Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kreste O Mo Bolella Mokhoa Oo A Tla Shoa Ka ‘Ona

    Pele Jesu A e-shoa, O ne A ile A re ho Petrose: “Moo ke eang teng u ke ke ua ntatela hajoale, feela u tla ntatela hamorao.” Petrose o ne a ile a araba tjena: “Morena, ke ka baka la’ng nke keng ka u latela hajoale? Ke tla u tella bophelo ba ka! Johanne 13:36,37. Empa eitse ha teko e fihla a hloloa. O fuoa monyetla o mong hape ho bontša lerato la hae ho Kreste. Mopholosi O ile A mo phetlela bokamoso ba hae ho mo matlafaletsa teko ea ho qetela ea tumelo ea hae. Kamorao ho bophelo bo tsoetseng ba bang molemo, ha a se a tsofetse, a feletsoe ke matla, o ne a tla latela Mong’a hae. Jesu A re: “‘Ha u ne u sa le mocha u ne u ikapesa, u tsamaea moo u ratang teng, empa ha u se u tsofetse, u tla otlolla matsoho a hao, ‘me e mong o tla u apcsa, a u ise moo u sa rateng teng.’ O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Molimo ka lefu le joang.”EN 542.4

    Ho tjee, Jesu A porofeta hore Petrose o tla otlolla ma- tsoho sefapanong. A boela A laela morutuoa enoa oa Hae A re: “Ntatele!” Taba ena eo a e senoleloang ha ea ka ea tepeletsa Petrose. O ne a ikutloa a ikemiselitse ho shoa lefu la mofuta ofe kapa ofe, a le shoela Morena oa hae.EN 542.5

    Ho tla fihla mona, Petrose o ne a rata Kreste e le motho; joale o se a Mo rata e le Molimo. Joale o loketse ho nka karolo borōmuoeng ba ho ba sehlabelo le Morena oa hae. Qetellong ha a thakhisoa, o ile a kopa hore a thakhisoe a shebisitsoe tlase. A nka hore ekaba tlotla e kholo haholo ho utloisoa bohlōkō ka tsela e tšoanang le ea Mong’a hae.EN 543.1

    Ho tla fihla mona Petrose o ne a ile a leka ho etsa leano la mosebetsi oa Molimo bakeng sa hore a eme le ho latela leano la Molimo leo O le lokisitseng. Empa Jesu O ile A mo laela A re: “Ntatele.” Se ke oa nketella pele. Ntese ke u etelle pele ‘me u ke ke oa hloloa ke sera.EN 543.2

    Eare ha Petrose a ntse a tsamaea lehlakoreng la Jesu, a elelloa hore Johanne o ba latetse. A lakatsa ho tseba bokamoso ba Johanne, “a re ho Jesu: ‘Morena, eo o tla fella kae?’ Jesu a re ho eena: ‘Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke khutla, u tšoenngoa ke’ng? uena, ntatele.” Petrose o ne a lokela hore ebe o ile a elelloa hore Morena oa hae o ne a ka mo senolela sohle seo a neng a loketse ho se tseba, se molemo ho eena. Jesu O ne A sa tiise hore Johanne o tla phela ho fihlela Morena A etla khetlo la bobeli, ha A ne A re: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke khutla, u tšoenngoa ke’ng?” empa leha e ne e-ba ke thato ea Kreste hore ho etsahale joalo, hona ho ne ho ke ke ha ama mosebetsi oa Petrose ka letho. Se neng se hlokoa ho bona ka bobeli ke ho mamela.EN 543.3

    Ba bangata hakae kajeno ba lakatsang ho tseba hore na ho tla etsahala joang ka ba bang le mosebetsi oa bona empa ba tlohetse oa bona! Ke mosebetsi oa rōna ho sheba ho Kreste le ho Mo latela. Ha re Mo talima re tla fetoha.EN 543.4

    Johanne o ile a phela ho fihlela tšenyeho ea Jerusalema ‘moho le ea tempele -eleng letšoao la tšenyeho ea ho qetela ea lefatše. A latela Morena oa hae haufinyane ho fihlela matsatsi a hae a ho qetela. Petrose o ne a khutliselitsoe litulong tsa hae tsa boapostola, empa tlōtla eo a neng a e fumane ho Kreste, e ne e sa mo bea hore a phahamele ba bang. Kreste O ile a totobatsa ntlha ena ha A ne A araba potso ea Petrose, e reng, “Morena, eo o tla fella kae?” O ne A ile A re “u tšenngoa ke’ng? Uena, ntatele!” Petrose ha a ka a fuoa hlompho ea ho ba hlooho ea kereke. O ile a ba le tšusumetso e kholo kerekeng empa thuto eo Kreste A neng A mo rutile eona lebōpong la leoatle la Galelea e ile ea lula ka kelellong ea Petrose bophelo ba hae bohle.EN 543.5

    Ha a ngolla likereke, Petrose o itse “ke khothatsa baholo ba leng teng har’a lona, ‘na ke le e mong oa bona, ke bile ke le paki ea mahlōkō a Kreste,...Alosang mohlape oa Molimo...le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape oa lōna. Etlare mohla Molisa oa balisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho oa tlōtla, o sa senyeheng. EN 544.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents