa ba tebeloa mabaleng a tempele, me masole a laeloa hore a thibele matšoele ana ‘moho le bakuli le ba shoang, hore ba se ke ba kena.EN 518.3

    Ba matšoenyehong ba ile ba soaba haholo. Ba kulang ba ne ba e-shoa, hobane Jesu ea folisang O ne A le sieo. Ba ile ba batleloa lingaka, empa thuso e ne e le sieo; hobane ho ne ho se ea nang le tsebo e tšoanang le ea Eo ea robetseng lebitleng la Josefa.EN 519.1

    Ho ile ha fihla likelellong tsa likete tsa batho hore leseli le tlohile lefatšeng. Ka ntle ho Kreste, lefatše le ne le tletse lefifi. Ba bangata ba neng ba ile ba hoeletsa ba re, “A thakhisoe, A thakhisoe,” joale ba elelloa kotsi e ba hlahetseng.EN 519.2

    Batho ha ba utloa hore baprista ba bolaile Jesu, ba ile ba etsa lipatlisiso. Lintlha tsa kahlōlo ea Hae li ile tsa patoa, empa litlaleho tsa bokhopo ba baprista le babusi, li ile tsa potoloha hohle. Banna ba bohlale ba ile ba tla ho baprista le babusi, ba batla tlhaloso ea boporofeta bo buang ka Mesia. Likarabong tsa bona ba ile ba leka ho qapa mashano, empa ba bonahala eka ba lahlehetsoe ke likelello. Ba ne ba sitoa ho hlalosa boporofeta bo neng bo supa ho hlōkofatsoa le ho shoa ha Kreste.EN 519.3

    Baprista ba ne ba tseba hore batho ba a ba nyatsa. Le bao ba neng ba ba susumelitse hore ba be khahlanong le Jesu, ba ne ba tšohile ha ba hopola mosebetsi oo oa bona o lihlong. Baprista bana ba ne ba tšohile hore Kreste ka bo-Eena O tla tsoha bafung, ‘me A hlahe ka pel’a bona. Ba ile ba hopola ha A re, “Qhaqhang tempele ena, ‘me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” Johanne 2:19. Judase o ne a ile a ba bolella mantsoe a ileng a buuoa ke Jesu leetong la Hae la ho qetela la ho ea Jerusalema: “Mor’a motho o tla neeloa matsohong a baprista ba baholo le Litsei tsa Molao. Ba tla mo ahlōlela lefu, ba neelane ka eena ho balichaba...ba mo thakhise sefapanong, a nt’o tsoha ka letsatsi la boraro.” Matheu 20:18,19. Ba ile ba lemoha hore tsohle tse lekantsoeng ke Kreste, li phethahetse. Ke mang ea neng a ka bolela hore na polelo ee, eona e ke ke ea etsahala?EN 519.4

    Ba ne ba lakatsa ho iphapanyetsa mehopolo ena, empa ba ne ba sitoa. Setšoantso sa Kreste Ha A ipotlile A sa belaele, ka pel’a lira tsa Hae, se ne se sa tsoe ka likelellong tsa bona. Ba ne ba hopola ha A ne a utloisoa bohlōkō, A sonngoa, A etsuoa hampe, empa A sa belaele. Ba ile ba kholoa ka matla hore E ne E le Mora oa Molimo. Ba ile ba hopola hore ba ka ‘na ba ‘Mona neng kapa neng, A eme ka pel’a bona, Eena moqosuoa, A se A fetohile moqosi, Eena ea bolailoeng, A tlile ho iphetetsa babolaing Ba Hae.EN 519.5

    Ba ne ba ke ke ba hata lebaleng la molichaba, hobane ba ne ba tšaba ho silafala. Empa, ka Sabatha ba ile ba tšoara seboka ho buisana ka setōpō sa Kreste. “Baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato ba re: ‘Morena, re hopotse hore mothetsi eane ha a sa phela, o ile a re: “Ke tla tsoha kamora’ matsatsi a mararo.” Ka baka leo, ak’u laele hore lelbitla le lebeloe ka thata ho fihlela letsatsi la boraro, esere mohlomong barutuoa ba hae ba tla mo utsoa, ‘me ba re ho sechaba: “O tsohile bafung!” Leshano lena la morao le tla ba lebe ho feta la pele.’ Pilato a re ho bona: ‘Nkang balebeli, le e’o lebela ka thata joalokaha le tseba.’” Matheu 27:62-65.EN 520.1

    Baprista ba ile ba laela hore lebitla le lebeloe. Monyako oa lona o ne o koetsoe ka lejoe le leholo. Ba ile ba tlamella lejoe lena ka likhoele tse nang le letšoao la Roma. Molaoli oa masole a lekholo o ile a beoa ho lebela lebitla leo, ho thibela hore le se ke la tšoengoa. Jesu O ne A tlamelletsoe ka thata lebitleng la Hae, joaloka ha eka O ne A loketse ho lula kamoo, ka mengoaha eohle.EN 520.2

    Empa liteko tsohle tsa ho thibela Kreste ho tsoha ke tsona tse ileng tsa fana ka bopaki bo matla hore O fela A tsohile. Ka lebaka la masole a mangata a neng a lebetse lebitla, ho ile ha eba le bopaki bo matla ba hore O tsohile. Libetsa tsa Baroma li ne li hloka matla a ho koalla Morena oa Bophelo ka har’a lebitla. Nako ea ho lokolloa ha Hae e ne e atametse.EN 520.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents