Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 85—LEBŌPONG LA LEOATLE HANG HAPE

    [E itšetlehile ka Johanne 21:1-22.]

    Jesu O ne A khethile ho kopana le barutuoa ba Hae Galelea. Ha barutuoa ba ne ba ka ba sieo Jerusalema vekeng ea Paseka, ketso eo e ne e tla nkoa e le ho ikarola le bokhelohi. Empa erekaha Paseka e ne e fetile ba ile ba ea hae ka thabo ho ea kopana le Mopholosi joalekaha A ne A laetse.EN 539.1

    Barutuoa ba supileng ba ne ba tšoana. E ne ele mafutsana linthong tsa lefatše lena empa e le barui tsebong ea ‘nete. Ba ne ba ile ba rutoa ka lilemo tse tharo ke moruti e moholo ho feta bohle ba kileng ba e-ba teng lefatseng. Ba ne ba hlalefile, ba ntlafetse, e le lisebelisuoa tseo ka tsona batho ba neng ba tla tseba ‘nete.EN 539.2

    Barutuoa ba ne ba phuthehile sebakeng seo ho neng ho se bonolo hore ba ka ‘na ba khathatsoa. Haufi le bona ho ne ho le lebōpo la leoatle lane la hore batho ba likete tse leshome ba fepuoe ka lingoathoana le litlhapi tse fokolang. Sebakana le bona, e ne e le motse oa Kapernauma oo ho ona ho neng ho entsoe mehlolo e mengata.EN 539.3

    Petrose ka hobane a ne a ntse a ithatela likepe le ho tšoasa litlhapi, a etsa tlhahiso ea hore ba ke ba ee leoatleng, ba lahlele matlooa a bona teng. Ba ne ba hloka lijo le liaparo, ‘me ha ba ne ba ka atleha ho tšoasa litlhapi, bohloki ba bona bo ne bo tla fela. Ba ile ba tsoa ho ea leoatleng empa ba sebetsa bosiu bohle ba sa fumane letho. Ba qetile lihora tseo tsa mokhathala ba ntse ba buisana ka Mong’a bona ea sieo. Ba ne ba ipotsa hore na bokamoso ba bona bo tla ba joang; ba nyahama ha ba nahana ka tse tlang.EN 539.4

    Qetellong bosiu ba e-sa. Seketsoana se ne se sa le holenyana le lebōpo ha barutuoa ba bona motho eo ba sa mo tsebeng a erne lebopong. Motho enoa o ile a ba botsa potso a re: ‘“Bana ba ka, na le na le tlhapi?’ Ba mo araba, ba re: ‘che.’ A re ho bona: ‘Akhelang letlōoa lehlakoreng le letōna la sekepe, ‘me le tla tšoasa.’ Eaba baa le akhela, ‘me ba sitoa ho le hula ka baka la bongata ba litlhapi.”EN 540.1

    Johanne a tseba moeti enoa ‘me a hōeletsa Petrose a re, “Ke Morena.” Petrose a thaba hoo a ileng a ikakhela ka har’a metsi ‘me a ema pel’a Mong’a hae. Barutuoa ba bang ba fihla ka seketsoana sa bona, ba hula letlōoa le tšetseng litlhapi. “Joale ha ba e-tsoa ka sekepeng ba fihla lebopong, ba bona mollo oa mashala, le tlhapi e besitsoeng holim’a oona, le bohobe.”EN 540.2

    “Jesu a re ho bona: ‘Tlisang tse ling tsa litlhapi tseo le tsoa li tšoasa.’” Petrose a potlakela letlooeng leo a neng a ile a le nyahlatsa, ‘me a thusa ho le hulela lebopong. Kamora’ mosebetsi ona, Jesu A ba arolela lijo, A tsejoa, A ba A pakoa ke bohle ba supileng. Empa ba ne ba aparetsoe ke tšabo ea mohlolo, eaba ba talima Mopholosi ea tsohileng bafung ba khutsitse.EN 540.3

    Ba ile ba hopola hantle mohla ba neng ba le pel’a leoatle ‘me Jesu A ba bitsa hore ba Mo latele. O ne A ile A re ba siee liketsoana tsa bona tsa litlhapi, ‘me A ba tšepisa hore O tla ba etsa batšoasi ba batho. Joale Jesu O boela A etsa mohlolo ona e le ho ba hopotsa liketsahalo tseo tsa mohla A ba bitsang le ho etsa hore ba e nahane ka botebo, ‘me A nchafatse thōmo ho barutuoa ba Hae. Lefu la Mong’a bona le ne le sa nyehlisa tlameho ea bona ea ho phetha mosebetsi oo A ba romileng ho o etsa. Lehoja ba ne ba lahlehetsoe ke mesebetsi ea bona ea pele ea boipheliso, Mopholosi ea tsohileng O ne A tla ba fumantša seo ba se hlokang. Ha feela ba ne ba ka sebetsa ba ipapisitse le Eena ba ne ba keke ba hloleha.EN 540.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents