Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 86—E-EANG LE RUTE LICHABA TSOHLE

    [E itšetlehile ka Matheu 28:16-20.]

    Ha ho setse mohato o le mong feela A fihla teroneng ea Hae ea leholimo, Kreste A fana thōmo ena: “Ke neiloe matla ‘ohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le lichaba tsohle.” “E-eang ka lefatšeng lohle, le phatlalletse libōpuoa tsohle molaetsa o molemo.” Mareka 16:15. Mantsoe ana a ile a phetoa makhetlo-khetlo hore barutuoa ba utloisise bohlokoa ba ona. Leseli la leholimo le ne le lokela ho chabela baahi bohle ba lefatše ka ho hlaka.EN 545.1

    Thomo ena e ne e ile ea fuoa ba leshome le metso e ‘meli, phapusing e kaholimo, ‘me joale e ne e lokela ho fuoa batho ba bangata. Balumeli bohle ba neng ba ka bitsoa ho ba ‘moho ba ne ba bokane kaholim’a thaba Galelea. Lengeloi le neng le le lebitleng, le ile la hopotsa barutuoa tšepiso ea Hae ea hore O tla kopana le bona Galelea. Tsepiso ena e ile ea phetoa hape ho balumeli Jerusalema, vekeng ea Paseka, ‘me bona ba ile ba e fetisetsa ho batho ba bang ba bangata ba neng ba ntse ba le bofifing ba Morena oa bona. Bohle ba ne ba lebelletse kopano ena ka cheseho e kholo. Ba ile ba tla, ba hlaha ka likhoro tsohle, ba ipotsa lipotso ka pelong.EN 545.2

    Ka nako e baliloeng, batho ba ka bang makholo a mahlano ba phutheha ka lihlotšoana pel’a thaba, ba chesehella ho ithuta sohle se ka fumanoang ho ba ‘nileng ba bona Kreste ho tloha esale A tsoha bafung. Barutuoa ba ile ba ea sehlopheng ka seng ba ba phetela tsohle tseo ba li boneng le tseo ba le utloileng ka Jesu ‘me ba paka ka Mangolo joalokaha A ile A etsa ho bona. EN 545.3

    Hang-hang Jesu A ema har’a bona. Ho ne ho se ea ka bolelang hore na O tlile joang A hlaha hokae. Ba bangata ba ne ba qala ho ‘Mona, empa ba ile ba bona ka matsohong le maotong a Hae mabote a ho thakhisoa; ‘me eitse ha ba ‘mona ba Mo khumamela.EN 546.1

    Empa ba bang ba belaela. Ho tla ‘ne ho be joalo kamehla. Ho na le ba bang ba fumanang ho le thata ho lumela me ebe ba ipeha lehlakoreng la babelaeli. Ba lahleheloa haholo ka baka la ho hloka tumelo.EN 546.2

    Ena e bile eona feela kopano eo Jesu A ileng A ba le eona, le balumeli ba bangata kamorao ho tsoho ea Hae. Ba ile ba thabisoa ke ho utloa mantsoe a Hae, a neng a e-tsoa melomong e neng e ile ea koaloa ke lefu. ‘Me joale A phatlalatsa hore O neiloe “matla ‘ohle.” Likelello tsa ba neng ba Mo utloa li ile tsa phahamisetsoa holimo-limo, ba leka ho utloisisa bokhabane le tlotla ea Hae.EN 546.3

    Mantsoe a Kreste e ne e le tsebiso ea hore sehlabelo sa Hae se etselitsoeng motho se lekane ‘me se phethahetse. Mosebetsi oo A neng A o tletse lefatseng o ne o phethiloe. O ne A le tseleng e eang teroneng ea Molimo. O ne A se A kene mosebetsing oa Hae oa ho ba ‘Muelli. Matleng ana a senang moeli ao A a apesitsoeng A fana ka taelo ena, “E-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla eohle ho isa bofelong ba lefatše.” Matheu 28:19,20. O ile A rōma barutuoa ba Hae ho phatlalatsa tumelo e neng e sa tl’o khetholla sehlopha se itseng sa batho, kapa naha e itseng, tumelo e ipapisitseng le batho bohle, lichaba tsohle, le lihlopha tsohle tsa batho.EN 546.4

    Kreste O ile A totobatsa sebōpeho sa ‘Muso oa Hae. Sepheo sa Hae e ne e le ho haha ‘muso oa moea, e seng hore Eena A lule teroneng ea Davida ‘me A buse e le morena hona teng. O ile A re, Lea bona hore tsohle tseo ke le senoletseng tsona malebana le ho se amoheloe ha ka ke le Mesia ho etsahetse. Tsohle tseo ke li boletseng tsa hore ke tla feta har’a masoabi, le mokhoa oo Ke tla shoa ka ‘ona li netefalitsoe. Ke ile ka tsoha hape ka letsatsi la boraro. Linthong tsena tsohle, boporofeta bo phethehile.EN 546.5

    Kreste O ile A rōma barutuoa ba Hae ho etsa mosebetsi oo A neng A O siile matsohong a bona, ho qala ka Jerusalema. Jerusalema ke hona moo Kreste A ileng A bontša ho itheolela tlase ho makatsang molemong oa batho. Ke ba seng bakae feela ba ileng ba elelloa kamoo leholimo le ileng la theohela haufi le lefatše kateng, ha Jesu A le har’a batho. Jerusalema ke moo mosebetsi oa barutuoa o ne o lokela ho qala teng.EN 546.6

    Barutuoa ba ka be ba ile ba kōpa ho sebetsa moo mosebetsi oa bona o neng o tla atleha, empa ha ba ka ba etsa kōpo e joalo. Kreste O ne A hasitse peo ea ‘nete, ‘me peo ena e ne e tla hlahisa kotulo e kholo. Batho ba pele ba neng ba lokela ho hauheloa e ne e le babolai ba Mopholosi.EN 547.1

    Batho ba bangata Jerusalema, ba ne ba lumetse ho Jesu ka lekunutu, hape ba bangata ba ne ba thetsitsoe ke baprista le babusi. Ba ne ba lokela ho biletsoa pakong. Nakong ena eo Jerusalema eohle e neng e sisintsoe ke litaba tse monate tse etsahetseng livekeng tse fokolang tse fetileng, thuto ea evangeli e ne e tla kena ka botebo likelellong tsa batho.EN 547.2

    Empa mosebetsi o ne o sa tšoanela ho khaotsa moo. O ne o tšoanetse ho fihla le libakeng tse potelletseng tsa lefatše. Ho barutuoa ba Hae Kreste O ile A re, lehoja Iseraele e hanne ho nkamohela, joalekaha mangolo a ne a boletse pele, ba tla boela ba fumana monyetla o mong hape oa ho amohela Mora oa Molimo. Ho lona barutuoa ba Ka, Ke siea molaetsa ona oa mohau. O tšoanetse ho fuoa Iseraele pele, ‘me joale o fuoa lichaba tsohle, maleme le batho. Bohle ba lumelang ba tšoanela ho bokelloa kerekeng e le ‘ngoe.EN 547.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents